Vatican Codex—Ke Hobane’ng ha e Nkoa e le Letlotlo?
Vatican Codex—Ke Hobane’ng ha e Nkoa e le Letlotlo?
HO NA le lintho tse ngata tsa bohlokoa tse bokeletsoeng Vatican. Botle bo tsotehang ba litšoantšo tsa eona tse ileng tsa takoa hang ha ho qetoa ho plastaroa, liemahale le mehaho e raliloeng ka bokhabane, ka sebele li rōleloa khaebana. Leha ho le joalo, ka lilemo tse makholo, ho ne ho se bonolo ho fihla letlotlong la eona la bohlokoa ka ho fetisisa. Ka Laebraring ea Vatican, ho na le buka e ngotsoeng ka letsoho e fanang ka leseli likarolong tse itseng tsa Lentsoe la Molimo tse ileng tsa ngoloa lilemong tse likete tse fetileng. E tsejoa e le Vatican Codex. *
Libuka tse ling tse peli tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele, e leng Codex Alexandrinus le Codex Sinaiticus, tseo litsebi li li nkang e le tsa bohlokoahali, li ile tsa sibolloa ka tsela e thahasellisang tsa ba tsa sireletsoa hore li se ke tsa senngoa. Empa Vatican Codex eona ha ho tsejoe hantle hore na e simoloha hokae.
Letlotlo le Patiloeng
Vatican Codex e tsoa hokae? Ntho ea khale-khale eo e hlahang ho eona ke lethathamo la libuka Laebraring ea Vatican lekholong la bo15 la lilemo. Litsebi li nahana hore e ka ’na eaba e ile ea ngoloa Egepeta, Sesarea, kapa hona Roma. Leha ho le joalo, ka mor’a ho sekaseka likhopolo tsena, Moprofesa J. Neville Birdsall oa Univesithi ea Birmingham, Engelane, o ile a phetha ka ho re: “Ka bokhutšoanyane feela, re ke ke ra re joang kapa joang Codex Vaticanus e simolohile sebakeng se itseng le hona ka nako itseng, ebile re sitoa ho fumana histori ea eona ea pele ho lekholo la bo15 la lilemo, ho sa tsotellehe boiteko bo etsoang ke litsebi.” Leha ho le joalo, Vatican Codex e ’nile ea bitsoa e ’ngoe ea libuka tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho. Hobane’ng?
Lilemong tse makholo tse fetileng, bakopitsi ba bang ba ile ba etsa liphoso ha ba ntse ba kopitsa Bibele. Kahoo, bothata boo bafetoleli ba thulanang le bona ha ba ntse ba batla mohloli o nepahetseng oo ba ka fetolelang ho tsoa ho oona, ke ba hore ba fumane libuka tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho tse ka tšeptjoang, tse fetisang se neng se ngotsoe mangolong a boholo-holo. Kahoo, u se u ka inahanela kamoo litsebi li ileng tsa chesehela kateng ho hlahloba Vatican Codex, e leng buka e ngotsoeng ka letsoho ea Segerike ea lekholong la bone la lilemo C.E., e leng lilemo tse ka tlaase ho 300 ka mor’a hore ho ngoloe Bibele! Codex ena e na le Mangolo a Seheberu le a Segerike a Bakreste kaofela, ntle le likarolo tse ’maloa tse lahlehileng ha nako e ntse e feta.
