“Re Tla Ja’ng?”
“Re Tla Ja’ng?”
LIJO le lino—ke lintho tseo batho ba neng ba atisa ho bua ka tsona ha Jesu a le lefatšeng. Mohlolo oa pele oo a ileng a o etsa e bile ho fetola metsi veine, ’me ka makhetlo a mabeli o ile a fepa matšoele ka mahobe a ’maloa le litlhapi. (Matheu 16:7-10; Johanne 2:3-11) Jesu o ne a sa tsebahale feela ka hore o ja le mafutsana, empa o ne a boetse a e-ja le barui. Ha e le hantle, lira tsa Jesu li ile tsa mo qosa ka hore ke monyollo le letahoa. (Matheu 11:18, 19) Ke ’nete hore Jesu o ne a se joalo. Leha ho le joalo, o ne a tseba hore lijo le lino e ne e le lintho tsa bohlokoa ho batho, ’me ka tsela e ipabolang o ile a sebelisa lintho tsena ho tšoantšetsa litaba tsa bohlokoa tsa moea.—Luka 22:14-20; Johanne 6:35-40.
E ne e le lijo le lino tsa mofuta ofe tse neng li tloaelehile mehleng ea Jesu? Lijo li ne li lokisoa joang? Hona ho ne ho hlokahala boikitlaetso bo bokae ha li lokisoa? Likarabo tsa lipotso tsena li tla u thusa hore u utloisise haholoanyane tse ling tsa liketsahalo le lipolelo tse boletsoeng ka har’a Likosepele.
Re fe “Bohobe ba Rōna ba Letsatsi Lena”
Ha Jesu a ruta barutuoa ba hae ho rapela, o ile a bontša hore ho nepahetse hore ba kōpe Molimo hore a ba fe lintho tse hlokahalang bophelong—e leng “bohobe ba rōna ba letsatsi lena.” (Matheu 6:11) Bohobe e ne e le sejo sa bohlokoa se tloaelehileng ho Baheberu le ho Bagerike, ’me polelo e reng “ho ja lijo” ka ho toba e bolela “ho ja bohobe.” Lijo-thollo tse neng li etsa bohobe, tse kang koro le harese, hammoho le tse ling tse kang habore, maili le nyalothe, ke tsona tse ka sehloohong tseo Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba li ja. Bafuputsi ba hakanya hore motho a le mong o ne a ka ja lik’hilograma tse 200 tsa lijo tse lithollo ka selemo, e leng se neng se fana ka halofo ea lik’halori tseo motho a li hlokang.
Batho ba ne ba ka reka bohobe ’marakeng. Empa malapa a mangata a ne a baka bohobe—e leng mosebetsi o neng o hlile o le mongata. Buka e bitsoang Bread, Wine, Walls and Scrolls, e re: “Kaha phofo ha e lule nako e telele, ’mè oa lelapa o ne a sila letsatsi le leng le le leng.” Mosebetsi oo o ne o nka nako e kae? Mongoli oa buka eo o re: “K’hilograma e le ’ngoe ea koro e ne e nka hora e le ’ngoe motho a sila ka thata ka leloala la letsoho ’me e hlahisa phofo e sa feteng lik’hilograma tse 0,8. Kaha ka letsatsi motho o ne a ka ja koro e etsang halofo ea k’hilograma, ’mè o ne a lokela ho sila lihora tse tharo e le hore a be le phofo e lekaneng batho ba bahlano kapa ba tšeletseng.”
Joale nahana ka Maria, e leng ’mè oa Jesu. Ho phaella mesebetsing e meng ea hae ea ka tlung, o ne a lokela ho etsa bohobe bo lekaneng ho Matheu 13:55, 56) Ha ho potang hore joaloka Maria, basali ba bangata ba Bajuda ba ne ba sebetsa ka thata e le hore ba lokise “bohobe . . . ba letsatsi lena.”
fepa monna oa hae, bara ba bahlano le bonyane barali ba babeli. (“Tloong, le je Lijo Tsa Lōna Tsa Hoseng”
Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a itlhahisa ho ba bang ba barutuoa ba hae hoseng ho hong. Barutuoa ba hae ba ne ba qetile bosiu bohle ba leka ho tšoasa litlhapi, empa ba ne ba sa tšoasa leha e le ’ngoe. Ha Jesu a bitsa metsoalle ea hae e khathetseng o ile a re: “Tloong, le je lijo tsa lōna tsa hoseng.” Eaba o ba fa litlhapi tse qetang ho tšoasoa le bohobe bo qetang ho tšoloa. (Johanne 21:9-13) Le hoja e le mona feela Kosepeleng moo ho buuoang ka lijo tsa hoseng, ho ne ho tloaelehile hore pele batho ba qala mesebetsi ea letsatsi ba je bohobe, linate le morara o omisitsoeng kapa mehloare.
Lijo tsa motšehare tsona? Batho ba sebetsang ba ne ba ja eng ha ba ile mosebetsing? Buka e bitsoang Life in Biblical Israel, e re: “Motšehare ho ne ho jeoa lijo tse bobebe, tse akhang bohobe, lithollo, mehloare le lifeiga.” Tseo ke lintho tseo mohlomong barutuoa ba ileng ba khutla motseng oa Sikare ba li nkile ha ba tla fumana Jesu a bua le mosali oa Mosamaria selibeng. “E ne e ka ba hora ea botšelela,” kapa har’a mpa ea motšehare ’me barutuoa “ba ne ba ile [ba ea] motseng ho ea reka lijo.”—Johanne 4:5-8.
