Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Tseba ho Lopolla Batho ba Hae

Jehova o Tseba ho Lopolla Batho ba Hae

Jehova o Tseba ho Lopolla Batho ba Hae

“Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.”—2 PET. 2:9.

KE HOBANE’NG HA RE KA KHOLISEHA HORE JEHOVA:

O tseba nako eo lintho li tla etsahala ka eona ho phethahatsa morero oa hae?

O tla sebelisa matla a hae ho pholosa batho ba hae?

O tseba hantle hore na lintho li tla etsahala joang nakong ea mahlomola a maholo?

1. Ho tla ba le maemo afe nakong ea “matšoenyeho a maholo”?

MOLIMO o tla timetsa lefatše la Satane ka ho panya ha leihlo. (1 Bathes. 5:2, 3) Ha “letsatsi le leholo la Jehova” le fihla, batho ba lefatše ba tla ferekana. (Sof. 1:14-17) Ho tla nyolosetsa ’me batho ba tla haelloa ke lintho. E tla ba nako ea matšoenyeho “ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale.”—Bala Matheu 24:21, 22.

2, 3. (a) Batho ba Molimo ba tla thulana le maemo afe nakong ea “matšoenyeho a maholo”? (b) Ke eng e tla re matlafalletsa ho mamella lintho tseo re tla thulana le tsona nakong e tlang?

2 Ha “matšoenyeho a maholo” a ea a habile qetellong, “Gogo oa naha ea Magogo” o tla tsoa letšolo ho hlasela batho ba Molimo. Nakong ea tlhaselo ena, “lebotho le leholo la sesole” le tla hlasela batho ba Molimo “joaloka maru a koahelang naha.” (Ezek. 38:2, 14-16) Ha ho na mokhatlo oa batho o tla sireletsa batho ba Jehova. Molimo ke eena feela ea tla ba lopolla. Ba tla etsa joang ha ba bona hore ba ka ’na ba timetsoa?

3 Haeba u mohlanka oa Jehova, na ua lumela hore Jehova a ka khona ho sireletsa batho ba hae nakong ea matšoenyeho a moholo le hore o tla fela a ba sireletse? Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe.” (2 Pet. 2:9) Ha re nahana ka seo Jehova a ileng a se etsa nakong e fetileng ho lopolla batho ba hae, seo se ka re matlafalletsa ho mamella lintho tseo re tla thulana le tsona nakong e tlang. A re ke re tšohleng mehlala e meraro e tla etsa hore re be le kholiseho ea hore Jehova a ka khona ho pholosa batho ba hae.

HO PHOLOHA MOROALLO OA LEFATŠE LOHLE

4. Ke hobane’ng ha nako e ne e le ea bohlokoa mabapi le ho tla ha Moroallo?

4 Mohlala oa pele, nahana ka tlaleho e buang ka Moroallo oa mehleng ea Noe. E le hore thato ea Jehova e phethahale, nako e ne e le ea bohlokoa. Mosebetsi o moholo oa ho haha areka o ne o lokela ho phethoa ’me liphoofolo li kenngoe ka arekeng pele pula ea moroallo e na. Tlaleho ea Genese e bontša hore Jehova ha aa ka a re areka e hahoe ebe ke hona a etsang qeto ea hore na o tla tlisa Moroallo neng, joalokaha eka o ne a tla fetola nako ea ho tlisa Moroallo haeba areka e ne e sa phethoe ka nako. Ho e-na le hoo, nako e telele le pele a bolella Noe hore a hahe areka, Molimo o ne a se a ntse a behile nako ea hore na Moroallo o tla qala neng. Re tseba seo joang?

5. Jehova o ile a etsa phatlalatso efe e tlalehiloeng ho Genese 6:3, ’me phatlalatso eo e ile ea etsoa neng?

5 Bibele e re bolella hore Jehova o ile a etsa qeto ’me a e phatlalatsa leholimong. Ho ea ka Genese 6:3, o ile a re: “Moea oa ka o ke ke oa sebetsa ho motho ka nako e sa lekanyetsoang kaha ebile ke nama. Ka lebaka leo matsatsi a hae e tla ba lilemo tse lekholo le mashome a mabeli.” Polelo ena e ne e sa bolele hore na ka kakaretso motho o tla phela nako e kae. E ne e le molao-taelo oo Jehova a ileng a o phatlalatsa ho bontša hore na o ne a tla nka bohato neng ho felisa bobe ba batho ba sa tšabeng Molimo lefatšeng. * Kaha Moroallo o ile oa qala ka 2370 B.C.E., re ka fihlela qeto ea hore Molimo o ile a etsa phatlalatso ena ka 2490 B.C.E. Ka nako eo, Noe o ne a le lilemo li 480. (Gen. 7:6) Hoo e ka bang lilemo tse 20 hamorao, ka selemo sa 2470 B.C.E., Noe o ile a qala ho ba le bara. (Gen. 5:32) Ho ne ho setse lilemo tse ka bang lekholo pele Moroallo o qala, empa Jehova o ne a ntse a e-s’o bolelle Noe hore na o ne a tla phetha karolo efe e ikhethang ho pholosa batho. Molimo o ne a tla ema ho fihlela neng pele a bolella Noe?

