Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Ha ho se ka Khopang’ Batho ba Ratang Jehova

‘Ha ho se ka Khopang’ Batho ba Ratang Jehova

“Ba ratang molao oa hao ba na le khotso e phethehileng, ha ho na se ka ba khopang.”—PES. 119:165, Bibele Phetolelo e Ncha.

1. Semathi se seng se ile sa bontša joang hore re ka ba le boikemisetso ba ho se tele?

HO TLOHA ha a sa le lilemong tsa bocha, Mary Decker o ne a tsebahala e le semathi se hloahloa. E ne e le eena eo batho ba bangata ba neng ba tšepile hore o tla hapa mentlele oa khauta lebelong la limithara tse 3 000 Liolimpiking tsa 1984. Leha ho le joalo, ha aa ka a fihla kholeng. O ile a khoptjoa ke leoto la semathi se seng eaba o oela fatše. Kaha o ne a lemetse a bile a ntse a lla, o ile a tlameha ho ntšoa ka lebaleng la ho matha. Leha ho le joalo, Mary ha aa ka a tela. Nakong e ka tlaase ho selemo, o ile a khutlela mabelong ’me a etsa rekoto e ncha ea basali lebelong la lik’hilomithara tse 1,6 ka 1985.

2. Bakreste ba peisong ka tsela efe, hona re lokela ho tsepamisa likelello ho eng?

2 Kaha re Bakreste, re peisong—e leng lebelo la tšoantšetso. Re lokela ho ikemisetsa ho hlōla lebelong leo. Peiso eo re leng ho eona hase ea lebelo la sekhahla moo motho a hlōlang ho latela hore na o matha ka sekhahla hakae. Ebile hase lebelo leo motho a mathang butle a ntse a phomola hangata. Ho e-na le hoo, le ka tšoantšoa le lebelo la marathone moo mamello e hlokahalang e le hore motho a ka hlōla. Moapostola Pauluse o ile a etsa papiso ka semathi se peisong lengolong la hae leo a ileng a le ngolla Bakreste ba neng ba lula Korinthe, e leng motse o neng o tsebahala ka litlhōlisano tsa mabelo. O ile a ngola a re: “Na ha le tsebe hore limathi peisong li matha kaofela, empa ke se le seng feela se amohelang moputso? Mathang ka tsela eo le ka o fumanang.”—1 Bakor. 9:24.

3. Limathi tsohle li ka hapa peiso ea bophelo bo sa feleng joang?

3 Bibele e re bolella hore re mathe peisong ena ea tšoantšetso. (Bala 1 Bakorinthe 9:25-27.) Moputso oo re tlang ho o fumana ke bophelo bo sa feleng, ebang ke leholimong bakeng sa Bakreste ba tlotsitsoeng kapa lefatšeng bakeng sa limathi tse ling. Ho fapana le litlhōlisano tse ling tsa mabelo, peiso ena e fa batho bohle ba e kenelang ’me ba bile ba mamella ho fihlela qetellong monyetla oa hore ba fumane moputso. (Mat. 24:13) Limathi li hlōleha  ho hapa lebelo haeba feela li sa mathe ho latela melao kapa li sa fihle kholeng ea tlhōlo. Ho phaella moo, ena ke eona feela peiso e fanang ka moputso oa bophelo bo sa feleng.

4. Ke eng e etsang hore peiso ea rōna ea ho fumana bophelo bo sa feleng e be boima?

4 Ha ho bonolo ho fihla kholeng ea tlhōlo. Ho hlokahala hore motho a be le boitšoaro hammoho le boikemisetso. Ke motho a le mong feela—e leng Jesu Kreste—ea ileng a fihla kholeng ea tlhōlo a sa khoptjoa le ha e le hanngoe feela. Empa morutuoa oa hae Jakobo o ile a re balateli ba Kreste “kaofela [ba] khoptjoa hangata.” (Jak. 3:2) Ruri eo ke ’nete! Kaofela ha rōna re angoa ke ho se phethahale ha rōna le ha batho ba bang. Kahoo, ka linako tse ling re ka ’na ra khoptjoa e be rea thekesela ’me re lahleheloa ke botsitso. Re ka ’na ra ba ra oa; empa rea ema e be re tsoela pele ho matha. Ba bang ba ’nile ba oa habohloko hoo ba ileng ba tlameha ho thusoa hore ba boele ba qalelle ho matha e le hore ba tle fihle kholeng ea tlhōlo. Kahoo, ho ka ’na ha etsahala hore re oe ka nakoana kapa ka makhetlo, re khoptjoe kapa re hle re oele fatše.—1 Mar. 8:46.

