Sebeletsa Molimo ka Botšepehi ho sa Tsotellehe “Matšoenyeho a Mangata”
“Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.”—LIK. 14:22.
1. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba sa makale ha ba hlaheloa ke matšoenyeho?
NA TABA ea hore u ka lebella ho tobana le “matšoenyeho a mangata” pele u fumana moputso oa bophelo bo sa feleng e ea u makatsa? Mohlomong ha e u makatse. Ebang u mocha ’neteng kapa ke khale u sebeletsa Jehova, u ua tseba hore mathata ke karolo ea bophelo lefatšeng lena le laoloang ke Satane.—Tšen. 12:12.
2. (a) Ntle ho mathata ao batho bohle ba sa phethahalang ba tobanang le ’ona, Bakreste ba tobana le matšoenyeho a mofuta ofe? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke mang ea susumelletsang matšoenyeho a re hlahelang, hona re tseba seo joang?
2 Ntle ho mathata a “tloaelehileng ho batho”—e leng ao batho bohle ba sa phethahalang ba tobanang le ’ona—Bakreste ba tobana le matšoenyeho a mofuta o mong. (1 Bakor. 10:13) Ke afe? Ba tobana le khanyetso e matla hobane ba khomarela melao ea Molimo ka tieo. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Ke mang ea susumetsang hore ba hanyetsoe? Ha e le hantle, ke Satane, eo Bibele e mo hlalosang e le “tau e purumang, e batlang ho harola” batho ba Molimo. (1 Pet. 5:8) Satane o tla etsa ntho leha e le efe ho leka ho senya botšepehi ba barutuoa ba Jesu. Nahana ka se ileng sa etsahalla moapostola Pauluse.
BA TOBANA LE MATŠOENYEHO LYSTRA
3-5. (a) Pauluse o ile a tobana le matšoenyeho afe ha a le Lystra? (b) Molaetsa oa hae o buang ka matšoenyeho a tlang o ne o khothatsa ka tsela efe?
3 Pauluse o ile a hlorisoa ka makhetlo a ’maloa ka lebaka la tumelo ea hae. (2 Bakor. 11:23-27) Ka lekhetlo le leng ke ha a ne a le Lystra. Ka mor’a hore Pauluse a folise monna e mong ea neng a hlahile a holofetse, batho ba ile ba mo tlotla hammoho le Barnabase ka ho re ke melimo. Ba ile ba tlameha ho kōpa letšoele leo le thabileng hore le se ke la ba rapela! Empa ka mor’a nakoana feela, ho ile ha fihla bahanyetsi ba Bajuda ba ileng ba jala leshano ’me ba khelosa letšoele leo. Boemo bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo! Joale letšoele le ile la qala ho tlepetsa Pauluse ka majoe ’me la mo siea a le makhatheng a lefu.—Lik. 14:8-19.
4 Ka mor’a hore ba etele Derbe, Pauluse le Barnabase ba ile “ba khutlela Lystra le Ikoniamo le Antioke, ba matlafatsa meea ea barutuoa, ba ba khothaletsa ho lula tumelong ’me ba re: ‘Re tla kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.’” (Lik. 14:21, 22) Mohlomong qalong mantsoe ao a ile a utloahala a makatsa. Etsoe ho bolelloa hore u tla tobana le “matšoenyeho a mangata” ho ka ’na ha utloahala ho nyahamisa, ho e-na le ho khothatsa. Empa ke joang Pauluse le Barnabase ba ileng ‘ba matlafatsa barutuoa’ ka molaetsa o reng ba tla tleloa ke matšoenyeho a eketsehileng?
5 Re ka fumana karabo haeba re hlahlobisisa mantsoe a Pauluse. Ha aa ka a re: “Re lokela ho mamella matšoenyeho a mangata.” Ho e-na le hoo, o ile a re: ‘Re lokela ho kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.’ Kahoo Pauluse o ile a matlafatsa barutuoa bao ka ho totobatsa liphello tse ntle tse tlisoang ke ho tšepahala. Moputso oa bona e ne e le oa sebele. Ha e le hantle, Jesu o ile a re: “Ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Mat. 10:22.
6. Ba mamellang ba tla fumana moputso ofe?
6 Haeba re mamella, re tla putsoa. Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla putsoa ka bophelo ba ho se shoe leholimong e le babusi-’moho le Jesu. “Linku tse ling” tsona li tla putsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng leo ‘ho loka ho tla aha ho lona.’ (Joh. 10:16; 2 Pet. 3:13) Empa joalokaha Pauluse a boletse, re tla tobana le matšoenyeho a mangata pele ho moo. Nahana ka mefuta e ’meli ea liteko eo re ka ’nang ra tobana le eona.