6. Jehova o ile a laela Noe neng hore a hahe areka?

6 Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a ema lilemo tse mashome pele A senolela Noe seo a neng a tlil’o se etsa. Ke eng e etsang hore re fihlele qeto ee? Tlaleho e bululetsoeng e bontša hore bara ba Noe ba ne ba se ba hōlile ba bile ba nyetse ha Molimo a ne a laela Noe hore a hahe areka. Jehova o ile a re ho eena: “Ke tiisa selekane sa ka le uena; ’me u tla kena ka arekeng, uena hammoho le bara ba hao le mosali oa hao le basali ba bara ba hao.” (Gen. 6:9-18) Kahoo, ho ka etsahala hore ebe ha Noe a ne a laeloa hore a hahe areka, ho ne ho setse lilemo tse 40 kapa 50 feela pele Moroallo o qala.

7. (a) Noe le ba lelapa la hae ba ile ba bontša joang hore ba na le tumelo? (b) Molimo o ile a qetella a boleletse Noe neng hore na ha e le hantle Moroallo o ne o tla qala neng?

7 Ha mosebetsi oa ho haha areka o ntse o tsoela pele, e ka ’na eaba Noe le ba lelapa la hae ba ile ba ipotsa hore na Molimo o ne a tla phethahatsa morero oa hae joang le hore na Moroallo o ne o tla qala neng. Leha ho le joalo, taba ea hore ba ne ba sa tsebe likarabo tsa lipotso tseo, ha ea ka ea ba thibela hore ba etse mosebetsi oa ho haha areka. Tlaleho ea Mangolo e re: “Noe o [ile a] etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.” (Gen. 6:22) Matsatsi a supileng pele Moroallo o qala—e leng nako e neng e lekane hore feela Noe le ba lelapa la hae ba kenye liphoofolo ka arekeng—Jehova o ile a qetella a boleletse Noe hore na ha e le hantle Moroallo o ne o tla qala neng. Kahoo, ha likhoro tsa moroallo tsa maholimo li buleha “ka selemo sa makholo a tšeletseng sa bophelo ba Noe, ka khoeli ea bobeli, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli” lintho li ne li lokile.—Gen. 7:1-5, 11.

8. Tlaleho e buang ka Moroallo e re thusa joang hore re be le kholiseho ea hore Jehova oa tseba hore na o tla lopolla batho ba hae neng?

8 Tlaleho ea Moroallo e bontša hore Jehova ke ’Moloki oa Nako ebile ke Molopolli oa batho ba hae. Ha re ntse re atamela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho, re ka kholiseha hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e rerileng e tla etsahala hantle ka ‘letsatsi le hora’ eo a e behileng.—Mat. 24:36; bala Habakuke 2:3.

BA ILE BA LOPOLLOA LEOATLENG LE LEFUBELU

9, 10. Jehova o ile a sebelisa sechaba sa hae joang ho hohella lebotho la sesole la Baegepeta lerabeng?

9 Ho fihlela joale, re hlokometse hore Jehova ke eena ea laolang nako ea liketsahalo e le hore a phethahatse morero oa hae. Mohlala oa bobeli oo re tla o tšohla, o hatisa lebaka le leng la hore re tšepe hore Jehova o tla lopolla batho ba hae: O tla sebelisa matla a hae a sa lekanyetsoang ho tiisa hore thato ea hae ea phethahala. Jehova o khona ho lopolla bahlanka ba hae hoo ka linako tse ling a ileng a ba a ba sebelisa ho hohella lira tsa hae lerabeng. Seo se ile sa etsahala ha a ne a lokolla Baiseraele botlamuoeng Egepeta.

10 E ka ’na eaba Baiseraele ba ileng ba tloha Egepeta ba ne ba ka ba limilione li tharo. Jehova o ile a etsa hore Moshe a ba tataise ka tsela eo Faro a ileng a nahana hore ba ne ba hlahlathela ka ho ferekana. (Bala Exoda 14:1-4.) Kaha Faro o ile a hohelloa lerabeng, o ile a etella pele lebotho la hae la sesole ho phalalisa batho bao, bao pele e neng e le makhoba ’me a ba qabella Leoatleng le Lefubelu. Ho ne ho bonahala eka ha ho moo ba tla tsoa le teng. (Ex. 14:5-10) Leha ho le joalo, ’nete ke hore Baiseraele ba ne ba se kotsing. Hobane’ng? Hobane Jehova o ne a le mothating oa ho ba pholosa.

