Lula Phuleng ea Jehova ea Tšireletso
‘Ka sebele Jehova o tla loana khahlanong le lichaba tseo joaloka letsatsing la ho loana ha hae, letsatsing la ntoa.’—ZAK. 14:3.
1, 2. Ke ntoa efe ea sebele e tlang, ’me ho ke ke ha hlokahala hore bahlanka ba Molimo ba etse’ng?
KA LA 30 October, 1938, batho ba limilione ba United States ba ne ba mametse pale e neng e ratoa haholo seea-le-moeeng. Pale e neng e bapala mantsiboeeng ao, e ne e nkiloe bukeng ea saense e iqapetsoeng ea The War of the Worlds. Batšoantšisi ba neng ba bapala karolo ea babali ba litaba, ba ile ba phatlalatsa hore ho na le libōpuoa tse tsoang polaneteng ea Mars tse tl’o hlasela Lefatše le ho le ripitla. Le hoja ho ne ho phatlalalitsoe hore lenaneo leo e ne e le pale feela, bamameli ba bangata ba ile ba nahana hore tlhaselo eo ke ea ’nete eaba ba tšoha haholo. Batho ba bang ba ile ba nka bohato ba ho leka ho itšireletsa ho libōpuoa tseo ba inahanelang tsona tse tsoang sebakeng.
2 Kajeno ho na le ntoa ea sebele e tlang. Leha ho le joalo, batho ha ba nke bohato ba letho. Lentsoe la Molimo le bululetsoeng e leng Bibele ke lona le boletseng ka ntoa ena esale pele, eseng buka ea saense e iqapetsoeng. Ke ntoa ea Armagedone—e leng ntoa eo Molimo a tl’o felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho ka eona. (Tšen. 16:14-16) Ntoeng ena ha ho hlokahale hore bahlanka ba Molimo ba itšireletse ho libōpuoa tse tsoang polaneteng e ’ngoe. Ho ntse ho le joalo, ba tla hlolloa ke liketsahalo tse tsotehang le ke ponahatso e tšosang ea matla a Molimo.
3. Re tla tšohla boprofeta bofe, hona ke hobane’ng ha e le ba bohlokoa?
3 Boprofeta ba Bibele bo tlalehiloeng khaolong ea 14 ea Zakaria bo re fa boitsebiso bo bongata ka ntoa ea Armagedone. Le hoja boprofeta boo bo tlalehiloe lilemo tse ka bang 2 500 tse fetileng, bo ama bophelo ba rōna. (Bar. 15:4) Boitsebiso bo bongata bo hlahang moo, bo hlalosa lintho tse ileng tsa ama bahlanka ba Molimo ho tloha ha ’Muso oa Bomesia o ne o hlongoa leholimong ka 1914 le lintho tse thabisang tse tla etsahala haufinyane. Karolo e ikhethang ea boprofeta boo e akarelletsa boitsebiso bo mabapi le “phula e khōlō haholo” le ho phalla ha “metsi a phelang.” (Zak. 14:4, 8) Phula ena e phetha karolo ea bohlokoa ho sireletsa barapeli ba Jehova. Hape, haeba re utloisisa hore na metsi a phelang a ka re tsoela molemo joang, re ke ke ra bona bohlokoa ba ho a noa feela empa re tla batla ho a noa. Leha ho le joalo, ho ela boprofeta bona hloko ho tla re tsoela molemo.—2 Pet. 1:19, 20.
“LETSATSI LA JEHOVA” LEA QALA
4. (a) “Letsatsi la Jehova” le ile la qala neng? (b) Lilemo tse mashome pele ho 1914, barapeli ba Jehova ba ile ba phatlalatsa’ng, hona baeta-pele ba lefatše ba ile ba etsa’ng?
4 Ha khaolo ea 14 ea Zakaria e qala, e bua ka “letsatsi la Jehova.” (Bala Zakaria 14:1, 2.) Letsatsi lee ke eng? Ke ‘letsatsi la Morena,’ le ileng la qala ha “’muso oa lefatše” e e-ba “’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste.” (Tšen. 1:10; 11:15) Letsatsi leo le qalile ka 1914 ha ho ne ho hlongoa ’Muso oa Bomesia leholimong. Lilemo tse mashome pele ho 1914, barapeli ba Jehova ba ile ba phatlalatsa lichabeng hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” li tla fela ka selemo seo le hore lefatše le ne le tla apareloa ke mathata a tšabehang. (Luka 21:24) Lichaba li ile tsa etsa’ng? Ho e-na le hore baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki ba mamele temoso eo e nakong, ba ile ba soma le ho hlorisa baevangeli bao ba tlotsitsoeng ba chesehang. Ka ho etsa seo, baeta-pele bana ba lefatše ba ile ba soma Molimo ea Matla ’Ohle, kaha baemeli bao ba tlotsitsoeng ba ’Muso ba emela “Jerusalema ea leholimo”—e leng ’Muso oa Bomesia—oo baemeli bao e leng karolo ea oona.—Baheb. 12:22, 28.