LITLHASELO TSE TOBILENG
7. Ke matšoenyeho a mofuta ofe ao ho ka thoeng ke litlhaselo tse tobileng?
7 Jesu o ile a bolela esale pele a re: “Batho ba tla nehelana ka lōna makhotleng a libaka, ’me le tla otloa ka lisynagogeng ’me le emisoe ka pel’a babusisi le marena.” (Mar. 13:9) Joalokaha mantsoe ana a bontša, Bakreste ba bang ba tla tobana le matšoenyeho ka hore ba hlokofatsoe nameng, mohlomong ka lebaka la tšusumetso ea baeta-pele ba bolumeli kapa ba lipolotiki. (Lik. 5:27, 28) Ak’u boele u nahane ka mohlala oa Pauluse. Na o ile a tšoha ha a nahana ka taba ea hore o tl’o hlorisoa? Che.—Bala Liketso 20:22, 23.
8, 9. Pauluse o ile a bontša joang hore o ikemiselitse ho mamella, hona barab’abo rōna ba bang kajeno ba bontšitse boikemisetso bo tšoanang joang?
8 Pauluse o ile a emelana ka sebete le litlhaselo tse tobileng tsa Satane ’me a re: “Ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Lik. 20:24) Ho hlakile hore Pauluse o ne a sa tšabe mahloriso a mo tlelang. Ho e-na le hoo, o ne a ikemiselitse ho mamella ho sa tsotellehe hore na o tobana le eng. Ntho e ka sehloohong eo a neng a amehile ka eona e ne e le “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo” ho sa tsotellehe matšoenyeho.
9 Kajeno, bara le barali babo rōna ba bangata ba bontšitse boikemisetso bo tšoanang. Ka mohlala, naheng e ’ngoe Lipaki li ile tsa mamella ho koalloa teronkong ka lilemo tse ka bang 20 hobane li sa nke lehlakore. Ha ho mohla li kileng tsa isoa khotla, kaha naheng eo molao ha o sireletse batho ba hanang ho ea sesoleng ka lebaka la letsoalo. Ba malapa a Lipaki tse teronkong, ba ne ba haneloa ho li etela, ’me batšoaruoa ba bang ba ile ba otloa le ho hlokofatsoa ka litsela tse sa tšoaneng.
10. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba matšoenyeho a re hlahelang ka tšohanyetso?
10 Barab’abo rōna ba bang ba mamella matšoenyeho a ba hlahelang ka tšohanyetso. Haeba seo se u etsahalla, u se ke ua tšoha. Nahana ka Josefa. O ile a rekisoa bokhobeng, empa Jehova “a mo lopolla matšoenyehong ’ohle a hae.” (Lik. 7:9, 10) Le uena Jehova a ka u lopolla. U se ke ua lebala hore “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.” (2 Pet. 2:9) Na u tla tsoela pele ho tšepa Jehova, u tseba hore a ka u lopolla tsamaisong ee e khopo ea lintho ’me a u lumella ho thabela bophelo bo sa feleng pusong ea ’Muso oa hae? U na le mabaka a utloahalang a ho etsa seo le a ho mamella mahloriso ka sebete.—1 Pet. 5:8, 9.
LITLHASELO TSE POTELETSENG
11. Litlhaselo tse poteletseng tsa Satane li fapana joang le tse tobileng?
11 Mofuta o mong oa matšoenyeho oo re ka ’nang ra tobana le oona ke oa litlhaselo tse poteletseng. O fapana joang le ho hlaseloa ka tsela e tobileng ka ho hlokofatsoa? Litlhaselo tse tobileng li tšoana le sefefo se matla se puputlang motse ebe se soahlamanya ntlo ea hao hang-hang. Litlhaselo tse poteletseng tsona li tšoana le masetlaoko a jang mapolanka a ntlo butle-butle ho fihlela a e liha. Ka ho tšoanang, motho a ka ’na a lieha ho elelloa litlhaselo tse poteletseng ho fihlela ho se ho se seo a ka se etsang.
12. (a) Leqheka le leng leo Satane a le sebelisang ke lefe, hona ke hobane’ng ha le atleha hakaale? (b) Ho nyahama ho ile ha ama Pauluse joang?
