Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebeletsa Jehova Pele Matsatsi a Tlokotsi a Tla

Sebeletsa Jehova Pele Matsatsi a Tlokotsi a Tla

“U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo.”—MOEK. 12:1.

1, 2. (a) Solomone o ile a bululeloa hore a ngolle bacha keletso efe? (b) Ke hobane’ng ha keletso ea Solomone e le ea bohlokoa le ho Bakreste ba seng ba fetile lilemo tse 50?

MORENA SOLOMONE o ile a bululeloa hore a ngolle bacha mantsoe ana: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo . . . matsatsing a bohlankana ba hao, pele matsatsi a tlokotsi a tla.” “Matsatsi a tlokotsi” ke afe? Solomone o ile a hlalosa matsatsi a tlokotsi a botsofali ka puo ea liroki, a bua ka matsoho le maoto a thothomelang, ho tsoa meno, ho se bone, ho se utloe hantle, ho soeufala moriri le ho kotlobana. Motho ha aa lokela ho emela hore a fihle boemong bona pele a qala ho sebeletsa Jehova.—Bala Moeklesia 12:1-5.

2 Bakreste ba bangata ba seng ba fetile lilemo tse 50 ba ntse ba le mahlahahlaha. E ka ’na eaba moriri o se o qalile ho ba moputsoa, empa mohlomong ha ba e-s’o fokolloe ke bophelo ka tsela eo Solomone a e hlalositseng. Na Bakreste baa ba hōlileng ba ka sebelisa keletso e bululetsoeng e neng e lebisitsoe ho bacha e reng: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo”? Mantsoe aa a bolela’ng?

3. Ho hopola ’Mōpi oa rōna e Moholo ho akarelletsa eng?

 3 Esita le haeba re sebelelitse Jehova ka lilemo tse ngata, ke hantle hore nako le nako re khefutse ’me re nahane ka ho teba kamoo ’Mōpi oa rōna a leng moholo kateng. Ruri o entse lintho tse phelang ka tsela e hlollang! Tsela e rarahaneng eo a li entseng ka eona e phahametse kutloisiso ea motho. Jehova o entse lintho tse ngata tse sa tšoaneng ’me li etsa hore re thabele bophelo. Ha re nahanisisa ka pōpo ea Jehova, re ananela bocha lerato, bohlale le matla a hae. (Pes. 143:5) Empa ho hopola ’Mōpi oa rōna e Moholo ho boetse ho akarelletsa ho nahana ka lintho tseo re tlamehang ho mo etsetsa tsona. Ha re ntse re nahana ka seo, ha ho pelaelo hore re ikutloa re tlamehile ho bontša ’Mōpi oa rōna teboho ka hore re mo sebeletse ka botlalo hafeela re sa phela.—Moek. 12:13.

MENYETLA E IKHETHANG HO BA HŌLILENG

4. Bakreste ba nang le phihlelo ba ka ipotsa potso efe, hona hobane’ng?

4 Haeba u motho e moholo ea nang le phihlelo, u lokela ho ipotsa potso ena ea bohlokoa, ‘Ke tla etsa’ng hona joale, ha ke sa ntse ke e-na le matla le sehlahlo?’ Kaha ke khale u le Mokreste, u na le menyetla eo ba bang ba se nang eona. U ka ruta bacha seo u ithutileng sona ho Jehova. U ka matlafatsa ba bang ka hore u ba phetele liphihlelo tse thabisang tseo u bileng le tsona ha u ntse u sebeletsa Molimo. Morena Davida o ile a rapella monyetla o joalo. O ile a ngola a re: “Molimo, u nthutile ho tloha bocheng ba ka . . . Esita le ho fihlela botsofaling le bohlooho-putsoeng, Molimo, u se ke ua ntlohela, ho fihlela nka bolela letsoho la hao molokong, ke bolele ka matla a hao ho bohle ba tlang ho tla.”—Pes. 71:17, 18.

5. Bakreste ba hōlileng ba ka ruta ba bang seo ba ithutileng sona joang?

5 U ka etsa’ng ho arolela ba bang bohlale boo u bo bokeletseng ho theosa le lilemo? Na u ka memela bacha ba sebeletsang Molimo ha hao hore le tl’o thabela botsoalle bo hahang? Na u ka ba kōpa hore ba tsamaee le uena tšebeletsong ea Bokreste e le hore ba bone thabo eo u bang le eona ha u sebeletsa Jehova? Elihu oa mehleng ea boholo-holo o ile a re: “Matsatsi a lokela ho bua, lilemo tse ngata ke tsona tse lokelang ho tsebahatsa bohlale.” (Jobo 32:7) Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa basali ba Bakreste ba hōlileng hore ba khothatse ba bang ka mantsoe le ka liketso. O ile a ngola a re: “Basali ba hōlileng . . . e be mesuoe ea se molemo.”—Tite 2:3.