5, 6. (a) Ke sefe se ileng sa boleloa esale pele hore lichaba li tla se etsa khahlanong le “motse” hammoho le ‘baahi’ ba oona? (b) Ke bo-mang bao e neng e le “ba setseng ba sechaba”?
5 Zakaria o ile a bolela esale pele seo lichaba li neng li tla se etsa, ha a ne a re: “Motse [Jerusalema] o tla haptjoa.” “Motse” o tšoantšetsa ’Muso oa Molimo oa Bomesia. Lefatšeng o emeloa ke ‘baahi’ ba oona e leng masala a Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bafil. 3:20) Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, barab’abo rōna ba neng ba etelletse pele karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova, ba ile ba “haptjoa” kapa ba tšoaroa ’me ba koalloa chankaneng e Atlanta, Georgia, U.S.A. ‘Matlo a ile a nkeloa thepa ka mahahapa’ ka hore ebe Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le batho ba bang ba tšepahalang ba se nang molato ba ile ba tšoaroa ka ho hloka toka le ka sehlōhō. Lira tseo li ile tsa tlatlapa masala seo re ka reng ke leruo la ’ona e leng tšusumetso eo a neng a e-na le eona ho bahlanka ba Molimo, ka hore ebe li ile tsa thibela lingoliloeng tsa ’ona tsa ba tsa thibela mosebetsi oa ’ona oa boboleli.
6 Le hoja lira tseo tse neng li feta bahlanka ba Molimo ka palo, li ile tsa bua mashano ka bona, tsa ba hanyetsa tsa ba tsa ba hlorisa, li ile tsa hlōleha ho felisa borapeli ba ’nete. Ho ne ho ntse ho e-na le “ba setseng ba sechaba,” e leng masala a batlotsuoa bao ka botšepehi ba ileng ba hana ho “felisoa motseng.”
7. Tsela eo Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng li ileng tsa phela ka eona e behela barapeli bohle ba ’nete mohlala ofe kajeno?
7 Na boprofeta boo bo ile ba phethahala ka botlalo ha Ntoa ea I ea Lefatše e fela? Che. Lichaba li ne li tla boela li hlasele masala a batlotsuoa hammoho le metsoalle ea ’ona e tšepahalang e nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. (Tšen. 12:17) Ntoa ea II ea Lefatše ke bopaki ba seo. Botšepehi ba Lipaki tsa Molimo tse tlotsitsoeng bo ile ba thusa bahlanka ba Molimo kajeno hore ba mamelle liteko life kapa life tse ba hlahelang tse akarelletsang khanyetso e tsoang ho litho tsa lelapa tseo e seng Bakreste, basebetsi-’moho, kapa bana bao ba kenang sekolo le bona ba ba somang ka lebaka la tumelo ea bona. (1 Pet. 1:6, 7) Ho sa tsotellehe hore na barapeli ba ’nete ba lula hokae, ba ikemiselitse ho ‘ema ba tiile boikutlong bo le bong’ ho feta neng kapa neng, ’me ha ba ‘tšosoe ke bahanyetsi ba bona.’ (Bafil. 1:27, 28) Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova ba tla fumana tšireletso hokae lefatšeng lee le ba hloileng?—Joh. 15:17-19.
JEHOVA O ETSA “PHULA E KHŌLŌ HAHOLO”
8. (a) Ka Bibeleng lithaba li ka tšoantšetsa’ng? (b) “Thaba ea lifate tsa mohloaare” e emela’ng?
8 Kaha Jerusalema—e leng “motse”—e tšoantšetsa Jerusalema ea leholimo, “thaba ea lifate tsa mohloaare, e leng pel’a Jerusalema,” le eona e lokela ho nkoa ka tsela ea tšoantšetso. Thaba eo e emela’ng? E tla “petsoha bohareng ba eona” le ho ba lithaba tse peli ka tsela efe? Ke hobane’ng ha Jehova a bua ka tsona e le “lithaba tsa ka”? (Bala Zakaria 14:3-5.) Ka Bibeleng, lithaba li ka emela mebuso. Hape, litlhohonolofatso le tšireletso li amahanngoa le thaba ea Molimo. (Pes. 72:3; Esa. 25:6, 7) Kahoo, thaba ea lifate tsa mohloaare eo Molimo a emang ho eona ka bochabela ho Jerusalema e lefatšeng, e emela bobusi ba Jehova ba bokahohleng, e leng puso ea hae e phahameng ka ho fetisisa.
9. “Thaba ea lifate tsa mohloaare” e petsoha ka tsela efe?