12 Satane o batla ho senya kamano ea hao le Jehova, ebang ke ka ho sebelisa litlhaselo tse tobileng tsa mahloriso kapa ka hore a senye tumelo ea hao butle-butle ka litlhaselo tse poteletseng. Leqheka le leng le atlehang leo Satane a le sebelisang ke ho nyahama. Moapostola Pauluse o ile a re ka linako tse ling o ne a ikutloa a nyahame. (Bala Baroma 7:21-24.) Ke hobane’ng ha Pauluse—ea neng a le “matla” moeeng mohlomong ebile e le setho sa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo—a ne a ka ipitsa “monna ea sōtō”? Pauluse o ile a re o ikutloa ka tsela ena ka lebaka la ho se phethahale. O ne a batla ho etsa se nepahetseng, empa ho e-na le ho hong ho mo sitisang. Haeba ka linako tse ling u ikutloa ka tsela eo, na ha u khothatsoe ke ho tseba hore esita le moapostola Pauluse o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang?
13, 14. (a) Ke’ng e etsang hore batho ba bang ba Molimo ba nyahame? (b) Ke mang ea batlang ho bona re oa tumelong, hona hobane’ng?
13 Ka linako tse ling, bara le barali babo rōna ba bangata ba ikutloa ba nyahame, ba tšoenyehile kapa mohlomong ba se na thuso. Ka mohlala, pula-maliboho e mong ea chesehang eo re tla mo bitsa Debora o re: “Ke lula ke nahana ka phoso eo nkileng ka e etsa, ’me seo sea ’nyotobetsa. Ha ke nahana ka lintho tsohle tse fosahetseng tseo ke li entseng, ke ikutloa eka ha ho motho ea tla ke a nthate, esita le Jehova.”
14 Ke’ng e etsang hore bahlanka ba bang ba Jehova ba chesehang joaloka Debora, ba ikutloe ba nyahame? Ho ka ’na ha e-ba le mabaka a ’maloa a seo. E ka ’na eaba batho ba bang ba tloaetse ho nahana lintho tse mpe feela ka bona esita le ka maemo a bona bophelong. (Liprov. 15:15) Athe ba bang e ka ’na eaba ke ka lebaka la bokuli bo itseng bo amang maikutlo. Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke sefe, re lokela ho hopola hore na ke mang ea batlang ho nka monyetla ka boemo boo. Ha e le hantle, ke mang ea batlang hore re nyahame ho fihlela re tela? Ke mang ea batlang hore u ikutloe u sa amohelehe joaloka eena? (Tšen. 20:10) Ha ho pelaelo hore ke Satane. ’Nete ke hore ebang Satane o sebelisa litlhaselo tse tobileng kapa tse poteletseng, sepheo sa hae ke ho etsa hore re tšoenyehe, re felloe ke cheseho ’me re tele. Lula u hopola hore batho ba Molimo ba ntoeng ea moea!
15. Re ka bontša joang hore re ikemiselitse ho se tele?
15 Ikemisetse ho se tele le ka mohla. Lula u nahana ka moputso. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Korinthe, a re: “Ha re tele, empa le haeba motho eo re leng eena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng eena ka hare o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi. Kaha le hoja matšoenyeho e le a motsotsoana ’me a le bobebe, a re hlahisetsa khanya ea boima bo fetisisang bo ntseng bo eketseha ’me ke ea ka ho sa feleng.”—2 Bakor. 4:16, 17.
ITOKISETSE MATŠOENYEHO HONA JOALE
16. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ikoetlisetse matšoenyeho hona joale?
16 Joalokaha re se re bone, Satane o sebelisa “maqiti” a mangata. (Baef. 6:11) E mong le e mong oa rōna o lokela ho latela tataiso e ho 1 Petrose 5:9 e reng: “Emang khahlanong le eena, le tiile tumelong.” E le hore re etse seo, re lokela ho lokisa likelello le lipelo tsa rōna ’me re itloaetse hona joale ho etsa se nepahetseng. Ka mohlala: Lebotho la sesole le atisa ho qeta nako e ngata le ikoetlisa ka matla le haeba ho se na tšokelo ea ntoa. Hoa tšoana le ka lebotho la Jehova le loanang ntoa ea moea. Ha re tsebe hore na re ka ’na ra hlaseloa joang nakong e tlang. Ka hona, na e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore re ikoetlise hona joale ha maemo a sa lumela? Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe a re: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.”—2 Bakor. 13:5.