11, 12. (a) Jehova o ile a pholosa batho ba hae joang? (b) Ho ile ha etsahala’ng ha Molimo a ne a pholosa batho ba hae, ’me tlaleho eo e re ruta’ng ka Jehova?

11 “Topallo ea leru” e neng e etelletse Baiseraele pele, e ile ea ea ka mor’a bona, ea sira lebotho la Faro le neng le ba setse morao ’me ea le tlisetsa lefifi. Leha ho le joalo, ka mohlolo topallo eo e ile ea khantšetsa Baiseraele bosiu. (Bala Exoda 14:19, 20.) Jehova o ile a arola leoatle ka lehare a sebelisa moea o matla oa bochabela ’me a “fetola boliba ba leoatle mobu o omileng.” Ho hlakile hore sena se ile sa nka nako kaha tlaleho eo ea Bibele e re: “Qetellong bara ba Iseraele ba tšela bohareng ba leoatle moo ho omileng.” Baiseraele ba ne ba tsamaea butle ha ba bapisoa le mabotho a sesole a Faro a neng a tsamaea ka likoloi tsa ntoa. Leha ho le joalo, Baegepeta ba ne ba ke ke ba khona ho tšoara Baiseraele, hobane Jehova o ne a ba loanela. “Eaba o qala ho ferekanya sehlopha sa Baegepeta. A ’na a ntša mabili likoloing tsa sona hoo se neng se li khanna ka thata.”—Ex. 14:21-25.

12 Ha Baiseraele bohle ba se ba pholohile ba le ka mose ho leoatle, Jehova o ile a laela Moshe a re: “Otlolla letsoho holim’a leoatle, hore metsi a khutlele holim’a Baegepeta, likoloing tsa bona tsa ntoa le ho banna ba bona ba palameng lipere.” Ha masole a ne a leka ho baleha metsi a neng a khutla ka matla, “Jehova [o ile] a lihela Baegepeta ka har’a leoatle.” Ba ne ba ke ke ba pholoha. “Ha ho le ea mong oa bona ea ileng a sala.” (Ex. 14:26-28) Kahoo, Jehova o ile a bontša hore o na le matla a ho lopolla batho ba hae boemong bofe kapa bofe.

HO PHOLOHA TIMETSO EA JERUSALEMA

13. Jesu o ile a fa balateli ba hae litaelo life, ’me e ka ’na eaba ba ile ba ipotsa’ng?

13 Jehova o tseba hantle hore na lintho li tla tsamaea joang e le hore a phethahatse morero oa hae. Sena se bontšoa ke mohlala oa boraro oo re tla o tšohla: e leng ho thibelloa ha Jerusalema lekholong la pele la lilemo. Jehova o ile a sebelisa Mora oa hae hore a fe Bakreste ba neng ba lula Jerusalema le Judea pele motse o timetsoa ka 70 C.E., litaelo tsa hore na ba etse’ng e le hore ba tle ba pholohe. Jesu o ile a re: “Ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang e bakang lesupi, joalokaha e boletsoe ka moprofeta Daniele, e eme sebakeng se halalelang, . . . joale ba leng Judea ba qale ho balehela lithabeng.” (Mat. 24:15, 16) Leha ho le joalo, balateli ba Jesu ba ne ba tla hlokomela joang ha boprofeta boo bo phethahala?

14. Litaelo tsa Jesu li ile tsa hlaka joang ha nako e ntse e feta?

14 Ha nako e ntse e feta, seo Jesu a se boletseng se ile sa ’na sa hlaka. Ka 66 C.E., masole a Roma a neng a etelletsoe pele ke Cestius Gallus, a ile a fihla Jerusalema ho tla thibela borabele ba Bajuda. Ha marabele a Bajuda a bitsoang Mazealot a ne a batla setšabelo qhobosheaneng ea tempele, masole a Baroma a ile a qala ho cheka lebota la tempele ka tlaase. Bakreste ba ileng ba hopola litaelo tsa Jesu ba ne ba tseba hore na seo se ne se bolela’ng. Ba ne ba utloisisa hore lebotho la Roma la bahetene le ileng la fihla leboteng la tempele le tšoere lifolakha tsa lona tse rapeloang, e ne e le “ntho e nyonyehang” e emeng “sebakeng se halalelang.” E ne e le nako ea hore balateli ba Jesu ba “qale ho balehela lithabeng.” Empa ba ne ba tla tsoa joang motseng o neng o thibelletsoe? Haufinyane ho ne ho tla etsahala ntho eo ba sa e lebellang.

15, 16. (a) Jesu o ile a fana ka taelo efe e tobileng, ’me ke hobane’ng ha e ne e le habohlokoa hore balateli ba hae ba e mamele? (b) Ho tla hlokahala hore re etse’ng e le hore re tle re lopolloe?