Ka nako e telele ba boholong Vatican ba ne ba le leqe ho lokollele litsebi tsa Bibele codex ena. Sir Frederic Kenyon, eo e leng setsebi se tsebahalang sa litaba tse ngotsoeng, o ile a re: “Ka 1843, ka mor’a hore [setsebi sa Bibele, Konstantin von] Tischendorf a lete likhoeli tse ngata, o ile a fuoa lihora tse tšeletseng feela hore a e hlahlobe. . . . Ka 1845, Tregelles, setsebi se phahameng sa Lenyesemane, o ile a lumelloa hore a e bone, empa a bolelloa hore a se ke a kopitsa leha e le lentsoe le le leng feela.” Tischendorf o ile a kenya kōpo ea hore a e bone hape, eaba o fuoa matsatsi a itseng empa ka mor’a hore ho fumanoe hore o kopilitse maqephe a 20, eaba o thibeloa ho e bona. Leha ho le joalo, ho latela tlaleho ea Kenyon, “ka mor’a ho
etsa kōpo e ’ngoe hape, o ile a ekeletsoa ka matsatsi a tšeletseng, e leng se ileng sa mo fa kakaretso ea matsatsi a leshome le metso e mene kaofela, ao ka ’ona a neng a nka lihora tse tharo ka letsatsi a hlahloba codex eo; empa kaha o ile a ikitlaetsa ka matla nakong eo a e fuoeng, ka 1867, Tischendorf o ile a hatisa buka e nepahetseng ka ho fetisisa e kopilitsoeng ho eo ea boholo-holo eo ka nako eo e neng e le eona feela e ka fumanehang.” Hamorao Vatican e ile ea etsa hore kopi ea codex ena e boemong bo botle e fumanehe.Ho e “Baballa ka Hloko”
Litaba tse hlahang ho Vatican Codex li bontša’ng? The Oxford Illustrated History of the Bible e re “li bontša hore mantsoe a eona a peletiloe ka tsela e tšoanang hohle ebile e kopilitsoe ka ho nepahala, ’me taba e ngotsoe ka hloko joalokaha e ne e le joalo pele.” Buka eo ha e tsoela pele e re: “Ka hona, ho ka etsahala hore ebe buka ena e ngotsoe ke batho bao e neng e le litsebi litabeng tsa ho kopitsa.”
Litsebi tse peli tse tsebahalang tse ileng tsa khahloa ke ho ipabola ha Vatican Codex, e ne e le B. F. Westcott le F. J. A. Hort. Buka ea bona e bitsoang New Testament in the Original Greek, e hatisitsoeng ka 1881, e thehiloeng bukeng e ngotsoeng ka letsoho ea Vatican le ea Sinaitic, e ntse e le eona buka e ka sehloohong e sebelisoang ha ho fetoleloa Libibele tse ’maloa tsa kajeno tsa Mangolo a Segerike a Bakreste ho akarelletsa le The Emphasised Bible, ea J. B. Rotherham le Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
Leha ho le joalo, ba bang ba bahlahlobisisi ba ne ba nahana hore Westcott le Hort ba ne ba fositse ka ho tšepa Vatican Codex. Na codex ee e ne e le phetolelo e nepahetseng e nkiloeng mangolong a boholo-holo? Buka ea Bodmer e ngotsoeng pampiring ea loli pakeng tsa 1956 le 1961 e ile ea thabisa litsebi haholo kaha buka eo ea loli e ne e akarelletsa likarolo tsa mangolo a Luka le Johanne a ngotsoeng lilemong tse qalang tsa lekholo la boraro la lilemo C.E. Na likarolo tsee li ne li tšehetsa se hlahileng hamorao ho Vatican Codex?
Bukeng ea Novum Testamentum, Philip B. Payne le Paul Canart, ba ile ba ngola hore: “Ho na le ho tšoana ho ikhethang pakeng tsa Vaticanus le karolo e ntseng e le teng ea buka ea pampiri ea loli ea Bodmer. Ka lebaka la ho tšoana hoo, hoa utloahala ho etsa qeto ea hore motho ea neng a ngola Vaticanus o kopilitse buka e ngotsoeng ka letsoho e tšoanang haholo le eo buka ea Bodmer e kopilitsoeng ho eona. Ka hona, e tlameha ebe mongoli o kopilitse bukeng ea khale haholo e ngotsoeng ka letsoho kapa o kopilitse bukeng e neng e ile ea kopitsoa bukeng ea khale haholo.” Moprofesa Birdsall o ile a re: “Libuka tsena tse peli tse ngotsoeng ka letsoho li tšoana ka tsela e hlollang. . . . [Codex] ena e kopilitsoe ka tsela e hlokolosi: bahlophisi ba eona ba ne ba etsa bonnete ba hore ba baballa ka hloko seo ba se fumaneng.”
