Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

1 Hobane’ng?

1 Hobane’ng?

Re Lokela ho Rapela

1 Hobane’ng?

THAPELO. Ho na le litaba tse ’maloa tsa Bibele tse ipiletsang haholo le tse tsosang thahasello e khōlō ea batho. Ak’u nahane ka lipotso tse supileng tseo ka tloaelo batho ba li botsang mabapi le thapelo; ebe u hlahloba le rōna likarabo tseo Bibele e fanang ka tsona. Lihlooho tsena li ngoletsoe hore li u thuse mabapi le thapelo—hore u qale ho rapela kapa u ntlafatse lithapelo tsa hao.

LEFATŠENG ka bophara, setsong se seng le se seng le malumeling ’ohle batho baa rapela. Ba rapela ha ba le bang le ha ba e-na le batho ba bang. Ba rapela likerekeng, litempeleng, lisynagogeng, matlong a thapelo a Mamosleme le litempelaneng. Ba ka ’na ba sebelisa limmete, lirosari, mabili a ngotsoeng lithapelo, litšoantšo, libuka tsa lithapelo kapa lithapelo tse ngotsoeng libotong tse nyenyane tse fanyehoang.

Batho ba fapane le libōpuoa tse ling tse phelang lefatšeng hobane bona baa rapela. Ke ’nete hore ho na le lintho tse ngata tseo re tšoanang le liphoofolo ka tsona. Re hloka lijo, moea le metsi joaloka tsona. Hape rea tsoaloa, rea phela ebile rea shoa joaloka ka tsona. (Moeklesia 3:19) Empa batho ke bona feela ba rapelang. Hobane’ng?

Mohlomong karabo e bonolo ka ho fetisisa ke hore re hloka ho rapela. Etsoe ha e le hantle, thapelo e nkoa e le tsela eo ka eona batho ba ka finyellang nthong e itseng eo ba e nkang e halalela, ebile e le ea ka ho sa feleng. Bibele e bontša hore re entsoe re e-na le takatso ea lintho tse joalo. (Moeklesia 3:11) Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

E ka ’na eaba ‘tlhoko ena ea moea’ ke eona e entseng hore ho be le mehaho e majabajaba le lintho tse ling tse entsoeng ke batho tsa bolumeli, ebile e ka ’na eaba ke eona e etsang hore batho ba qete lihora-hora ba rapela. Ke ’nete hore batho ba bang ba nka hore bona ka bobona kapa batho ba bang ke bona ba ka khotsofatsang tlhoko ena ea moea. Leha ho le joalo, na ha u nahane hore batho ha ba na matla a lekaneng a hore ba thuse? Re fokola haholo, re phela nako e khutšoaane ebile ha re khone ho bonela lintho pele. Ke motho ea bohlale ho re feta, ea matla ho re feta le ea lulang a le teng ea ka re fang seo re se hlokang. Empa joale ke litlhoko life tsee tsa moea tse re susumelletsang hore re rapele?

Ak’u nahane: Na u se u kile ua labalabela ho tataisoa, ho fuoa bohlale kapa ho fuoa likarabo tsa lipotso tseo ho bonahalang li phahametse tsebo ea motho? Na u se u kile ua ikutloa u hloka matšeliso ha u utloisitsoe bohloko ke ho hlokahalloa, ua ikutloa u hloka tataiso ha u tobane le ho etsa qeto e boima, kapa ua ikutloa u hloka ho tšoareloa ka lebaka la ho jeoa ke molato?

Ho latela Bibele, ao kaofela ke mabaka a utloahalang a hore re rapele. Bibele ke buka e ka tšeptjoang ka ho fetisisa tabeng ena, etsoe e tlalehile lithapelo tsa banna le basali ba bangata ba neng ba tšepahala. Ba ile ba rapella matšeliso, tataiso, tšoarelo ea libe le hore ba fuoe likarabo tsa lipotso tse thata.—Pesaleme ea 23:3; 71:21; Daniele 9:4, 5, 19; Habakuke 1:3.

Le hoja lithapelo tseo li fapane, ho na le ntho eo li tšoanang ka eona. Ba neng ba rapela ba ne ba tseba lekunutu la hore na ba etse joang hore lithapelo tsa bona li arajoe, e leng ntho eo hangata kajeno e sa nkeloeng hloohong. Ba ne ba tseba hore na ba lokela ho rapela mang.