NAHANA KAMOO U KA THUSANG BA BANG KATENG

6. Ke hobane’ng ha Bakreste ba hōlileng ba sa lokela ho ikhalala?

6 Haeba ke khale u le Mokreste, u na le menyetla e mengata. Nahana ka lintho tseo u li tsebang hona joale, tseo u neng u sa li tsebe lilemong tse 30 kapa tse 40 tse fetileng. Hona joale u khona ho sebelisa melao-motheo ea Bibele hamolemonyana bophelong. Mohlomong u khona ho finyella ba bang lipelo ka ’nete ea Bibele. Haeba u moholo, ua tseba hore na u lokela ho etsa’ng ho thusa barab’abo rōna ba nkang mohato o fosahetseng. (Bagal. 6:1) Mohlomong u ithutile ho hlokomela mesebetsi ea phutheho, mafapha a kopano kapa kaho ea Liholo Tsa ’Muso. E ka ’na eaba u khona ho khothalletsa lingaka hore li sebelise mekhoa e meng ea phekolo e sa hlokeng tšelo ea mali. Esita le haeba u sa tsoa ithuta ’nete, ho na le lintho tsa bohlokoa tseo u ithutileng tsona bophelong. Ka mohlala, haeba u na le bana, ho na le lintho tse ngata tseo u ithutileng tsona. Bakreste ba hōlileng e ka ba mohloli o matla oa khothatso ho batho ba Jehova ka hore ba rute bara le barali babo bona, ba ba tataise le ho ba matlafatsa.—Bala Jobo 12:12.

7. Bakreste ba hōlileng ba ka koetlisa bacha ka litsela life?

7 U ka sebelisa bokhoni ba hao ka botlalo  joang? Mohlomong u ka bontša bacha tsela ea ho qalisa lithuto tsa Bibele le ho li khanna. Haeba u morali’abo rōna, mohlomong u ka eletsa basali ba bacha hore na ba etse’ng e le hore ba nke karolo linthong tsa moea le hoja ba hōlisa bana. Haeba u mor’abo rōna, u ka ruta barab’abo rōna ba bacha ho fana ka lipuo ka cheseho le hore e be baboleli ba atlehang ba litaba tse molemo. U ka ba bontša seo u se etsang ha u etetse bara le barali babo rōna ba hōlileng e le hore u ba khothatse moeeng. Esita le haeba ha u sa na matla joaloka pele, u na le monyetla o babatsehang oa ho koetlisa bacha. Lentsoe la Molimo le re: “Botle ba bahlankana ke matla a bona, ’me bokhabane ba banna-baholo ke bohlooho-putsoa ba bona.”—Liprov. 20:29.

HO SEBELETSA MOO HO NANG LE TLHOKAHALO

8. Moapostola Pauluse o ile a etsa’ng ha a se a hōlile?

8 Moapostola Pauluse o ile a sebeletsa Molimo ka matla ’ohle a hae ha a se a hōlile. Ha a lokolloa teronkong Roma hoo e ka bang ka 61 C.E., o ne a qetile lilemo tse ngata a ikitlaetsa ka matla tšebeletsong ea boromuoa ebile a ka be a ile a lula Roma hore a pake moo. (2 Bakor. 11:23-27) Ha ho pelaelo hore barab’abo rōna ba lulang motseng oo o moholo ba ne ba tla ananela hore a tsoele pele a ba tšehetsa. Empa Pauluse o ile a lemoha hore ho na le tlhokahalo e khōloanyane linaheng tse ling. O ile a boela a qala mosebetsi oa hae oa boromuoa a tsamaea le Timothea le Tite, ’me ba ea Efese ba ntan’o fetela Kreta, mohlomong le Macedonia. (1 Tim. 1:3; Tite 1:5) Ha re tsebe haeba o ile a ea Spain, empa o ne a rerile ho etsa joalo.—Bar. 15:24, 28.

9. E ka ’na eaba Petrose o ile moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane neng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

9 E ka ’na eaba moapostola Petrose o ne a se a fetile lilemo tse 50 ha a fallela moo ho nang le tlhokahalo. Ke hobane’ng ha re bua joalo? Haeba e ne e le lithaka le Jesu kapa mohlomong a le moholoanyane ho eena, e tlameha ebe o ne a ka ba lilemo li 50 ha a kopana le baapostola ba bang Jerusalema ka 49 C.E. (Lik. 15:7) Nakoana ka mor’a hore a kopane le bona, Petrose o ile a ea Babylona, mohlomong e le hore a pakele Bajuda ba bangata ba lulang moo. (Bagal. 2:9) O ile a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng ha a ntse a le moo, hoo e ka bang ka 62 C.E. (1 Pet. 5:13) Ho tloaela ho phela sebakeng se seng ho ka ’na ha e-ba thata, empa le hoja Petrose a ne a se a hōlile, ha aa ka a lumella seo hore se mo sitise ho thabela ho sebeletsa Jehova ka botlalo.