Ke ea Bohlokoa ho Bafetoleli
Ha e le hantle, hase hore ha buka e le ea khale haholo seo se bolela hore litaba tsa eona li atametse haholo ho tsa qalong. Leha ho le joalo, ho bapisa Vatican Codex le libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho, ke hona ho thusitseng litsebi tse ngata hore li fumane hore na mantsoe a neng a ngotsoe pele Bibeleng e ne e le afe. Ka mohlala, karolo e setseng ea Sinaitic Manuscript, eo le eona e kopilitsoeng lekholong la bone la lilemo C.E., ha e na libuka tse ngata tsa histori, ho qala ka Genese ho fihlela ho 1 Likronike. Empa ho hlaha ha tsona ho Vatican Codex hoa thusa tabeng ea ho tiisa hore moo li hlahang teng ka Bibeleng ho nepahetse.
Ho latela buka ea The Oxford Illustrated History of the Bible, “litaba tse buang ka Kreste le Boraro-bo-bong” li ne li etsa hore ho tsohe khang har’a litsebi. Vatican Codex e thusitse joang hore litaba tsee li hlake?
Nahana ka mohlala ona. Joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 3:13, Jesu o ile a re: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mor’a motho.” Bafetoleli ba bang ba ekelitse ka mantsoe a reng “ea leng leholimong.” Mantsoe ana a ekelitsoeng a fana ka maikutlo a hore Jesu o ne a le leholimong a bile a le lefatšeng ka nako e tšoanang—e leng maikutlo a tšehetsang khopolo ea Boraro-bo-bong. Mantsoe ao a hlaha libukeng tse fokolang tse ngotsoeng ka letsoho tsa ho tloha lekholong la bohlano le la leshome la lilemo C.E. Leha ho le joalo, taba ea hore mantsoe ao ha a hlahe libukeng tsa pele ho moo, tsa Vatican le Sinaitic, e entse hore bafetoleli ba bangata ba mehleng ena ba a ntše. Sena se rarolla pherekano e teng mabapi le hore na Kreste ke mang hape se lumellana le Bibele eohle. Ho e-na le hore ebe Jesu o ne a le libakeng tse peli ka nako e le ’ngoe, o ne a tsoa leholimong ’me haufinyane o ne a tla khutlela leholimong, a ‘nyolohele ho’ Ntate oa hae.—Johanne 20:17.
Vatican Codex e boetse e re thusa ho utloisisa litemana tse buang ka Morero oa Molimo ka lefatše. Hlokomela mohlala o latelang. Ho latela Bibele ea Sesotho, moapostola Petrose o ile a profeta hore “lefatše le tla cha ruri le mesebetsi e ho lona.” (2 Petrose 3:10) Libibele tse ling le tsona li ngotse mantsoe a tšoanang, ’me li nkile mantsoe ana ho Alexandrine Codex ea lekholong la bohlano la lilemo le libukeng tse ngotsoeng ka mor’a eona. Kahoo, babali ba bangata ba Bibele ba sa tsebeng letho ba entse qeto ea hore Molimo o tl’o felisa lefatše ka bolona.
Leha ho le joalo, lilemo tse lekholo pele ho ngoloa Alexandrine Codex, Vatican Codex (le Sinaitic Manuscript e ngotsoeng ka nako e le ’ngoe le eona) li ngotse boprofeta ba Petrose tjena, “lefatše le mesebetsi e ho lona li tla pepesoa.” Na see se lumellana le Bibele eohle? Ho joalo! Lefatše leo re phelang ho lona “le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 104:5) Joale lefatše le tla “pepesoa” ka tsela efe? Mangolo a mang a bontša hore lentsoe “lefatše” ka bolona le ka sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso. “Lefatše” le ka bua la ba la bina lipina. (Genese 11:1; Pesaleme ea 96:1) Kahoo, “lefatše” le ka bolela moloko oa batho. Ka sebele hoa tšelisa ho tseba hore Molimo a ke ke a felisa lefatše leo re phelang ho lona, empa o tla pepesa bokhopo bo teng a be a bo felise hammoho le batho ba bo bakang.