9 Ho petsoha ha thaba ea lifate tsa mohloaare ho bontša’ng? Thaba e ka bochabela ho Jerusalema, e petsoha ka tsela ea hore Jehova o theha ’muso o mong, o ka tlaasana. ’Muso ona oa bobeli ke ’Muso oa Bomesia o tlas’a taolo ea Jesu Kreste. Ke kahoo Jehova a buang ka lithaba tse peli tse hlahang ha ho petsoha “thaba ea lifate tsa mohloaare” e le “lithaba tsa ka.” (Zak. 14:4, NW, ftn.) Bobeli ba tsona ke tsa hae.
10. “Phula e khōlō haholo” e lipakeng tsa lithaba tse peli e tšoantšetsa’ng?
10 Ha thaba ea tšoantšetso e petsoha, ’me karolo e ’ngoe e e-ba ka leboea e ’ngoe ka boroa, maoto a Jehova a lula a tsitsitse holim’a lithaba tseo ka bobeli. “Phula e khōlō haholo” e hlaha pakeng tsa maoto a Jehova. Phula ena e tšoantšetsa tšireletso ea Molimo, eo ho eona bahlanka ba Jehova ba ikutloang ba sireletsehile tlas’a puso ea hae ea bokahohle le ’Musong oa Mora oa hae oa Bomesia. Jehova o tla tiisa hore borapeli ba ’nete ha bo felisoe le ka mohla. Ho petsoha hoo ha thaba ea lifate tsa mohloaare ho etsahetse neng? Seo se etsahetse ha ’Muso oa Bomesia o ne o thehoa qetellong ea Linako Tsa Balichaba ka 1914. Barapeli ba ’nete ba qalile ho balehela phuleng ea tšoantšetso neng?
BAHLANKA BA MOLIMO BA QALA HO BALEHELA PHULENG!
11, 12. (a) Bahlanka ba Molimo ba qalile ho balehela phuleng ea tšoantšetso neng? (b) Ke eng e bontšang hore letsoho la Jehova le matla le sireletsa bahlanka ba hae?
11 Jesu o ile a lemosa balateli ba hae, a re: “Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat. 24:9) Matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho a qalileng ka 1914, lehloeo leo le ile la e-ba matla le ho feta. Ho sa tsotellehe taba ea hore ebe masala a batlotsuoa a ile a hlaseloa ka mabifi ke lira tsa ’ona nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, masala a sehlopha seo sa batho ba tšepahalang ha aa ka a bolaoa kaofela. Ka 1919 a ile a lopolloa lithutong tsa bohata tsa Babylona e Moholo—e leng ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. (Tšen. 11:11, 12) * Bahlanka ba Molimo ba ile ba qala ho balehela phuleng ea lithaba tsa Jehova ka nako eo.
12 Ho tloha ka 1919, phula ea Molimo ea tšireletso e ’nile ea tsoela pele ho sireletsa barapeli ba ’nete lefatšeng lohle. Ka mashome a lilemo, likarolong tse ngata tsa lefatše ho ’nile ha thibeloa mosebetsi oa boboleli hammoho le lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova tse thehiloeng Bibeleng. Lithibelo tseo li ntse li le teng linaheng tse ling. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na lichaba li leka ho felisa borapeli ba ’nete hakae, ho hang li ke ke tsa atleha! Letsoho la Jehova le matla le tla tsoela pele ho sireletsa bahlanka ba hae.—Deut. 11:2.
13. Re lula phuleng ea Jehova ea tšireletso joang, hona ke hobane’ng ha hona joale e le habohlokoa ho feta neng kapa neng hore re lule ho eona?
13 Haeba re khomarela Jehova re bile re lula re tiile ’neteng, Jehova le Mora oa hae Jesu Kreste, ba tla phetha karolo ea bona, ’me Molimo a ke ke a lumella mang kapa mang kapa ntho efe kapa efe ho ‘re hloibila letsohong la Hae.’ (Joh. 10:28, 29) Jehova o malala-a-laotsoe ho re thusa ka tsela efe kapa efe e le hore re lule re mo hlompha kaha ke ’Musi oa Bokahohle re be re lule re le bafo ba ’Muso oa Bomesia ba tšepahalang. Ke habohlokoa haholo hore re lule ka phuleng ea tšireletso, kaha phula eo e tla thusa barapeli ba ’nete ha matšoenyeho a maholo a ntse a atamela.
‘LETSATSI LA HO LOANA’ LEA FIHLA
14, 15. ‘Letsatsing leo Molimo a loanang’ le lira tsa hae, ho tla etsahala’ng ka batho ba ka ntle ho phula?