Mantsiboea ke hona moo malapa a neng a hlile a bokana ho tla ja hantle. Ha buka e bitsoang Poverty and Charity in Roman Palestine, First Three Centuries C.E. e hlalosa lijo tsena, e re: “Batho ba bangata ba ne ba ja bohobe kapa papa e entsoeng ka habore, lithollo le lijo tse kang linaoa kapa lierekisi, ’me e le ka seoelo e entsoeng ka koro. Hangata ba ne ba li tšela letsoai le oli kapa mehloare, ka linako tse ling ba li tšela moro o nōkiloeng ka linōko tse bohale, mahe a linotši le mero ea litholoana tse tsoekere.” E ka ’na eaba lebese, chisi, meroho, litholoana tse sa tsoa khuoa, kapa tse omisitsoeng le tsona li ne li akarelletsoa lijong tsena. Ka nako eo ho ne ho e-na le mefuta e ka bang 30 ea meroho—e leng hanyanese, konofolo, rapa, lihoete, k’habeche, ha re bala tse ’maloa—’me sebakeng seo ho ne ho boetse ho lengoa mefuta e fetang 25 ea litholoana, e kang (1) lifeiga, (2) lideiti le (3) likharenate.
U se u ka inahanela ka tse ling tsa lijo tsena tse sa tšoaneng li behiloe tafoleng ha Jesu a ja lijo tsa mantsiboea le Lazaro le likhaitseli tsa hae, Maretha le Maria! Nahana hore na joale ho ile ha nkha hamonate hakaakang ka kamoreng ha monko oa oli e turang e nkhang hamonate, e leng oa “nareda ea ’nete” eo Maria a ileng a tlotsa maoto a Jesu ka eona, o kopana le monko oa lijo!—Johanne 12:1-3.
“Ha U Lokisetsa Mokete”
Ka lekhetlo le leng ha Jesu a ntse a ja “ka tlung ea e mong oa babusi ba Bafarisi,” o ile a ruta ba neng ba le teng thuto ea bohlokoa. O ile a re: “Ha u lokisetsa mokete, u meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng; ’me u tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka u buseletsang ka lona. Etsoe u tla buseletsoa tsohong ea Luka 14:1-14) Haeba Mofarisi a ne a latela keletso eo ea Jesu ’me a mema mafutsana, o ne a tla a tekela lijo tsa mofuta ofe?
ba lokileng.” (Morui o ne a ka fepa batho bohobe bo sa tloaelehang, bo bakiloeng ka libōpeho tse sa tšoaneng le bo natefisitsoeng ka veine, mahe a linotši, lebese le linōko. Mohlomong tafoleng ho ne ho ka ba le botoro le chisi. Ha ho potang hore mehloare e sa tsoa khuoa le e bolokiloeng, kapa oli ea mohloare le eona e ne e tla ba teng. Ho latela buka ea Food in Antiquity, “ka selemo, motho e mong le e mong o ne a sebelisa lik’hilograma tse 20 tsa oli ea mohloare lijong, ebe oli e ’ngoe e sebelisoa e le litlolo kapa molemong oa ho bonesa.”
Haeba Mofarisi a ne a lula pel’a leoatle, mohlomong eena le baeti ba hae ba ne ba tla ja tlhapi e sa tsoa tšoasoa. Ba lulang hōle le leoatle ba ne ba atisa ho ja tlhapi e tšetsoeng asene kapa letsoai e le hore e se ke ea bola. Mohlomong mong’a baeti o ne a ka ’na a ba fa nama—e leng lijo tseo mafutsana a neng a li ja ngope-setšoha. Lijo tse neng li tloaelehile haholo e ne e tla ba tse entsoeng ka mahe. (Luka 11:12) E ka ’na eaba lijo tsena li ne li tla be li natefisitsoe ka linōko tse kang koena, dille, kumine le mosetareta. (Matheu 13:31; 23:23; Luka 11:42) Hamorao, mohlomong baeti ba ne ba ka ’na ba itatsoa ka lijo tse theolelang tse entsoeng ka koro e halikiloeng e tsoakiloeng le lialmonde, mahe a linotši le linōko.
Batho ba ileng moketeng ba ne ba ka ’na ba fuoa morara—ebang ke o sa tsoa khuoa, o omisitsoeng kapa oo e seng e le veine. Ho fumanoe lihatelo tsa veine tse ngata-ngata libakeng tsa Palestina, e leng se bontšang hore batho ba bangata ba ne ba thabela ho noa veine. Sebakeng se seng sa Gibeone, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana libaka tse 63 tse fatiloeng letlapeng, tseo ho neng ho tšeloa veine ho tsona, tse neng li ka tšela lilithara tse 100 000 tsa veine.
“Le se ke la Tšoenyeha”
Ha u ntse u bala Likosepele, hlokomela hore na ke ka makhetlo a mangata hakae Jesu a buang ka lijo kapa lino lipapisong tsa hae kapa tsela eo ka eona a rutang lithuto tsa bohlokoa nakong ea ha ho jeoa. Ho hlakile hore Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba thabela ho ja le ho noa, haholo-holo ha ba e-na le metsoalle ea bona, empa lintho tsena ha ea ka ea e-ba tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona.
Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba lule ba e-na le pono e leka-lekaneng ka lijo le lino ha a ne a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.” (Matheu 6:31, 32) Barutuoa ba ile ba latela keletso eo ea bohlokoa ’me Molimo o ile a ba hlokomela ka lintho tseo ba li hlokang. (2 Bakorinthe 9:8) Ke ’nete hore lijo tseo u li jang e ka ’na eaba tse fapaneng le tse neng li jeoa lekholong la pele la lilemo. Empa u ka kholiseha hore Molimo o tla u hlokomela ka lintho tseo u li hlokang haeba u nka ho mo sebeletsa e le ntho e tlang pele bophelong.—Matheu 6:33, 34.