“Baahi ba Nakoana” Lefatšeng le Khopo
“Baahi ba Nakoana” Lefatšeng le Khopo
“Ka tumelo bana kaofela ba ile ba . . . phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo.”—BAHEB. 11:13.
1. Jesu o ile a re’ng ka balateli ba hae mabapi le lefatše?
JESU o ile a re barutuoa ba hae “ba lefatšeng.” Empa o ile a re: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Joh. 17:11, 14) Kahoo, Jesu o ile a bontša ka ho hlaka kamoo balateli ba hae ba ’nete ba lokelang ho ikutloa kateng ka “tsamaiso ena ea lintho,” eo molimo oa eona e leng Satane. (2 Bakor. 4:4) Le hoja ba lula lefatšeng lena le khopo, e ne e ke ke ea e-ba karolo ea lona. E ne e tla ba “bajaki le baahi ba nakoana” tsamaisong ena.—1 Pet. 2:11.
Ba Ile ba Lula e le “Baahi ba Nakoana”
2, 3. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Enoke, Noe, Abrahama le Sara ba ile ba lula e le “basele le baahi ba nakoana”?
2 Ho tloha mehleng ea pele, bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ile ba iponahatsa e le ba fapaneng le batho ba lefatšeng le se nang bomolimo leo ba neng ba lula ho lona. Pele ho Moroallo, Enoke le Noe ba ile ba “tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Gen. 5:22-24; 6:9) Bobeli ba bona e ne e le baboleli ba sebete ba likahlolo tsa Jehova khahlanong le lefatše le khopo la Satane. (Bala 2 Petrose 2:5; Juda 14, 15.) Kaha Enoke le Noe ba ile ba tsamaea le Molimo lefatšeng le se nang bomolimo, Enoke o ile a ‘khahlisa Molimo’ ’me Noe eena “o ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae.”—Baheb. 11:5; Gen. 6:9.
3 Ha Molimo a ne a kōpa Abrahama le Sara hore ba tlohe Ure ea Bakalde, ba ile ba tela bophelo bo mabotho-botho ba motseng oo ’me ba ikemisetsa ho lula e le bo-hloma-u-hlomole naheng esele. (Gen. 11:27, 28; 12:1) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka tumelo Abrahama, ha a bitsoa, o ile a mamela ka hore a tsoe ho ea kena sebakeng seo a neng a reretsoe ho se amohela e le lefa; o ile a tsoa, le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e-ea teng. Ka tumelo o ile a lula e le mojaki naheng ea tšepiso joaloka naheng esele, ’me a lula litenteng le Isaka le Jakobo, majalefa le eena a tšepiso eona eo e tšoanang.” (Baheb. 11:8, 9) Mabapi le bahlanka bao ba tšepahalang ba Jehova, Pauluse o ile a re: “Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa, le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso, empa ba ile ba li bonela hōle ’me ba li amohela ’me ba bolela phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo.”—Baheb. 11:13.
Baiseraele Baa Lemosoa
4. Jehova o ile a fa Baiseraele temoso efe pele a ba fa naha?
4 Litloholo tsa Abrahama, e leng Baiseraele, li ile tsa ngatafala ’me qetellong tsa hlophisoa hore e be sechaba se nang le melao le naha. (Gen. 48:4; Deut. 6:1) Sechaba sa Iseraele se ne se sa lokela ho lebala hore Jehova ke eena eo ha e le hantle e leng Mong’a naha ea bona. (Lev. 25:23) Ba ne ba ka tšoantšoa le bahiri ba tlamehang ho mamela litaelo tsa Mong’a ntlo. Ho phaella moo, ba ne ba lokela ho hopola hore “motho ha a phele ka bohobe feela”; ba ne ba sa lokela ho lumella maruo hore a ba lebatse Jehova. (Deut. 8:1-3) Pele Jehova a fa Baiseraele naha, o ile a ba lemosa a re: “Etlare ha Jehova Molimo oa hao a u tlisa naheng eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla u fa eona, metse e meholo le e metle eo u sa kang ua e haha, le matlo a tletseng lintho tsohle tse ntle ao u sa kang ua a tlatsa ka tsona, le liliba tse chekiloeng tseo u sa kang ua li cheka, lirapa tsa morara le lifate tsa mohloaare tseo u sa kang ua li lema, ’me u jele u khotše, u itebele hore u se ke ua lebala Jehova.”—Deut. 6:10-12.
5. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lahla Baiseraele, hona ke sechaba sefe se secha seo a ileng a se amohela?