10, 11. Pheta phihlelo ea motho ea ileng a ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo ha a se a hōlile.

10 Kajeno, Bakreste ba bangata ba seng ba fetile lilemo tse 50 baa hlokomela hore maemo a bona a fetohile le hore ba ka sebeletsa Jehova ka litsela tse ncha. Ba bang ba ile moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane. Ka mohlala, Robert o ile a ngola a re: “’Na le mosali oa ka re ne re ka ba lilemo li 55 ha re lemoha hore ho na le lintho tse ling tseo re ka li etsang. Mora oa rōna o ne a se a sa lule lapeng, re se na batsoali ba hōlileng ba hlokang hore re ba hlokomele ebile re fuoe lefa. Ha ke bala chelete eo re ka e fumanang ha re ka rekisa ntlo ea rōna, ke ile ka hlokomela hore e ka lekana ho lefa sekoloto sa ntlo le ho re phelisa ho fihlela ke fumana chelete ea penshene. Re ile ra utloa hore batho ba bangata ba Bolivia ba thabela ho ithuta Bibele, ’me theko ea lintho e tlaase. Kahoo, re ile ra etsa qeto ea ho falla. Ho ne ho se bonolo ho tloaela ho phela moo. Bophelo ba moo bo ne bo fapane hōle le ba Amerika Leboea. Empa boiteko ba rōna bo ile ba putsoa haholo.”

11 Robert o tsoela pele ho re: “Hona joale, sohle seo re se etsang ke mesebetsi ea phutheho. Batho ba bang bao re ithutileng Bibele le bona ba ile ba kolobetsoa. Re ne re ithuta le lelapa le leng le hulang ka thata  le lulang motsaneng o mong o hōjana. Empa beke le beke, litho tsa lelapa leo li ne li nka leeto li ea toropong e le hore li be teng libokeng. U ka inahanela hore na re ile ra thaba hakaakang ho bona lelapa leo le tsoela pele, ’me mora e moholo e ba pula-maliboho!”

TLHOKAHALO LIBAKENG TSEO HO BUUOANG LIPUO TSE LING

12, 13. Pheta phihlelo ea Mokreste e mong ea ileng a qala ho sebeletsa Jehova ka litsela tse ncha ha a tlohela mosebetsi.

12 Liphutheho le lihlopha tse buang lipuo tsa linaheng tse ling li ka rua molemo mohlaleng oa bara le barali babo rōna ba hōlileng. Hape, ho sebetsa libakeng tse joalo ho thabisa haholo. Ka mohlala, Brian o ile a ngola a re: “’Na le mosali oa ka re ile ra sulafalloa ke bophelo ha ke ba lilemo li 65, e leng lilemo tseo batho ba tlohelang mosebetsi ka tsona mona Brithani. Bana ba rōna ba ne ba se ba sa lule lapeng, ’me re sa atise ho fumana batho ba thahasellang bao re ka ithutang Bibele le bona. Joale, ke ile ka kopana le mohlankana e mong oa Lechaena, ea neng a etsa lipatlisiso univesithing. O ile a lumela ho tla libokeng ha re mo mema, ’me ka qala ho ithuta Bibele le eena. Ka mor’a libekenyana, o ile a qala ho tla le seithuti-’moho le eena sa Lechaena. Libeke tse peli hamorao, a tla le se seng ha ntan’o latela se seng.

13 “Ha seithuti sa bohlano se kōpa thuto ea Bibele, ke ile ka nahana ka re, ‘Hore ebe ke lilemo li 65 ha ho bolele hore ke lokela ho khaotsa ho sebeletsa Jehova.’ Kahoo, ke ile ka botsa mosali oa ka eo ke mo sieang ka lilemo tse peli hore na a ke ke a thabela ho ithuta Sechaena. Re ne re ithuta sona ka ho mamela lirekoto tsa puo eo. Ho se ho fetile lilemo tse leshome joale. Ho paka tšimong eo ho buuoang puo ea naha e ’ngoe ho etsa hore re ikutloe re le bacha hape. Hona joale re se re ithutile Bibele le Machaena a 112! A mangata a ’ona a se a kile a tla libokeng. Le leng la Machaena ao, e se e le pula-maliboho.”

