Batho ba ka Thaba Leha ba Malapa a Bona e se Bakreste
Batho ba ka Thaba Leha ba Malapa a Bona e se Bakreste
“U tseba joang hore u ke ke ua pholosa [molekane] oa hao?”—1 BAKOR. 7:16.
NA U KA FUMANA LIKARABO?
Bakreste ba ka etsa’ng ho bōpa khotso haeba litho tsa lelapa e se Bakreste?
Mokreste a ka thusa litho tsa lelapa la hae tseo e seng Bakreste joang hore li amohele borapeli ba ’nete?
Batho ba bang ba ka etsa’ng ho thusa balumeli-’moho le bona bao litho tsa malapa a bona e seng Bakreste?
1. Haeba setho se seng sa lelapa se amohela molaetsa oa ’Muso seo se ka ama lelapa joang?
KA LEKHETLO le leng ha Jesu a ne a roma baapostola ba hae o ile a re: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’” (Mat. 10:1, 7) Litaba tsena tse molemo li ne li tla tlisetsa batho ba bontšang kananelo ea ’nete khotso le thabo ha ba li amohela. Leha ho le joalo, Jesu o ile a lemosa baapostola ba hae hore batho ba bangata ba ne ba tla hanyetsa mosebetsi oa bona oa ho bolela ka ’Muso. (Mat. 10:16-23) Khanyetso e bohloko haholo ke ea ha litho tsa lelapa la motho li hana molaetsa oa ’Muso.—Bala Matheu 10:34-36.
2. Ke hobane’ng ha ho ka khoneha hore re thabe le haeba litho tsa malapa a rōna e se Bakreste?
2 Na seo se bolela hore haeba litho tsa malapa a rōna e se Bakreste re ke ke ra thaba? Che ha ho joalo! Le hoja ka linako tse ling khanyetso ea lelapa e ka ba matla, hase kamehla ho leng joalo. Hape, ha ho bolele hore khanyetso ea lelapa e tla lula e le teng. Hangata ho itšetlehile ka hore na motho eo e leng molumeli o etsa’ng ha a hanyetsoa kapa ha batho ba iphapanyetsa molaetsa. Ho feta moo, Jehova o hlohonolofatsa batho ba tšepahalang ho eena, ’me o etsa hore ba thabe ho sa tsotellehe maemo a sa jeseng litheohelang ao ba leng ho ’ona. Balumeli ba ka eketsa thabo ea bona ka hore (1) ba loanele ho bōpa khotso ka lapeng le (2) ka hore ba etse boiteko bo tiileng ba hore ba thuse litho tsa malapa tseo e seng Bakreste hore li amohele borapeli ba ’nete.
LOANELA HO BŌPA KHOTSO KA LAPENG
3. Ke hobane’ng ha Mokreste eo litho tsa lelapa la hae e seng Bakreste a lokela ho loanela ho bōpa khotso?
3 E le hore peō ea ho loka e behe litholoana ka lapeng, ho hlokahala hore ho be le khotso. (Bala Jakobo 3:18.) Esita le haeba lelapa la Mokreste le e-s’o momahane borapeling bo hloekileng, Mokreste o lokela ho etsa boiteko bo tiileng ba ho loanela ho bōpa khotso ka lapeng. See se ka etsoa joang?
4. Bakreste ba ka etsa joang hore ba lule ba e-na le khutso?
4 Bakreste ba lokela ho lula ba e-na le khutso. Sena se hloka hore ba rapele ho tloha botebong ba pelo, e leng se ka etsang hore re be le “khotso ea Molimo” e ke keng ea bapisoa. (Bafil. 4:6, 7) Motho o ba le thabo le khotso ha a amohela tsebo ea Jehova ’me a sebelisa melao-motheo ea Mangolo bophelong ba hae. (Esa. 54:13) E le hore re thabe re be re be le khotso, re lokela ho ba le seabo libokeng tsa phutheho re be re etse mosebetsi oa boboleli ka cheseho. Ho ka khoneha hore Bakreste ba phelang malapeng ao litho tsa ’ona e seng Bakreste ba kenye letsoho ka tsela e itseng mesebetsing ea Bokreste. Ka mohlala, nahana ka Enza, * eo monna oa hae a mo hanyetsang ka mabifi. O etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa ka mor’a hore a phethe mesebetsi ea hae ea lelapa. Enza o re, “Lekhetlo le leng le le leng ha ke etsa boiteko ba ho bolella ba bang litaba tse molemo, Jehova o ntlhohonolofatsa haholo.” Litlhohonolofatso tse joalo li etsa hore motho a be le khotso, a khotsofale a be a thabe.
