Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bitsa Jehova “Abba, Ntate” ha a rapela?

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bitsa Jehova “Abba, Ntate” ha a rapela?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bitsa Jehova “Abba, Ntate” ha a rapela?

Lebitso la Searame ʼab·baʼʹ le ka bolela “ntate” kapa “Oho Ntate.” Makhetlong a mararo ao lebitso lena le hlahang ho ’ona ka Mangolong, le hlaha e le karolo ea thapelo ’me le sebelisoa ha ho buuoa ka Ntate oa leholimo, e leng Jehova. Lebitso lee ke la bohlokoa hakae?

The International Standard Bible Encyclopedia, e re: “Ha ho ipueloa feela mehleng ea Jesu, ka ho khetheha ʼabbāʼ e ne e sebelisoa ke bana ha ba bitsa bo-ntate ba bona ka tsela e bontšang hore ba na le kamano e haufi-ufi le bona ebile baa ba hlompha.” E ne e le tsela e monate eo bana ba bitsang bo-ntate ka eona ebile e le le leng la mantsoe ao bana ba a bitsang ha ba qala ho ithuta ho bua. Jesu o ile a bitsa Ntate oa hae ka tsela eo nakong eo a neng a mo rapela ka tieo. Ha a le serapeng sa Gethesemane, lihora tse seng kae feela pele a e-shoa, Jesu o ile a bitsa Jehova ka mantsoe ana, “Abba, Ntate” ha a rapela.—Mareka 14:36.

Buka e boletsoeng ka holimo ea ho etsa lipatlisiso e tsoela pele ho re: “Ka sebele hase ntho e tloaelehileng ho bona ho sebelisitsoe ʼAbbāʼ ha ho buuoa ka Molimo libukeng tsa Sejuda tsa mehleng ea Bagerike le Baroma ’me ha ho potang hore lebaka la seo ke hobane ho ne ho tla bonahala e le mokhoa o se nang tlhompho oa ho bua le Molimo.” Leha ho le joalo, “Jesu . . . o ile a mo bitsa ka tsela eo ha a rapela e le ho bontša ka tsela e sa tobang hore O ne a tiile ha a re o na le kamano e haufi-ufi le Molimo.” Mangolo a mang a mabeli moo “Abba” e hlahang teng—a ngotsoeng ke moapostola Pauluse—a bontša hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba bitsa Molimo ka tsela eo ha ba mo rapela.—Baroma 8:15; Bagalata 4:6.

Ke hobane’ng ha karolo e ’ngoe ea Bibele e ngotsoe ka Segerike?

Moapostola Pauluse o ile a re “liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo” li ne li behiloe tlhokomelong ea Bajuda. (Baroma 3:1, 2) Ka hona, boholo ba karolo e qalang ea Bibele e ngotsoe ka Seheberu, e leng puo ea Bajuda. Leha ho le joalo, Mangolo a Bakreste a ngotsoe ka Segerike. * Ho tlile joang?

Lekholong la bone la lilemo B.C.E., masole a neng a sebeletsa Alexandere e Moholo a ne a bua mefuta e sa tšoaneng ea Segerike sa boholo-holo ’me ka nako eo mefuta ena e ne e ntse e kopanngoa hore ho hlahisoe Sekoine, kapa Segerike se buuoang ke batho ba bangata. Ha Alexandere a ntse a hapa lichaba tse ling, Sekoine se ile sa fetoha puo ea machaba ea mehleng eo. Ka nako eo, Bajuda ba ne ba qhalakane. Ba bangata ha baa ka ba hlola ba khutlela Palestina ha ba tsoa botlamuoeng Babylona, le hoja ba ne ba ile ba lokoloha lilemo tse makholo pele ho moo. Ka lebaka leo, Bajuda ba bangata ba ile ba qetella ba se ba sa tsebe ho bua Seheberu se qaqileng, eaba ba bua Segerike. (Liketso 6:1) Ho ile ha hlahisoa Septuagint molemong oa bona, e leng Mangolo a Seheberu a neng a fetoletsoe ka Sekoine kapa Segerike se buuoang ke batho ba bangata.

Dictionnaire de la Bible e bontša hore ha ho puo e ’ngoe e neng e “e-na le mantsoe a mangata, e tenyetseha ebile e ratoa ke lichaba tse sa tšoaneng joaloka Segerike.” Ka lebaka la mantsoe a eona a mangata le a tobileng, sebōpeho-puo sa eona se nammeng hammoho le maetsi a hlakisang lintlha tse poteletseng, e ile ea e-ba “puo e sebelisoang ha ho qoqoa le ha ho fetisoa molaetsa—ruri ke eona puo e neng e hlokoa ke Bokreste.” Ka sebele hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha karolo e ’ngoe ea Bibele ea Bakreste e ile ea ngoloa ka Segerike.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Likarolo tse seng kae tsa Mangolo a Seheberu li ile tsa ngoloa ka Searame. Kamoo ho bonahalang kateng, Kosepele ea Matheu e ngotsoe pele ka Seheberu, ea ntan’o fetoleloa ka Segerike ke Matheu ka boeena.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Sekhechana sa Septuagint ea Segerike se ngotsoeng ka letsoho

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of Israel Antiquities Authority