15 Ka lebaka le sa tsebahaleng, Cestius Gallus le lebotho la hae ba ile ba ikhula Jerusalema ’me ba khutlela morao. Mazealot a ile a ba phalalisa. Ha lihlopha tseo tse loantšanang li tsoile, balateli ba Jesu ba ile ba ba le monyetla oa hore ba tsoe hang-hang. Jesu o ne a ile a ba laela ka ho khetheha hore ba siee thepa ea bona, ’me ba tsoe hang-hang. (Bala Matheu 24:17, 18.) Na ho ne ho hlile ho hlokahala hore ba nke bohato hang-hang? Ho e-s’o ee kae karabo ea potso eo e ile ea hlaka. Ka mor’a matsatsi a se makae Mazealot a ile a khutla ’me a qala ho qobella baahi ba Jerusalema le Judea hore e be marabele. Maemo a ile a mpefala ka potlako ka har’a motse ha lihlopha tse loantšanang tsa Bajuda li ne li tseka ho laola motse. Ho ile ha ’na ha e-ba thata le ho feta hore batho ba ka tsoa motseng oo. Ha Baroma ba khutla ka 70 C.E., ho ne ho se ho sa khonehe hore motho a ka tsoa motseng. (Luka 19:43) Batho ba ileng ba ’na ba lika-lika ba ile ba qabelloa! Bakreste ba ileng ba mamela litaelo tsa Jesu ’me ba balehela lithabeng, ba ile ba pholoha. Ba ile ba bona ka mahlo hore Jehova o tseba ho lopolla batho ba hae. Re ithuta’ng tlalehong ee?

16 Ha nako e ntse e feta, nakong ea matšoenyeho a maholo, ho tla hlokahala hore Bakreste ba mamele litaelo tse tsoang Lentsoeng la Molimo le mokhatlong oa hae. Ka mohlala, taelo ea Jesu ea hore ba “qale ho balehela lithabeng” ea sebetsa le kajeno. Empa ke hona re tla tseba hore na ha e le hantle re tla lokela ho baleha ka tsela efe. * Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore ha nako ea hore re latele litaelo tseo e fihla, Jehova o tla re hlakisetsa hore na li bolela’ng. Kaha re tla lopolloa haeba feela re mamela, e ka ba hantle hore re ipotse: ‘Na hona joale ke mamela litaelo tseo Jehova a li fang batho ba hae? Na ke potlakela ho mamela kapa ke mamela ka lekhonono?’—Jak. 3:17.

HO MATLAFALETSOA NAKO E TLANG

17. Boprofeta ba Habakuke bo senola eng ka tlhaselo e tlelang batho ba Molimo?

17 Joale, a re ke re khutleleng tlhaselong ea Gogo eo re buileng ka eona qalong. Boprofeteng bo amanang le boo, Habakuke o ile a re: “Ke ile ka utloa, ’me mpa ea ka ea qala ho lubeha; molomo oa ka oa thothomela ka lebaka la molumo oo; ho bola ha qala ho kena masapong a ka; ’me boemong ba ka ke ne ke ferekane, hore ke lokela ho letela ka khutso letsatsi la mahlomola, bakeng sa ho tla ha hae [Molimo] ho batho [mabotho a neng a sokela], e le hore a ka ba futuhela.” (Hab. 3:16) Eitse hang ha moprofeta Habakuke a utloa tlaleho ea hore batho ba Molimo ba ne ba tlil’o hlaseloa, o ile a lubeha ka maleng, melomo ea hae ea thothomela ’me a felloa ke matla. Seo Habakuke a ileng a se etsa se bontša hore na re tla ba maqakabetsing a makaakang ha letšoele la Gogo le re hlasela. Leha ho le joalo, moprofeta Habakuke o ne a ikemiselitse hore a letele letsatsi le leholo la Jehova a khutsitse, a tšepile hore Jehova o tla lopolla batho ba hae. Le rōna re ka ba le kholiseho e tšoanang.—Hab. 3:18, 19.

18. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšosoa ke tlhaselo e tlang? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong se latelang?

18 Mehlala e meraro eo re e tšohlileng e bontša ka ho hlaka hore Jehova o tseba ho lopolla batho ba hae. Morero oa hae o tla phethahala ’me o tla hlōla lira tsa hae. Leha ho le joalo, e le hore re ka ba le seabo tlhōlong eo e tsotehang, re lokela ho lula re tšepahala ho isa bofelong. Jehova o re thusa joang hore re lule re tšepahala hona joale? Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 16 Sheba Molula-Qhooa, oa May 1, 1999, leqepheng la 19.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Na Baiseraele ba ne ba le kotsing ea ho hlaseloa ke lebotho la Faro?