Mohlomong ha u e-s’o tsofale hoo u ka sitoang ho atolosa tšebeletso ea hao (Sheba serapa sa 12 le 13)

THABELA HO ETSA SEO U KA SE KHONANG

14. Bakreste ba hōlileng ba ka thabisoa ke eng, hona mohlala oa Pauluse o ka ba khothatsa joang?

14 Le hoja Bakreste ba bangata ba seng ba fetile lilemo tse 50 ba na le monyetla  oa hore ba ka sebeletsa Jehova ka litsela tse ncha, ba bang ha ba khone. Ba bang ba fokolloa ke bophelo, ha ba bang ba hlokomela batsoali ba seng ba hōlile kapa bana. U lokela ho thabisoa ke hore Jehova o ananela seo u khonang ho se etsa. Kahoo, ho e-na le hore u khathatsehe ka seo u hlōlehang ho se etsa, thabela ho etsa seo u ka se khonang. Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ile a qeta lilemo a le litlamong ka tlung, a sa khone ho etsa maeto a hae a boromuoa. Empa nako le nako ha batho ba mo etela, o ne a bua le bona ka Mangolo le ho ba matlafatsa tumelong.—Lik. 28:16, 30, 31.

15. Ke hobane’ng ha Bakreste ba hōlileng e le ba bohlokoa?

15 Jehova o boetse o ananela seo ba hōlileng ba khonang ho se etsa. Le hoja Solomone a boletse hore matsatsi a tlokotsi a ha motho a se a kula hase eona nako e molemo, Jehova o ananela seo Bakreste ba hōlileng ba se etsang ho mo rorisa. (Luka 21:2-4) Litho tsa phutheho li ananela mohlala oa bona o motle oa ho mo sebeletsa ka botšepehi nako e telele.

16. E ka ’na eaba Anna ea tsofetseng ha aa ka a ba le monyetla oa ho etsa’ng, empa o ile a khona ho etsa’ng borapeling ba Molimo?

16 Bibele e re mosali-moholo e mong ea bitsoang Anna o ile a tsoela pele ho rorisa Jehova le ha a se a tsofetse. E ne e le mohlolohali ea lilemo li 84 ha Jesu a hlaha. Ho ka etsahala hore ebe ha aa ka a phela nako e telele ka mor’a moo hore e be molateli oa Jesu, a tlotsoe ka moea o halalelang kapa hona ho ba le monyetla oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Leha ho le joalo, Anna o ile a thabela ho etsa seo a neng a ka khona ho se etsa. ‘Le ka mohla o ne a sa hlokoe tempeleng, a etsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.’ (Luka 2:36, 37) Ha moprista a ntse a nyehela libano hoseng le mantsiboea tempeleng letsatsi le leng le le leng, Anna o ne a ba har’a bongata bo khobokaneng lebaleng mohlomong a qeta halofo ea hora a ntse a rapella ka pelong. Ha a bona lesea Jesu, o ile a qala “ho bua ka ngoana eo ho bohle ba letetseng topollo ea Jerusalema.”—Luka 2:38.

17. Re ka etsa’ng ho thusa Bakreste ba hōlileng le ba kulang hore ba kopanele borapeling ba ’nete?

17 Kajeno re lokela ho batla litsela tsa ho thusa Bakreste ba hōlileng kapa ba kulang. Ba bang ba ka ’na ba rata ho ea libokeng tsa phutheho kapa likopanong, empa baa sitoa. Libakeng tse ling, ka lerato liphutheho li lokiselitse hore bao ba hōlileng ba mamele liboka ka thelefono. Sena se ka ’na sa se ke sa khoneha libakeng tse ling. Empa Bakreste ba sitoang ho tla libokeng le bona ba ka tšehetsa borapeli ba ’nete. Ka mohlala, lithapelo tsa bona li ka tlatsetsa hore phutheho ea Bokreste e atlehe.—Bala Pesaleme ea 92:13, 14.

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba hōlileng ba ka ’na ba se ke ba elelloa kamoo ba khothatsang ba bang kateng? (b) Ke bo-mang ba ka sebelisang keletso e reng: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo”?

18 Bakreste ba hōlileng ba ka ’na ba se ke ba elelloa kamoo ba khothatsang ba bang kateng. Ka mohlala, le hoja Anna a ile a qeta lilemo a tšepahalla ho ea tempeleng, e ka ’na eaba o ne a sa hlokomele hore mohlala oa hae o tla khothatsa ba bang esita le ka mor’a lilemo tse makholo. Tsela eo Anna a neng a rata Jehova ka eona e ngotsoe ka Mangolong. Ha ho pelaelo hore balumeli-’moho le uena ba tla lula ba ananela tsela eo u ratang Molimo ka eona. Ke kahoo Lentsoe la Molimo le reng: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka”!—Liprov. 16:31.

19 Kaofela ha rōna re ka sebeletsa Jehova ho isa bohōleng bo itseng. Empa e se eka rōna ba ntseng ba e-na le matla le mahlahahlaha re ka nahanisisa ka mantsoe ana a bululetsoeng: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo . . . pele matsatsi a tlokotsi a tla.”—Moek. 12:1.