5 Ho ne ho utloahala hore ba lemosoe ka tsela eo. Mehleng ea Nehemia, sehlopha sa Balevi se ile sa hopola ka masoabi se ileng sa etsahala ka mor’a hore Baiseraele ba hape Naha e Tšepisitsoeng. Ka mor’a hore sechaba sa Iseraele se lule matlong a mabotho-botho le ho ba le lijo tse ngata le veine, se ile sa “qala ho ja le ho khora le ho nona.” Se ile sa fetohela Molimo sa ba sa bolaea baprofeta bao a neng a ba rometse ho tla se lemosa. Kahoo, Jehova o ile a nehelana ka bona lireng tsa bona. (Bala Nehemia 9:25-27; Hos. 13:6-9) Hamorao, Bajuda ba se nang tumelo ba neng ba le tlas’a puso ea Baroma, ba ile ba ba ba bolaea Mesia ea tšepisitsoeng! Jehova o ile a ba lahla ’me a amohela sechaba se secha, e leng Iseraele ea moea.—Mat. 21:43; Lik. 7:51, 52; Bagal. 6:16.
“Ha le Karolo ea Lefatše”
6, 7. (a) Hlalosa seo Jesu a ileng a se bua ka hore na boemo ba balateli ba hae e lokela ho ba bofe mabapi le lefatše. (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba ne ba sa lokela ho ba karolo ea tsamaiso ea Satane?
6 Joalokaha ho bontšitsoe pejana sehloohong sena, Hlooho ea phutheho ea Bokreste, e leng Jesu Kreste, o ile a hlakisa hore balateli ba hae e ne e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše, e leng tsamaiso e khopo ea Satane. Nakoana pele Jesu a shoa, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.”—Joh. 15:19.
7 Ha Bokreste bo ntse bo ata, na Bakreste ba ne ba tla amohela tsela eo lefatše le etsang lintho ka eona ’me e be karolo ea lona? Che. Ho 1 Pet. 1:1; 2:11, 12.
sa tsotellehe hore na ba ne ba lula hokae, ba ne ba lokela ho fapana le tsamaiso ea Satane. Lilemo tse 30 ka mor’a lefu la Kreste, moapostola Petrose o ile a ngolla Bakreste ba neng ba lula likarolong tse fapa-fapaneng tsa Roma, a re: “Baratuoa, kea le eletsa joaloka bajaki le baahi ba nakoana hore le ’ne le ile litakatso tsa nama, tsona tse tsoelang pele ho loantšana le moea. Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba.”—8. Rahistori e mong o ile a bontša joang hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e ne e se karolo ea lefatše?
8 Ha a ne a tiisa hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba etsa lintho ka tsela e bontšang hore e ne e le “bajaki le baahi ba nakoana” ha ba ne ba le Roma, rahistori Kenneth Scott Latourette o ile a ngola a re: “Ke taba e tsebahalang hore lilemong tse qalang tse makholo a mararo, Bakreste ba ile ba thulana le mahloriso a sa khaotseng le a sehlōhō . . . Ba ne ba qosoa ka lintho tse sa tšoaneng. Ho ile ha thoe Bakreste ba latola boteng ba Molimo hobane ba ne ba hana ho kopanela meketeng ea bohetene. Kaha ba ne ba sa kopanele linthong tse ngata tse neng li etsoa ke batho ba bang—tse kang mekete ea bohetene, boithabiso boo ba neng ba nka hore bo tletse litumelo tsa bohetene, mekhoa ea bohetene le boitšoaro bo litšila—ba ne ba songoa ka hore ba hloile batho ba bang.”
Ho se Sebelise Lefatše ka Botlalo
9. Kaha re Bakreste ba ’nete, re bontša joang hore ha rea ‘hloea batho ba bang’?
9 Boemo bo joang kajeno? Mabapi le ‘tsamaiso ea joale e khopo ea lintho,’ re lokela ho ba le maikutlo a tšoanang le ao Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le ’ona. (Bagal. 1:4) Ka lebaka lena, batho ba bangata ha ba utloisise tsela eo re phelang ka eona ebile ba bang ba re hloile. Leha ho le joalo, ka sebele ha rea ‘hloea batho ba bang.’ Kaha re rata batho, re tsamaea ka ntlo le ntlo, re ikitlaelletsa ho bua le motho e mong le e mong ka ‘litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.’ (Mat. 22:39; 24:14) Re etsa sena hobane re kholisehile hore haufinyane ’Muso oa Jehova o tlas’a Kreste o tla felisa mebuso ea batho ba sa phethahalang, ’me e nkeloe sebaka ke tsamaiso e ncha e lokileng ea lintho.—Dan. 2:44; 2 Pet. 3:13.