Haeba ho ka etsahala hore u oe, amohela thuso ’me u eme!

HAEBA U KHOPTJOA, U SE KE UA TSOA PEISONG

5, 6. (a) Ke ka tsela efe ‘ho se nang se ka khopang’ Mokreste, hona ke eng e tla mo thusa hore a ‘eme’? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa eme ka mor’a hore ba khoptjoe?

5 Mohlomong u ’nile ua sebelisa lipoleloana tsena “ho khoptjoa” le “ho oa” ka tsela e tšoanang ha u hlalosa boemo ba motho ba moea. Hase kamehla lipoleloana tsena tse hlahang ka Bibeleng li nang le moelelo o tšoanang. Ka mohlala, hlokomela mantsoe a sebelisitsoeng ho Liproverbia 24:16: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema; empa ba khopo ba tla etsoa hore ba khoptjoe ke tlokotsi.”

6 Esita le ha re ka khoptjoa kapa ra oa, re ka boela ra ema. Hafeela re tšepa Jehova, o ikemiselitse ho re thusa ha re e-na le mathata kapa ha re etsa liphoso. Re kholisehile hore Jehova o tla re thusa hore re ‘eme’ e le hore re ka tsoela pele re etsa sohle seo re ka se khonang ho inehela ho eena. Ruri seo se khothatsa batho bohle ba ratang Jehova ka lipelo tsa bona tsohle! Batho ba khopo bona ha ba batle ho ema. Ha ba kōpe thuso ea  moea o halalelang oa Molimo le ea bahlanka ba hae, kapa ba hana ho thusoa. Ka lehlakoreng le leng, ha ho na ntho e ka khopang ba ‘ratang molao oa Jehova,’ e ka etsang hore ba tsoe peisong ea bophelo ka ho feletseng.—Pes. 119:165; Liprov. 4:12.

7, 8. Motho a ka “oa” ’me leha ho le joalo a ’na a hauheloa ke Molimo joang?

7 Batho ba bang ba oela sebeng se senyenyane—esita le ka makhetlo—hobane ba e-na le bofokoli bo itseng. Empa e ntse e le batho ba lokileng mahlong a Jehova haeba ba tsoela pele ho “ema,” ka mantsoe a mang, haeba ba baka e le kannete ’me ba loanela ho qalella ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Re ka hlokomela seo tseleng eo Molimo a ileng a sebetsana le Baiseraele ba boholo-holo ka eona. (Esa. 41:9, 10) Liproverbia 24:16, e qotsitsoeng pejana, ho e-na le hore e bue haholo ka ntho e mpe—e leng ho ‘oa’ ha rōna—e bua haholo ka ntho e ntle, e leng ho “ema” ha rōna ka thuso ea Molimo oa rōna ea mohau. (Bala Esaia 55:7.) Ho bontša hore Jehova Molimo le Jesu Kreste baa re tšepa, ka mosa ba re khothalletsa hore re ‘eme.’—Pes. 86:5; Joh. 5:19.

8 Esita le haeba semathi se mathang lebelong la marathone se ka khoptjoa kapa sa oa, se ka ’na sa e-ba le nako ea ho ema ’me sa qeta peiso haeba se potlaka. Peisong ea rōna ea bophelo bo sa feleng, ha re tsebe ‘letsatsi le hora’ ea hore na peiso ea rōna e tla fela neng. (Mat. 24:36) Ho ntse ho le joalo, haeba re sa oe hangata, re tla tsoela pele re matha, re ke ke ra tsoa peisong, ’me re tla atleha ho qeta peiso. Kahoo, re ka qoba ho khoptjoa joang?