5. Ke bothata bofe boo hangata balumeli bao litho tsa malapa a bona e seng Bakreste ba thulanang le bona, ’me ba ka fumana thuso hokae?
5 Re lokela ho etsa boiteko bo matla ba ho bōpa khotso le litho tsa malapa a rōna tseo e seng balumeli. Sena se ka ’na sa e-ba boima hobane ka linako tse ling ba ka ’na ba batla hore re etse lintho tse khahlanong le melao-motheo ea Bibele. Litho tse ling tsa malapa a rōna tseo e seng balumeli li ka ’na tsa utloisoa bohloko ke ha re mamela Bibele ka botšepehi, empa ha re etsa joalo qetellong khotso e tla ba teng. Ke ’nete hore haeba motho a tsitlella maikutlong a hae le haeba ntho e se khahlanong le melao-motheo ea Mangolo seo se ka ’na sa baka khohlano e sa hlokahaleng. (Bala Liproverbia 16:7.) Ha motho a thulana le bothata, ke habohlokoa hore a batle keletso ea Mangolo ka hare ho lingoliloeng tsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene le ho baholo.—Liprov. 11:14.
6, 7. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba hanyetsa litho tsa malapa a bona tse qalang ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova? (b) Seithuti sa Bibele kapa motho eo eseng e le molumeli o lokela ho etsa’ng ha a hanyetsoa ke litho tsa lelapa?
6 E le hore ho be le khotso ka lapeng ho hlokahala hore motho a tšepe Jehova le hore a utloisise maikutlo a litho tsa lelapa la hae tseo e seng balumeli. (Liprov. 16:20) Esita le batho bao e leng hona ba qalang ho ithuta Bibele ba ka leka ho etsa sena. Banna kapa basali ba bang bao e seng balumeli ba ka ’na ba se ke ba e-ba khahlanong le hore balekane ba bona ba ithute Bibele. Ba ka ’na ba lumela hore seo se ka tsoela lelapa molemo. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba e-ba khahlanong le seo. Esther, eo hona joale e seng e le Paki, o re o ile a “halefa” ha monna oa hae a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O re, “Ke ne ke lahla libuka tsa hae kapa ke li chesa.” Howard, eo qalong a neng a le khahlanong le ha mosali oa hae a ithuta Bibele o re: “Banna ba bangata ba tšoha hore basali ba bona ba qhekelloa hore e-be litho tsa sehlotšoana sa bokhelohi. Monna a ka ’na a se ke a tseba hore na a etseng boemong bo joalo kahoo ebe o ba mabifi.”
7 Seithuti sa Bibele seo molekane oa sona a hanyetsang se lokela ho thusoa ho hlokomela hore ha sea lokela ho khaotsa ho ithuta Bibele. Hangata se ka khona ho rarolla bothata boo ka hore se be bonolo le hore se hlomphe molekane eo ea sa lumelang. (1 Pet. 3:15) Howard o re, “Kea thaba hore ebe mosali oa ka o ile a lula a khobile matšoafo le hore ha aa ka a phahamisa maikutlo!” Mosali oa hae o re: “Howard o ne a batla hore ke khaotse ho ithuta Bibele. O ne a re ke foqiloe mashano. Ho e-na le hore ke mo phehise khang, ke ile ka re e ka ’na eaba o nepile, empa ka mo bolella hore ha ke tsebe hore na ebe seo se ne se ka khoneha joang. Kahoo, ke ile ka mo kōpa hore a bale buka eo ke neng ke ithuta eona. O ile a e bala ’me o ne a sa hanane le seo e se buang. Sena se ile sa mo ama haholo.” Ke hantle ho hopola hore balekane bao e seng balumeli ba ka ’na ba ikutloa eka ba lahliloe kherehloa kapa ba bona eka manyalo a bona a kotsing ha balekane ba bona ba tloha lapeng ba il’o etsa mesebetsi ea Bokreste, empa ho ba tiisetsa ka lerato hore ba se ke ba tšoha letho ho ka ba thusa hore ba khobe matšoafo.