14 Ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela, Satane o tla matlafatsa litlhaselo tsa hae khahlanong le bahlanka ba Jehova. Joale ho tla tla ‘letsatsi la hore Molimo a loane’ le lira tsa hae. Jehova o tla tiisa hore lekhetlo lena leo Satane a tla hlasela bahlanka ba hae ka lona ke la ho qetela. Letsatsing leo, ’Musi oa bokahohle o tla bontša hore ke Mohale ka tsela e tsotehang ho feta “letsatsing [lefe kapa lefe] la ntoa” la nakong e fetileng.—Zak. 14:3.
15 Letsatsing la Molimo la ho loana, ho tla etsahala’ng ka batho ba tla beng ba le ka ntle ho “phula e khōlō” ea tšireletso? “Leseli la bohlokoa” la ho amoheloa ke Molimo le ke ke la ba khantšetsa. Letsatsing leo la ntoa le tlang, “lipere, limmoulo, likamele, le liesele tse tona, le phoofolo e ruuoang ea mofuta o mong le o mong”—tse tšoantšetsang libetsa tsa lichaba—li tla ameha. Libetsa tseo li tla “hoama,” li sitoe ho sebetsa joalokaha eka li kokobantsoe ke serame. Jehova o tla boela a otle lira tsa hae ka “lefu la seoa.” Ho sa tsotellehe hore na lefu lena la seoa ke la sebele kapa che, le tla koala lira melomo. Letsatsing leo, ‘mahlo a bona le maleme a bona a tla bola’ kaha lira tseo li tla hlasela li phopholetsa feela ’me li tla koaloa melomo hore li se ke tsa bua lipuo tsa tsona tse nyefolang. (Zak. 14:6, 7, 12, 15) Ha ho na karolo ea lefatše e tla pholoha timetso ena. Ntoeng ena, mabotho a tla ba ka lehlakoreng la Satane a tla ba mangata. (Tšen. 19:19-21) “Ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba teng ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho fihlela pheletsong e ’ngoe.”—Jer. 25:32, 33.
16. Kaha rea bona hore letsatsi la ho loana ha Molimo le ntse le atamela, re lokela ho nahanisisa ka lipotso life, hona re tla hloka ho etsa’ng?
16 Kamehla ntoa e baka mahlomola esita le ho batho ba tla qetella ba hlōtse. Lijo li ka ’na tsa haella. Batho ba ka ’na ba senyeheloa ke thepa, ba hula ka thata ba ba ba felloa ke bolokolohi. Haeba re ka hlaheloa ke mathata a joalo, re tla etsa’ng? Na re tla tšoha? Na re tla latola tumelo ea rōna ha re hatelloa? Na re tla felloa ke tšepo ebe rea nyahama? Ruri e tla ba habohlokoa hore nakong ea mahlomola a maholo, re lule re e-na le tumelo ea hore Jehova o na le matla a ho re pholosa re be re lule phuleng ea Hae ea tšireletso!—Bala Habakuke 3:17, 18.
“METSI A PHELANG A TLA TSOA”
17, 18. (a) “Metsi a phelang” ke’ng? (b) ‘Leoatle le ka bochabela’ le ‘leoatle le ka bophirimela’ le tšoantšetsa’ng? (c) Ha u ntse u lebeletse bokamoso, u ikemiselitse ho etsa’ng?
17 Ka mor’a Armagedone, “metsi a phelang” a tla phalla a sa khaotse a tsoa teroneng ea ’Muso oa Bomesia. “Metsi [ana] a phelang” ke litokisetso tsa Jehova tsa ho re fa bophelo. ‘Leoatle le ka bochabela’ le bolela Leoatle le Shoeleng ’me ‘leoatle le ka bophirimela’ le bolela Leoatle la Mediterranean. Bobeli ba ’ona a sebelisoa ha ho buuoa ka batho. Leoatle le Shoeleng le tšoantšetsa batho bohle ba mabitleng. Kaha Leoatle la Mediterranean le nyeunya lintho tse phelang, ho ka etsahala hore ebe le tšoantšetsa “bongata bo boholo” bo phonyohileng Armagedone. (Bala Zakaria 14:8, 9; Tšen. 7:9-15) Kahoo, lihlopha tseo ka bobeli li tla rua molemo oa ho lopolloa tsuong ea sebe sa Adama ha li ntse li inyorolla ka metsi a phelang a tšoantšetso kapa ka “nōka ea metsi a bophelo.”—Tšen. 22:1, 2.
18 Kaha Jehova o tla re sireletsa, re tla pholoha ha tsamaiso ena e khopo ea lintho e felisoa ’me re kene lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka. Le hoja lichaba li re hloile, a re ikemisetseng ho lula re le bafo ba tšepahalang ba ’Muso oa Molimo, re be re be le boikemisetso bo matla ba hore re lule phuleng ea Jehova ea tšireletso.
^ ser. 11 Sheba buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! leqepheng la 169-170.