10, 11. (a) Ke joang re sa sebeliseng lefatše ka botlalo? (b) Ke litsela life tse ling tseo Bakreste ba falimehileng ba qobang ho sebelisa lefatše ka botlalo ka tsona?
10 Kaha rea lemoha hore tsamaiso ena ea joale 1 Bakor. 7:29-31) Empa Bakreste ba mehleng ea kajeno ba sebelisa lefatše joang? Ba etsa sena ka ho sebelisa theknoloji ea morao-rao le mecha ea puisano ho phatlalatsa tsebo ea Bibele lefatšeng ka bophara ka lipuo tse makholo. Ba sebelisa lintho tseo ba li hlokang feela lefatšeng e le hore ba ka iphelisa. Ba reka lintho tseo ba li hlokang le ho lefella litšebeletso tseo lefatše le fanang ka tsona. Leha ho le joalo, ba boetse ba qoba ho sebelisa lefatše ka botlalo ka hore maruo a lefatše le mosebetsi oa boipheliso e se ke ea e-ba tsona tse tlang pele bophelong ba bona.—Bala 1 Timothea 6:9, 10.
ea lintho e haufi le ho fela, joaloka bahlanka ba Jehova rea hlokomela hore ena hase nako ea ho raha qhebelele lefatšeng lena le tl’o fela. Re sekehela tsebe mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Ke bolela sena, barab’eso, nako e setseng e fokotsehile. Ho tloha joale ho ea pele ba . . . rekang ba be joaloka ba se nang letho, le ba sebelisang lefatše ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo; etsoe boemo ba lefatše lena boa fetoha.” (11 Bakreste ba falimehileng ba qoba ho sebelisa lefatše ka botlalo mabapi le thuto e phahameng. Batho ba bangata lefatšeng lena ba nka thuto e phahameng e le ea bohlokoa haholo e le hore motho e be morui a be a tume. Empa rōna Bakreste re lula re le baahi ba nakoana ’me re hahamalla lipakane tse fapaneng. Re qoba ho “nahana ka lintho tse phahameng.” (Bar. 12:16; Jer. 45:5) Kaha re balateli ba Jesu, re mamela temoso ea hae e reng: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Ka lebaka leo, bacha ba Bakreste ba khothalletsoa ho hahamalla lipakane tsa moea, ho fumana feela thuto eo ba e hlokang bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa bona ha ba ntse ba itokisetsa ho sebeletsa Jehova ‘ka lipelo tsa bona tsohle le ka meea ea bona eohle le ka matla a bona ’ohle le ka likelello tsa bona tsohle.’ (Luka 10:27) Ka ho etsa joalo, ba ka “ruela ho Molimo.”—Luka 12:21; bala Matheu 6:19-21.
Qobang ho Imeloa ke Matšoenyeho a Bophelo
12, 13. Ho mamela ha rōna mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 6:31-33, ho re khetholla ho batho ba lefatše joang?
12 Boikutlo boo bahlanka ba Jehova ba nang le bona ka lintho tse bonahalang bo fapane le ba batho ba lefatše. Mabapi le sena, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mat. 6:31-33) Balumeli-’moho le rōna ba bangata ba iponetse ka mahlo hore Ntate oa rōna ea leholimong o ba fa lintho tseo ba li hlokang.
13 “E, borapeli ke leruo le leholo ho ea khotsofalletseng seo a nang le sona.” (1 Tim. 6:6, Bibele—Phetolelo e Ncha) Sena se fapane haholo le maikutlo a batho ba lefatšeng la kajeno. Ka mohlala, ha bacha ba kena lenyalong, ba bangata ba bona ba lebeletse ho ba le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang hang-hang—e leng ntlo kapa folete e nang le thepa ea theko e phahameng, koloi e ntle le lisebelisoa tsa morao-rao tsa elektronike. Leha ho le joalo, Bakreste bao e leng baahi ba nakoana baa itaea ’me ha ba reka lintho ba itekanya mesikaro. Ka sebele, hoa thabisa hore ba bangata ba tela mabothobotho a lintho tse bonahalang e le hore ba ka sebelisa nako e ngata le matla a eketsehileng bakeng sa ho sebeletsa Jehova e le baboleli ba ’Muso ba chesehang. Ba bang ba sebeletsa e le bopula-maliboho, basebeletsi ba Bethele, balebeli ba tsamaeang kapa e le baromuoa. Ruri kaofela ha rōna re ananela haholo tšebeletso eo barapeli-’moho le rōna ba e etsetsang Jehova ka lipelo tsohle!