BA THUSE HORE BA AMOHELE BORAPELI BA ’NETE
8. Moapostola Pauluse o ile a fa Bakreste bao balekane ba bona e seng balumeli keletso efe?
8 Moapostola Pauluse o eletsa Bakreste hore ba se ke ba tlohela balekane ba bona hobane feela e se balumeli. * (Bala 1 Bakorinthe 7:12-16.) Ho hopola hore molekane eo e seng molumeli e ka ’na ea e-ba Mokreste ka letsatsi le leng ho ka ’na ha thusa molekane eo e leng molumeli hore a lule a thabile le hoja molekane oa hae e se Mokreste. Leha ho le joalo, Mokreste o lokela ho ba hlokolosi ha a leka ho bolella motho eo e seng molumeli molaetsa oa ’nete, joalokaha liphihlelo tse latelang li bontša.
9. Ha motho a bolella litho tsa lelapa tseo e seng balumeli ’nete ea Bibele ke ntho efe eo a lokelang ho e ela hloko?
9 Ha Jason a hopola hore na ha a ithuta ’nete ea Bibele o ile a etsa’ng, o re, “Ke ne ke batla ho e bolella motho e mong le e mong!” Ha seithuti sa Bibele se qala ho utloisisa hore seo se ithutang sona ka Mangolong ke ’nete, se ka ’na sa thaba hoo se ka batlang ho bua ka sona nako eohle. Se ka ’na sa lebella hore litho tsa lelapa tseo e seng balumeli li amohele molaetsa oa ’Muso hang-hang, empa ba bang ba ka ’na ba se ke ba amohela litaba tse molemo. Ebe cheseho ea Jason e ile ea ama mosali oa hae joang? O re, “Ke ne ke utloa hore ho lekane.” Mosali e mong ea ileng a amohela ’nete lilemo tse 18 ka mor’a hore monna oa hae a e amohele o re, “’Na ke ne ke batla ho ithuta butle.” Haeba hona joale u ithuta Bibele le motho eo molekane oa hae a sa batleng ho kopanela le eena borapeling ba ’nete, ekaba hantle hore u lule u thusa seithuti ho itlhakisetsa hore na se ka buisana le molekane oa sona joang ka masene. Moshe o ile a re: “Taeo ea ka e tla rotha joaloka pula, polelo ea ka e tla qhitsa joaloka phoka, joaloka pula e nang hasesaane holim’a joang.” (Deut. 32:2) Hangata marotholi a seng makae a ’nete a behiloeng sebakeng se nepahetseng a tla beha litholoana tse molemo ho feta ha motho a tšolleloa moroallo oa linnete.
10-12. (a) Ke keletso efe eo moapostola Petrose a ileng a e fa Bakreste bao balekane ba bona e seng balumeli? (b) Seithuti se seng sa Bibele se ile sa ithuta ho sebelisa keletso e tlalehiloeng ho 1 Petrose 3:1, 2 joang?
10 Moapostola Petrose o ile a fa basali ba 1 Pet. 3:1, 2) Mosali a ka ’na a hapa monna oa hae hore a amohele borapeli ba ’nete ka hore a ikokobeletse eena a be a mo hlomphe ka ho teba le haeba a mo tšoara hampe. Ka tsela e tšoanang, monna oa Mokreste o lokela ho itšoara ka tsela e bontšang hore o tšaba Molimo ’me e be hlooho ea lelapa e bontšang lerato ho sa tsotellehe khanyetso eo a ka ’nang a e fumana ho mosali oa hae eo e seng molumeli.—1 Pet. 3:7-9.
