Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

2 Mang?

2 Mang?

Re Lokela ho Rapela

2 Mang?

NA LITHAPELO tsohle li leba nģa e le ’ngoe, ho sa tsotellehe hore na ho rapeloa mang? Hangata batho ba nahana joalo kajeno. Khopolo eo e ratoa ke batho ba buellang taba ea hore malumeli kaofela a kopane, le ba batlang hore kaofela ha ’ona a amohelehe, ho sa tsotellehe hore na a fapane hakae. Empa na ho ka etsahala hore ebe khopolo eo e fosahetse?

Bibele e ruta hore ha e le hantle batho ba bangata ha ba rapele motho ea nepahetseng. Mehleng ea ha Bibele e ne e ngoloa, batho ba ne ba tloaetse ho rapela litšoantšo tse betliloeng. Leha ho le joalo, ka makhetlo-khetlo Molimo o ile a lemosa batho hore ba se ke ba etsa seo. Ka mohlala, Pesaleme ea 115:4-6 e re ka litšoantšo: “Li na le litsebe, empa ha li utloe.” Ntlha e hlakile mona. Ha ho na molemo oa ho rapela molimo ea ke keng a u utloa.

Tlaleho e thahasellisang ea Bibele e totobatsa ntlha ena. Moprofeta oa ’nete, Elia, o ile a phephetsa baprofeta ba Baale ka hore ba rapele molimo oa bona ’me ka mor’a moo le eena o tla rapela oa hae. Elia o ile a re Molimo oa ’nete o ne a tla araba ’me oa bohata o ne a ke ke a araba. Tumellanong le phephetso eo, baprofeta ba Baale ba ile ba rapela nako e telele le hona ka thata, ba bile ba hoelelitse—empa molimo oa bona ha aa ka a ba araba! Tlaleho eo e re: “Ho ne ho se na ea arabang, ’me ho [se ea ba elang] hloko.” (1 Marena 18:29) Empa ho ile ha etsahala’ng ka Elia?

Ka mor’a hore Elia a rapele, Molimo oa hae o ile a arabela hang-hang, a romela mollo o tsoang leholimong hore o chese nyehelo ea hae. Phapang e ne e le efe? Marena a Pele 18:36, 37 e fana ka leseli la bohlokoa thapelong eo ea Elia. Ke thapelo e khutšoanyane haholo, e nang le mantsoe a ka bang 30 feela ka Seheberu sa pele. Leha ho le joalo, mantsoeng ao a seng makae, Elia o ile a bitsa lebitso la Molimo, Jehova, ka makhetlo a mararo.

Baale, e bolelang “mong’a” kapa “monghali,” e ne e le molimo oa Bakanana, ’me o ne a fapa-fapana ho latela litumelo tsa sechaba seo. Leha ho le joalo, Jehova ke lebitso le ikhethang, le sebetsang feela ho Motho a le mong bokahohleng bohle. Molimo enoa o ile a bolella batho ba hae, a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka.”—Esaia 42:8.

Na thapelo ea Elia le lithapelo tsa baprofeta bao ba Baale li ne li leba nģa e le ’ngoe? Borapeli ba Baale bo ne bo theola batho seriti ka mekhoa ea bona ea botekatse haesita le ho etsa mahlabelo ka batho. Ka lehlakoreng le leng, borapeli ba Jehova bo ne bo fa batho ba hae, e leng Baiseraele, seriti, bo ba lokolla mekhoeng eo e tlotlollang. Kahoo, nahana ka sena: Haeba u ngoletse motsoalle oa hao ea hlomphehang lengolo le eang ho eena ka ho khetheha, na u ka lebella hore le isoe ho motho e mong, ea bileng a nang le botumo bo bobe ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e hanana le seo motsoalle oa hao a se lumelang? Le hanyenyane!

Ha u rapela Jehova, u rapela ’Mōpi, Ntate oa batho bohle. * Moprofeta Esaia o ile a re thapelong ea hae: “Uena, Jehova, u Ntat’a rōna.” (Esaia 63:16) Ke Eena eo Jesu Kreste a buileng ka eena ha a ne a bolella balateli ba hae a re: “Ke nyolohela ho Ntate le Ntat’a lōna le ho Molimo oa ka le Molimo oa lōna.” (Johanne 20:17) Jehova ke Ntate oa Jesu. Ke eena Molimo eo Jesu a ileng a mo rapela le eo a ileng a ruta balateli ba hae hore ba mo rapele.—Matheu 6:9.

Na Bibele e re laela hore re rapele Jesu, Maria, bahalaleli kapa mangeloi? Che, e re re rapele Jehova feela. Hlahloba mabaka a mabeli a hore na ke hobane’ng ha ho le joalo. La pele, thapelo ke tsela e ’ngoe ea borapeli ’me Bibele e re borapeli bo lokela ho lebisoa ho Jehova feela. (Exoda 20:5) La bobeli, Bibele e senola hore o boetse o bitsoa “Ea utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Le hoja Jehova a fana ka boikarabelo bo bongata ho ba bang, ba ho utloa lithapelo bona ha aa bo fa le ea mong. Ke eena Molimo ea tšepisang hore o tla utloa lithapelo tsa rōna.

Ka hona, haeba u batla hore Molimo a utloe lithapelo tsa hao, hopola keletso e boleloang ke lengolo lena: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Liketso 2:21) Empa na Jehova o utloa lithapelo tsohle ho sa tsotellehe hore na maemo ke afe? Kapa na ho na le seo re lokelang ho se tseba haeba re batla hore Jehova a utloe lithapelo tsa rōna?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Malumeling a mang ho tloaelehile hore ho thoe ke phoso ho bitsa lebitso la Molimo, esita le thapelong. Leha ho le joalo, lebitso leo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 lipuong tseo Bibele e qalileng ho ngoloa ka tsona ’me le hlahile haholo lithapelong le lipesalemeng tsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ha Elia a phephetsa baprofeta ba Baale, ho ile ha hlaka hore lithapelo ha li lebe nģa e le ’ngoe