“Le Tla Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”
Ka masoabi, ka lilemo tse makholo ho bile thata haholo ho bona Vatican Codex, ’me seo se ile sa etsa hore batho ba balang Bibele ba atise ho khelosoa litemaneng tse ling tsa Bibele. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Vatican Codex e hatisetsoe batho ka kakaretso, eona le Libibele tse ling tse fetoletsoeng ka botšepehi, li thusitse batho ba batlang ho tseba ’nete hore ba ithute hore na ha e le hantle ke eng seo Bibele e se rutang.
Hangata bakopitsi ba khale ba ne ba ngola mantsoe ana libukeng tsa bona: “Motho ea ngotseng [sena] o tla ea lebitleng, empa se ngotsoeng se tla lula se le teng ho ea ho ile.” Kajeno re ananela mosebetsi o moholo oo bakopitsi bao ba sa tsejoeng ba o entseng. Empa ea rorisoang haholo ka ho sireletsa Bibele ke Mongoli oa eona, eo khale koana a neng a bululele moprofeta oa hae hore a ngole: “Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Esaia 40:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 2 Hape Vatican Codex e bitsoa Vatican Manuscript 1209 kapa Codex Vaticanus ’me litsebi tse ngata li e bitsa “B” ho e khetholla ho tse ling. Codex e bile mohlala oa mantlha oa libuka tsa kajeno. Sheba Molula-Qhooa oa June 1, 2007, sehloohong se reng, “E ne e le Moqolo ’Me ea E-ba Codex—Kamoo Bibele e Ileng ea Etsoa Buka Kateng.”
[Lebokose le leqepheng la 20]
Ho Fumana Hore na Libuka Tsena Tsa Boholo-holo li Ngotsoe Neng
Le hoja bakopitsi ba bang ba ngotse hore na ba ile ba qeta mosebetsi oa bona neng, libuka tse ngata tsa Segerike tse ngotsoeng ka letsoho ha li na boitsebiso boo. Joale litsebi li fumana joang hore na buka ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho e ile ea ngoloa neng? Feela joalokaha puo le litšoantšo tse hlahang libukeng li fetoha ha meloko e ntse e fetoha, le mongolo o joalo. Ka mohlala, mongolo oa uncial, o neng o ngoloa ka litlhaku tse khōlō tse hariloeng ka mela e lekanang, o ne o sebelisoa lekholong la bone la lilemo ’me o ile oa ’na oa sebelisoa lilemong tse makholo tse latelang. Litsebi tse hlokolosi tse bapisang libuka tsa khale tsa mongolo oa uncial tse sa bontšang hore na li ngotsoe neng le litokomane tse ling tse bontšitseng hore na ke tsa neng li ka khona ho fumana hantle hore na libuka tseo li ngotsoe neng.
Ho hlakile hore ho na le moo mokhoa ona o haelloang teng. Bruce Metzger e leng Moprofesa oa Seminari ea Princeton ea Thuto ea Bolumeli o ile a re: “Kaha mongolo oa motho o ka ’na oa se ke oa fetoha bophelo bohle ba hae, ho ke ke ha khoneha ho fana ka selemo se tobileng, ho ka hakanngoa feela hore e ngotsoe nakong e itseng pakeng tsa lilemo tse ka bang mashome a mahlano.” Ka ho sebelisa mokhoa ona o hlokolosi, litsebi li ile tsa etsa qeto ea hore Vatican Codex e ile ea ngoloa lekholong la bone la lilemo C.E.