Bakreste bao balekane ba bona e seng Bakreste keletso e bululetsoeng. O ile a ngola a re: “Le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.” (11 Mehlala e mengata ea kajeno e bontša bohlokoa ba ho sebelisa keletso ea Petrose. Nahana ka mohlala oa Selma. Ha a ne a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, monna oa hae e leng, Steve, o ne a sa thabela seo. Steve o re, “Ke ile ka halefa, ka boulela ka ba ka tšoha.” Selma o re: “Esita le pele ke fumana ’nete ho ne ho se bonolo ho lula le Steve. O ne a le bohale. Ha ke qala ho ithuta Bibele botho bona ba hae bo ile ba hakala.” O ile a thusoa ke eng?
12 Selma o hopola ntho eo a ileng a ithuta eona ho Paki e neng e ithuta le eena. Selma o re, “Ka letsatsi le leng ke ne ke sa batle ho ithuta Bibele. Bosiung bo fetileng Steve o ne a ile a nkotla ha ke leka ho mo behela mabaka, ’me ke ne ke utloile bohloko. Ka mor’a hore ke bolelle morali’abo rōna se etsahetseng le hore na ke ne ke ikutloa joang, o ile a nkōpa hore ke bale 1 Bakorinthe 13:4-7. Ha ke ntse ke e bala, ke ile ka qala ho nahana, ‘Ha ho mohla Steve a nketsetsang lintho tsena tse bontšang lerato.’ Empa morali’abo rōna o ile a nthusa hore ke nahane ka tsela e fapaneng ka hore a mpotse, ‘Ke liketso tse kae tse bontšang lerato tseo ho buuoang ka tsona moo tseo u li etsetsang monna oa hao?’ Ke ile ka mo araba ka ho re ‘Ha ho le e ’ngoe hobane ho thata ho phelisana le monna oa ka.’ Ka bonolo morali’abo rōna o ile a re, ‘Selma, hantle-ntle ke mang ea lekang hore e be Mokreste? Ke uena kapa ke Steve?’ Ha ke hlokomela hore ke lokela ho fetola tsela eo ke nahanang ka eona, ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse hore ke bontše lerato ho Steve. Butle-butle lintho li ile tsa qala ho fetoha.” Ka mor’a lilemo tse 17, Steve o ile a amohela ’nete.
KAMOO BA BANG BA KA THUSANG KATENG
13, 14. Batho ba bang ka phuthehong ba ka thusa batho ba lulang malapeng ao litho tse ling e seng Bakreste joang?
13 Joaloka marotholi a pula e nang hasesaane a ngobetsang mobu ebe a thusa limela ho hōla, batho ba bangata ka phuthehong ba thusa batho bao litho tsa malapa a bona e seng Bakreste hore ba thabe. Elvina oa Brazil o re: “Lerato leo bara le barali beso ba ileng ba mpontša lona le ile la etsa hore ke eme ke tiile ’neteng.”
* Monna e mong oa hona Engelane eo qetellong e ileng ea e-ba Paki o re: “Bara le barali babo rōna ba ne ba re etela kapa ba re memela malapeng a bona ’me ke ne ke hlokomela hore baa re tsotella. Ke ile ka hlokomela sena haholo ha ke ne ke le sepetlele ’me ba bangata ba ile ba nketela.” Na le uena u ka batla litsela tsa hore u bontše litho tsa malapa tseo e seng balumeli hore ua li tsotella?
14 Mosa le thahasello tseo ba bang ka phuthehong ba li bontšang li ka ama pelo ea setho sa lelapa seo e seng Mokreste haholo. Monna e mong oa Nigeria ea ileng a amohela ’nete lilemo tse 13 ka mor’a hore mosali oa hae a e amohele o ile a re: “Ha ke ntse ke tsamaea le Paki e ’ngoe, koloi ea hae e ile ea robeha. Paki eo e ile ea batla Lipaki ’moho le eona motseng o haufi. Lipaki li ile tsa re fa marobalo. Li ile tsa re hlokomela joalokaha eka re ne re tsebane ho tloha bongoaneng. Hang-hang ke ile ka bona lerato la Bokreste leo mosali oa ka a ’nileng a bua ka lona kamehla.” Mosali e mong oa Engelane ea ileng a amohela ’nete lilemo tse 18 ka mor’a hore monna oa hae a e amohele o re: “Lipaki li ne li re memela lijong re le babeli. Kamehla li ne li nkamohela ka liatla tse peli.”15, 16. Ke’ng e ka thusang Mokreste hore a lule a thabile ha litho tse ling tsa lelapa li sa amohele ’nete?