HO KHOPTJOA HO THIBELANG MOTHO HORE A TSOELE PELE

9. Ke lintho life tse ka re khopang tseo re tla li tšohla?

9 A re ke re tšohleng lintho tse hlano tse ka ’nang tsa re khopa—e leng mefokolo ea rōna, litakatso tsa nama, ho tšoaroa ka ho hloka toka ke balumeli-’moho le rōna, matšoenyeho kapa mahloriso le ho se phethahale ha batho ba bang. Leha ho le joalo, haeba re kile ra khoptjoa, re lokela ho hopola hore Jehova o na le mamello. Ha a potlakele ho re nka re le batho ba sa tšepahaleng.

10, 11. Ke mefokolo efe eo Davida a ileng a loantšana le eona?

10 Mefokolo ea rōna e ka ’na ea tšoantšoa le majoe a leng lebaleng leo ho matheloang ho lona. Ha re hopola lintho tse etsahetseng bophelong ba Morena Davida le moapostola Petrose, re ka hlokomela mefokolo eo—e leng ho hlōleha ho itšoara le ho tšaba batho.

11 Morena Davida o ile a bontša bofokoli ba ho hloleha ho itšoara, joalokaha ho bonahetse ho se ileng sa etsahala pakeng tsa hae le Bathe-sheba. Hape, ha Nabale a ne a qeta ho rohaka Davida, Davida o ne a le mothating oa ho nka khato ka lepotlapotla. Ka sebele o ile a hlōleha ho itšoara, empa ha aa ka a tela ho leka ho khahlisa Jehova. Kaha o ile a thusoa ke batho ba bang, o ile a boela a ba le kamano e ntle le Jehova.—1 Sam. 25:5-13, 32, 33; 2 Sam. 12:1-13.

12. Le hoja Petrose a ile a khoptjoa o ile a tsoela pele ka peiso joang?

12 Petrose o ile a tšaba batho, ’me ka linako tse ling o ile a khoptjoa habohloko; leha ho le joalo, o ile a lula a tšepahala ho Jesu le ho Jehova. Ka mohlala, o ile a latola Monghali oa hae phatlalatsa, eseng hanngoe empa ka makhetlo a mararo. (Luka 22:54-62) Hamorao, Petrose o ile a hlōleha ho etsa lintho joaloka Mokreste, ha a ne a tšoara balumeli-’moho le eena ba Balichaba joalokaha eka hase ba bohlokoa joaloka Bakreste ba Bajuda. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a hlokomela taba eo ka ho hlaka—hore phutheho hase sebaka sa ho khetholla batho ho ea ka maemo a bona. Boikutlo ba Petrose bo ne bo fosahetse. Pele boitšoaro ba Petrose bo senya kutloano ea bara ba motho, Pauluse o ile nka khato ka hore a eletse Petrose ka ho toba, lifahleho li talimane. (Bagal. 2:11-14) Na Petrose o ile a ikutloa a theotsoe seriti hoo a ileng a khaotsa ho matha peisong ea bophelo? Che. O ile a nahana ka ho teba ka keletso ea Pauluse, a e sebelisa, eaba o tsoela pele peisong.

13. Ho fokola ’meleng ho ka ’na ha etsa hore batho ba bang ba khoptjoe joang?

13 Ka linako tse ling bofokoli ba rōna e ka  ba ho kula. Ho kula le hona ho ka re khopa. Ho ka kena-kenana le tsoelo-pele ea rōna ea moea ha ba ha etsa hore re thekesele re be re khathale. Ka mohlala, morali’abo rōna e mong oa Mojapane o ile a kula ka mor’a hore a qete lilemo tse 17 a kolobelitsoe. O ile a ameha haholo ka ho kula ha hae hoo a ileng a qetella a fokola moeeng. Hamorao o ile a qetella a se a sa kopanele tšebeletsong. Baholo ba babeli ba ile ba mo etela. Mantsoe a bona a bontšang mosa a ile a mo khothatsa hoo a ileng a qala ho ea libokeng hape. O re, “Ke ile ka lla kaha barab’abo rōna ba ile ba ntumelisa ka mofuthu.” Hona joale morali eo oabo rōna o boetse peisong.

14, 15. Ke bohato bofe bo matla boo re lokelang ho bo nka haeba re e-na le litakatso tse fosahetseng? Etsa mohlala.

