Mpho eo Majapane a Neng a sa e Lebella
SEBOKENG se khethehileng se neng se tšoaretsoe Nagoya, Japane, ka la 28 April, 2013, Anthony Morris oa Sehlopha se Busang o ile a phatlalatsa ho lokolloa ha buka e ncha ea Sejapane e nang le sehlooho se reng Bibele—Kosepele ea Matheu. Batho ba fetang 210 000 ba neng ba le teng sebokeng seo le ba neng ba hoketsoe ka video ba ile ba opa liatla nako e telele.
Buka ena e maqephe a 128 ea Kosepele ea Matheu e ea ikhetha ’me e nkiloe ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Sejapane. Mor’abo rōna Morris o ile a hlalosa hore e ne e reretsoe ho finyella litlhoko tsa batho ba tšimong ea Japane. Ke’ng e ikhethang ka buka ee ea Bibele? Morero oa eona ke ofe? Batho ba ikutloa joang ka eona?
KE’NG E IKHETHANG KA BUKA EE?
Bamameli ba ne ba sa lebella tsela eo buka ena ea Matheu e ngotsoeng ka eona. Litlhaku tsa Sejapane li ka ngoloa li theosa kapa li ea lehlakoreng, ’me lingoliloeng tse ngata—ho akarelletsa le tsa rōna—li ngoloa ka mongolo o eang lehlakoreng. Leha ho le joalo, bukeng ena e ncha li ngotsoe li theosa e leng tsela eo likoranta le libuka tse ngata tsa Sejapane li ngoloang ka eona. Majapane a mangata a nka hore ho bonolo ho li bala ha li ngotsoe ka mokhoa ona. Ho feta moo, lihlooho tse holimo leqepheng li kenyelelitsoe tabeng e le lihloohoana ho nolofalletsa babali ho bona lintlha-khōlō.
Bara le barali babo rōna ba Japane ba ile ba bala buka ena ea Matheu hang-hang. Morali e mong oabo rōna ea lilemo tse ka holimo ho 80 o re: “Ke balile buka ea Matheu ka makhetlo, empa tsela eo ena e ngotsoeng ka eona esita le lihloohoana tse kenyelelitsoeng tabeng, e nthusitse hore ke utloisise Thuto ea Jesu ea Thabeng haholoanyane.” Morali e mong oabo rōna ea mocha o ile a re: “Ke ile ka bala buka eohle ea Matheu ka ba ka e qeta ka nako e le ’ngoe. Ke tloaetse ha litlhaku li ngotsoe li ea lehlakoreng, empa batho ba bangata ba Japane ba rata ha li ngotsoe li theosa.”
E RERETSOE BATHO BA TŠIMONG EA JAPANE
Ke hobane’ng ha buka ee ea Bibele ka ho khetheha e ka finyella litlhoko tsa batho ba tšimong ea Japane? Le hoja batho ba bangata ba Japane ba sa tloaelana le Bibele, ba ka thabela ho e bala. Batho ba bangata ba e-s’o ka ba bona Bibele ba tla ba le monyetla oa ho tšoara karolo ea eona le ho e bala.
Ke hobane’ng ha ho ile ha khethoa buka ea Matheu? Ho batho ba bangata ba Japane, ha ho buuoa ka “Bibele” ba nahana ka Jesu Kreste. Kahoo ho ile ha khethoa buka ea Matheu hobane e na le tlaleho ea leloko la Jesu le tsoalo ea hae, Thuto ea hae e tsebahalang ea Thabeng le boprofeta bo hlollang boo a ileng a fana ka bona mabapi le matsatsi a ho qetela—e leng lintlha tseo batho ba bangata ba Japane ba ka li thahasellang.
Bahoeletsi ba ’Muso ba Japane ba ile ba qala ho aba buka ena e ncha ka cheseho ha ba ea ka ntlo le
ntlo le ha ba etsa maeto a ho boela. Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Hona joale ke khona ho abela batho ba bangata tšimong ea rōna Lentsoe la Molimo. Ha e le hantle, ke ile ka atleha ho tsamaisa buka ea Matheu hona thapameng eo ea seboka se khethehileng!”BATHO BA IKUTLOA JOANG KA EONA?
Bahoeletsi ba buella buka ee e ncha joang? Batho ba bangata ba Japane ba tloaetse lipoleloana tse kang “heke e moqotetsane,” ‘ho lahlela liperela ka pel’a likolobe’ le e reng “le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang.” (Matheu 6:34; 7:6, 13) Baa makala ha ba utloa hore mantsoe ao a buuoe ke Jesu Kreste. Ha ba bangata ba bona mantsoe ana bukeng ea Matheu, ba re: “Ke khale ke batla ho bala Bibele leha e se e le hanngoe feela.”
Ha bahoeletsi ba khutlela ho batho ba nkileng buka ea Matheu, beng ba matlo ba atisa ho ba bolella hore ba se ba e balile, ba bang ba se ba bile ba e qetile. Monna e mong ea lilemo tse ka holimo ho 60 o ile a re ho mohoeletsi e mong: “Ke e balile ka makhetlo-khetlo ’me e ea ntšelisa. Ke kōpa u nthute Bibele.”
Buka ena ea Matheu e tsamaisoa le bopaking ba phatlalatsa. Morali’abo rōna e mong ea neng a etsa bopaki ba phatlalatsa, o ile a fa mosali e mong ea ileng a nka buka ea Matheu aterese ea hae ea e-mail. Hora hamorao, mosali eo o ile a romela morali’abo rōna e-mail a mo bolella hore o se a balile karolo e ’ngoe ea buka eo ea Bibele le hore o batla ho ithuta ka ho eketsehileng. Bekeng e latelang, a qala ho khanneloa thuto ea Bibele, ’me ka mor’a nakoana a qala ho ba teng libokeng.
Ho rometsoe libuka tse fetang 1 600 000 tsa Matheu liphuthehong tsa Japane. Khoeli le likhoeli, Lipaki li tsamaisa tse likete tse mashome. Selelekela sa buka ena se hlalosa maikutlo a bahatisi ha se re: “Re tšepa ka tieo hore ho bala buka ena ho tla etsa hore u thahaselle Bibele le ho feta.”