15 Ke ’nete hore hase balekane, bana kapa batsoali bohle bao e seng Bakreste kapa beng ka motho ba tla amohela borapeli ba ’nete le haeba motho a ka lula a itšoere ka botšepehi ka lilemo tse ngata kapa a ba pakela ka masene. Ba bang ba lula ba sa thahaselle molaetsa kapa ba hanyetsa ’nete ho ea ho ile. (Mat. 10:35-37) Leha ho le joalo, haeba Mokreste a bonahatsa litšobotsi tse amoheloang ke Molimo seo se ka beha litholoana tse molemo haholo. Monna e mong eo pele e neng e se molumeli o re: “Ha motho eo e leng molumeli a qala ho bonahatsa litšobotsi tseo tse ratehang, ha a tsebe se etsahalang ka kelellong le pelong ea molekane eo e seng molumeli. Ka lebaka leo u se ke ua tela molekane oa hao eo e seng molumeli.”
16 Batho bao litho tsa malapa a bona li sa amoheleng ’nete ba ntse ba ka thaba. Le hoja molekane oa hae a sa amohela molaetsa oa ’Muso ka mor’a hore a etse boiteko ka lilemo tse 21, morali e mong oabo rōna o re: “Ke khona ho lula ke thabile ka hore ke loanele ho thabisa Jehova, ka ho lula ke tšepahala ho eena le ka ho etsa boiteko ba hore ke imatlafatse moeeng. Ho ikakhela ka setotsoana mesebetsing ea Bokreste—e leng ho etsa thuto ea botho, ho ba teng libokeng le tšebeletsong ea tšimo esita le ho thusa batho ba bang ka phuthehong—ho entse hore ke be le kamano e haufi le Jehova ho bile ho sirelelitse pelo ea ka.”—Liprov. 4:23.
U SE KE UA TELA!
17, 18. Mokreste a ka lula a e-na le tšepo joang esita le haeba litho tsa lelapa la hae e se Bakreste?
17 Haeba u Mokreste ea tšepahalang eo litho tsa lelapa la hae e seng balumeli, u se ke ua tela. Hopola hore “Jehova a ke ke a tlohela sechaba sa hae ka lebaka la lebitso la hae le leholo.” (1 Sam. 12:22) O na le uena hafeela u ka mo khomarela. (Bala 2 Likronike 15:2.) Kahoo, “ithabele ka ho phethehileng ho Jehova.” Ka sebele, “rōlela tsela ea hao ho Jehova, u itšetlehe ka eena.” (Pes. 37:4, 5) ‘Phehella thapelong,’ ’me u be le tumelo ea hore Ntate oa rōna ea leholimong a ka u thusa hore u mamelle mathata a mefuta eohle.—Bar. 12:12.
18 Kōpa Jehova ka tieo hore a u fe moea oa hae o halalelang o tla u thusa hore u bōpe khotso ka lapeng. (Baheb. 12:14) Ka sebele, ho ka khoneha ho etsa hore ka lapeng ho rene khotso eo qetellong e ka ’nang ea ama lipelo tsa litho tsa lelapa tseo e seng balumeli. U tla thaba ’me u be le khotso pelong le kelellong ha u ntse u ‘etsa lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.’ (1 Bakor. 10:31) Ha u ntse u etsa boiteko bona, ruri hoa khothatsa ho tseba hore bara le barali beno ka phuthehong ea Bokreste ba u tšehetsa ka lerato!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 4 Mabitso a fetotsoe.
^ ser. 8 Keletso ea Pauluse ha e bolele hore maemong a feteletseng Mokreste a ke ke a batla karohano ea molao. Eo ke qeto e tebileng eo motho a lokelang ho iketsetsa eona. Sheba buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo,” leqepheng la 220-221.
^ ser. 14 Mangolo ha a khahlanong le hore re je le batho bao e seng balumeli.—1 Bakor. 10:27.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Khetha nako e nepahetseng ho hlalosa lintho tseo u li lumelang
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Bontša hore u tsotella batho ba sa lumelang bao balekane ba bona e leng Bakreste