14 Litakatso tsa nama li ’nile tsa etsa hore batho ba bangata ba khoptjoe. Ha re lekeha ka tsela ena, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho lula re hloekile kelellong, boitšoarong le moeeng. Re lokela ho hopola keletso ea Jesu ea hore ka tsela ea tšoantšetso re “lahlele hōle” ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka ’nang ea re khopa, esita le leihlo kapa letsoho la rōna. Na lintho tseo li ke ke tsa akarelletsa menahano le liketso tse litšila tse ’nileng tsa etsa hore ba bang ba khaotse ho matha peisong ee?—Bala Matheu 5:29, 30.

15 Mora e mong oabo rōna ea hōletseng lelapeng la Bokreste o ile a re o nkile nako e telele haholo a ntse a loantšana le takatso ea ho rata batho ba bong bo tšoanang le ba hae.O ile a re: “Ke ne ke lula ke sa phutholoha. Ho ne ho bonahala eka ho ne ho se na lehlakore leo ke oelang ho lona.” Ha a le lilemo li ka bang 20, e ne e se e le pula-maliboho ebile e le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. Ka mor’a moo, o ile a khoptjoa habohloko eaba o fuoa khalemelo ea Mangolo ’me baholo ba mo thusa. Thapelo, ho ithuta Lentsoe la Molimo, le ho tsepamisa kelello tabeng ea ho thusa batho ba bang, li ile tsa mo thusa hore a boele a eme ’me a tsoele pele peisong ea hae ea moea. Lilemo hamorao, o ile a re: “Ka linako tse ling ke ntse ke e-ba le takatso eo, empa ha ke e lumelle hore e ntlhōle. Ke hlokometse hore Jehova a ke ke a u tlohela hore u lekoe ho feta seo u ka se jarang. Kahoo, ke lumela hore Molimo oa tseba hore nka khona ho hlōla bothata bona.” Mora eo oabo rōna o qetella ka ho re: “Lintho tsohle tseo ke ileng ka li mamella li tla ntsoela molemo lefatšeng le lecha. Ke batla seo! Ho fihlela ka nako eo, ke tla tsoela pele ke loana.” O ikemiselitse ho tsoela pele a matha peisong.

16, 17. (a) Ke eng e ileng ea thusa mora e mong oabo rōna ea neng a nahana hore o tšoeroe ka ho hloka toka? (b) E le hore re se ke ra khoptjoa, re lokela ho tsepamisa likelello tsa rōna ho eng?

16 Ho tšoaroa ka ho hloka toka ke balumeli-’moho le rōna ho ka re khopa. Mora e mong oabo rōna oa Fora, eo e neng e le moholo, o lumela hore o ile a tšoaroa ka ho hloka toka, ’me seo se ile sa mo utloisa bohloko haholo. Ka lebaka leo, o ile a khaotsa ho kopanela le phutheho ’me eaba ha a sa kopanela tšebeletsong. Baholo ba babeli ba ile ba mo etela ’me ba mo mamela ka tsela e bontšang kutloelo-bohloko, ba se ke ba mo kena hanong ha a ntse a hlalosa litaba ka tsela eo a neng a li bona ka eona. Ba ile ba mo khothalletsa hore a lahlele moroalo oa hae ho Jehova ’me ba totobatsa hore ntho ea bohlokoa ke hore a thabise Molimo. O ile a amohela keletso ’me ka mor’a nakoana a qalella hape ho matha peisong, a boela a etsa mesebetsi ea phutheho ka mafolofolo.

17 Bakreste bohle ba lokela ho tsepamisa likelello tsa bona ho Hlooho e khethiloeng ea phutheho, e leng Jesu Kreste, eseng ho batho ba sa phethahalang. Jesu, eo mahlo a hae a leng “joaloka lelakabe la mollo,” o shebile lintho tsohle ka pono e nepahetseng ’me o bona lintho tse ngata ho feta tseo re li bonang. (Tšen. 1:13-16) Ka mohlala, oa hlokomela hore se ka ’nang sa bonahala e le ho hloka toka ho rōna e ka ’na eaba ke ho se utloisisane. Jesu o tla sebetsana le litlhoko tsa phutheho ka tsela e phethahetseng le ka nako e nepahetseng. Kahoo, ha rea lokela ho lumella hore liqeto kapa lintho tseo Bakreste-’moho le rōna ba li etsang li re khope.