14. Re ithuta’ng papisong ea Jesu ea mojali?
14 Papisong ea hae ea mojali, Jesu o ile a re Mat. 13:22) Ho khotsofalla ho lula re le baahi ba nakoana tsamaisong ena ea lintho ho tla re thusa hore re qobe ho tšoasoa ke leraba lena. Ho e-na le hoo, ho re thusa hore re boloke leihlo la rōna le ‘talimile nģa e le ’ngoe’ kapa le tsepame nthong e le ’ngoe, le shebile sebakeng se le seng e leng ’Musong oa Molimo le ho beha mesebetsi e amanang le ’Muso pele bophelong ba rōna.—Mat. 6:22.
“matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo” a ka bipetsa lentsoe la Molimo le ka lipelong tsa rōna ’me a etsa hore re fetohe ba sa beheng litholoana. (“Lefatše Lea Feta”
15. Ke mantsoe afe a moapostola Johanne a susumetsang boikutlo le boitšoaro ba Bakreste ba ’nete mabapi le lefatše la kajeno?
15 Lebaka la bohlokoa le etsang hore re le Bakreste ba ’nete re inke re le “bajaki le baahi ba nakoana” lefatšeng lena, ke hobane re kholisehile hore nako ea lona e lekane motinyane. (1 Pet. 2:11; 2 Pet. 3:7) Boikutlo bona bo susumetsa liqeto tseo re li etsang, lintho tseo re li labalabelang le lipakane tseo re ipehetseng tsona bophelong. Moapostola Johanne o ile a lemosa balumeli-’moho le eena hore ba se ke ba rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng hobane “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:15-17.
16. Re ka bontša joang hore re khethetsoe ho ba batho ba fapaneng?
16 Baiseraele ba ile ba bolelloa hore haeba ba mamela Jehova, ba ne ba tla fetoha “thepa ea [hae] e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle.” (Ex. 19:5) Ha Baiseraele ba ne ba tšepahala, borapeli ba bona le tsela eo ba neng ba phela ka eona e ne e fapana le ea lichaba tse ling. Ka ho tšoanang le kajeno, Jehova o ikhethetse batho ba fapaneng haholo le lefatše la Satane. Re bolelloa sena: “Hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše . . . phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho, ha re ntse re letetse tšepo e thabisang le ponahalo e khanyang ea Molimo e moholo le ea Mopholosi oa rōna, Kreste Jesu, ea ileng a inehela bakeng sa rōna e le hore a ka re lopolla tlōlong ea molao ea mofuta o mong le o mong le ho itlhoekisetsa sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae, se chesehelang mesebetsi e metle.” (Tit. 2:11-14) “Sechaba” sena se entsoe ka Bakreste ba tlotsitsoeng le “linku tse ling” tsa Jesu tse limilione, tse thusang le ho tšehetsa Bakreste ba tlotsitsoeng.—Joh. 10:16.
17. Ke hobane’ng ha batlotsuoa hammoho le metsoalle ea bona ho se mohla ba tla ikoahlaela hore ebe ba ile ba lula e le baahi ba nakoana lefatšeng lee le khopo?
17 “Tšepo e thabisang” eo batlotsuoa ba nang le eona ke ho busa le Kreste leholimong. (Tšen. 5:10) Ha tšepo ea linku tse ling ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e phethahala, e ke ke ea hlola e e-ba baahi ba nakoana lefatšeng le khopo. Ba tla ba le matlo a matle le matletsetletse a lijo le lino. (Pes. 37:10, 11; Esa. 25:6; 65:21, 22) Ho fapana le Baiseraele, le ka mohla ba ke ke ba lebala hore lintho tsena tsohle li tsoa ho Jehova, “Molimo oa lefatše lohle.” (Esa. 54:5) Batlotsuoa esita le linku tse ling ba ke ke ba ikoahlaela hore ebe ba ile ba lula e le baahi ba nakoana lefatšeng lena le khopo.
U ka Araba Joang?
• Ke ka tsela efe banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba ileng ba lula e le baahi ba nakoana?
• Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba itšoara joang mabapi le lefatše?
• Ke ka tsela efe Bakreste ba ’nete ba sebelisang lintho tseo ba li hlokang feela lefatšeng?
• Ke hobane’ng ha ho se mohla re tla ikoahlaela hore ebe re ile ra lula re le baahi ba nakoana lefatšeng lee le khopo?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba qoba boithabiso bo mabifi le ba boitšoaro bo litšila