17-19. (a) Re ka itlhahloba ka tsela efe? (b) Bacha ba ka etsa’ng ho itokiselletsa ho sireletsa tumelo ea bona ha ba le sekolong?
17 Tsela e ’ngoe eo re ka mamelang keletso ea Pauluse e bululetsoeng ka eona, ke ka hore re itlhahlobe ka hloko. Ipotse lipotso tse kang: ‘Na ke phehella thapelong? Ha ke tobane le khatello ea lithaka, na ke mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho? Na ke ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste? Na ka sebete ke bolella ba bang seo ke se lumelang? Na ke leka ka matla ho mamella mefokolo ea balumeli-’moho le ’na—feela joalokaha le bona ba mamella ea ka? Na ke ikokobelletsa ba etellang pele ka phuthehong ea heso le ba tsamaisang mosebetsi o etsoang lefatšeng ka bophara?’
18 Hlokomela hore lipotso tse peli ho tse botsitsoeng ka holimo li mabapi le ho sireletsa tumelo ea rōna ka sebete le ho hanyetsana le khatello ea lithaka. Ke seo bacha ba bangata ba rōna ba tlamehang ho se etsa ha ba le sekolong. Ba ithutile hore ba se ke ba tšaba ho buella seo ba se lumelang kapa ba hlajoa ke lihlong ka sona. Ho e-na le hoo, ba bua ka sebete. Ho fanoe ka litlhahiso tse sebetsang limakasineng tsa rōna. Ka mohlala, Tsoha! ea July 2009 e fane ka tlhahiso ea hore haeba ngoana e mong oa sekolo a u botsa, a re: “Ke hobane’ng ha u sa lumele hore lintho li iphetotse?” u ka mo araba ka ho re: “Ke hobane’ng ha ke lokela ho lumela hore li iphetotse? Bo-rasaense ha ba lumellane tabeng ena, e leng bona bao ho nkoang hore ke litsebi!” Batsoali, netefatsang hore le koetlisa bana ba lōna e le hore ba ka tobana ka katleho le khatello ea lithaka ha ba le sekolong.
19 Ke ’nete hore ka linako tse ling ha ho bonolo ho bua kapa ho etsa lintho tse ling tseo Jehova a re laelang tsona. Ha re tsoa mosebetsing re khathetse, re ka ’na ra tlameha ho iqobella ho ea libokeng. Re ka ’na ra thatafalloa ho tsoha hoseng e le hore re ee tšimong. Empa hopola hore haeba u e-na le kemiso e ntle ea lintho tsa moea, u tla khona ho tobana le liteko tse matla le ho feta nakong e tlang.
20, 21. (a) Ho thuisa ka thekollo ho ka re thusa joang ho loantša ho nyahama? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng mabapi le matšoenyeho?
20 Ho thoe’ng ka litlhaselo tse poteletseng? Ka mohlala, u ka loantša ho nyahama joang? Tsela e ka sehloohong eo u ka etsang seo ka eona ke ka ho thuisa ka thekollo. Ke sona seo moapostola Pauluse a ileng a se etsa. O ne a tseba hore ka linako tse ling o ikutloa a nyahame. Empa o ne a boetse a tseba hore Kreste o shoetse baetsalibe, eseng batho ba phethahetseng. ’Me Pauluse e ne e le e mong oa baetsalibe bao. Ha e le hantle, o ile a ngola, a re: ‘Ke phela ka tumelo e mabapi le Mora oa Molimo, ea ileng a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.’ (Bagal. 2:20) Pauluse o ile a amohela thekollo. O ile a elelloa hore thekollo e fanoe molemong oa hae ka ho khetheha.
21 Le uena u ka rua molemo haholo haeba u elelloa hore thekollo ke mpho eo Jehova a u fileng eona. Sena ha se bolele hore ho nyahama ho tla khaotsa hang-hang. Ba bang ba rōna ba ka ’na ba tlameha ho tobana le tlhaselo ena e poteletseng ho fihlela lefatšeng le lecha. Empa hopola hore ba tiisetsang ho fihlela qetellong ke bona ba tla fumana moputso. Re ntse re atamela le ho feta haufi le letsatsi leo ’Muso oa Molimo o tla tlisa khotso le ho busetsa batho bohle ba tšepahalang phethehong. Ikemisetse ho kena ’Musong oo, esita le haeba ke ka matšoenyeho a mangata.