18. Re ka mamella liteko le maemo a boima joang?

18 Lintho tse ling tse ka re khopang ke matšoenyeho kapa mahloriso le ho se phethahale  ha batho ba bang ka phuthehong. Papisong ea hae ea mojali, Jesu o ile a re “matšoenyeho kapa mahloriso” ka lebaka la lentsoe a ka etsa hore batho ba bang ba khoptjoe. Ho sa tsotellehe hore na mahloriso ao a tsoa hokae—ho ba lelapa, baahelani kapa balaoli ba ’muso—a ka ’na a ama haholo-holo motho ‘ea se nang motso,’ e leng motho ea sa tieang moeeng. (Mat. 13:21) Leha ho le joalo, haeba re boloka lipelo tsa rōna li le boemong bo botle, peō ea ’Muso e tla re thusa hore tumelo ea rōna e be le metso e tiileng. Ha u hlaheloa ke liteko, loanela ho rapela le ho nahanisisa ka lintho tse lokeloang ke thoriso. (Bala Bafilipi 4:6-9.) Jehova a ka re thusa hore re mamelle liteko le hore re se ke ra lumella maemo a boima hore a re khope.

U se ke ua lumella letho hore le u thibele ho qeta peiso!

19. Re ka etsa’ng e le hore re qobe ho khoptjoa haeba motho e mong a re khopisa?

19 Ka bomalimabe, ka lilemo tse ngata batho ba bang ba ’nile ba lumella ho se phethahale ha batho ba bang hore ho ba tlohelise ho matha peisong. Ba ile ba khoptjoa ke ho ba le maikutlo a sa tšoaneng litabeng tse amanang le letsoalo. (1 Bakor. 8:12, 13) Haeba motho e mong a re khopisa, na re tla lumella seo hore e be taba e khōlō? Bibele e eletsa Bakreste hore ba khaotse ho ahlola batho ba bang, ba ba tšoarele, ’me ba qobe ho tsitlella ho seo bona ba nkang hore se nepahetse. (Luka 6:37) Ha u thulana le ntho e ka ’nang ea u khopa, ipotse: ‘Na ke ahlola batho ba bang ho latela tsela eo ’na ke ratang ho etsa lintho ka eona? Kaha kea tseba hore bara le barali beso ha baa phethahala, na ke tla lumella hore ho se phethahale ha motho e mong ho etse hore ke tlohele ho matha peisong ea bophelo?’ Haeba re rata Jehova, seo se tla re thusa ho ikemisetsa hore re ke ke ra lumella ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe hore a re sitise ho fihla kholeng ea tlhōlo.

MATHA KA MAMELLO—U QOBE HO KHOPTJOA

20, 21. Ke eng eo u ikemiselitseng ho e etsa peisong ea bophelo?

20 Na u ikemiselitse ho ‘matha tseleng ea peiso ho fihlela qetellong’? (2 Tim. 4:7, 8) Kahoo, re lokela ho etsa thuto ea botho. Sebelisa Bibele le lingoliloeng tsa rōna hore li u thuse ho etsa lipatlisiso, ho thuisa le ho hlokomela lintho tse ka ’nang tsa u khopa. Kōpa moea o halalelang e le hore o ka u thusa ho lula u le matla moeeng. Hopola hore ha ho na semathi se tla hlōleha peisong ea bophelo hobane feela ka linako tse ling se khoptjoa kapa se oa. Se ka ema eaba se boela peisong. Se ka ’na sa sebelisa majoe a ka ’nang a se khopa hore se hate holim’a ’ona, sa ithuta thuto ea bohlokoa mathateng ao se thulaneng le ’ona a amang tumelo ea sona.

21 Bibele e hlalosa ho matha peisong ea bophelo bo sa feleng e le ntho eo motho a e etsang ka hore a be mafolofolo eseng hore a lule feela a sa etse letho. Ha ho tšoane le ho palama bese e nkang batho ebe e ba isa kholeng ea tlhōlo. Re lokela ho matha peisong ea bophelo ka borōna. Ha re ntse re etsa seo, “khotso e ngata” ea Jehova e tla tšoana le moea o re khannang ka morao. (Pes. 119:165) Re kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele a hlohonolofatsa batho bohle ba qetang peiso hona joale le ka ho sa feleng nakong e tlang.—Jak. 1:12.