Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Bua ka Maleme—Na ho Tsoa ho Molimo?

Ho Bua ka Maleme—Na ho Tsoa ho Molimo?

Ho Bua ka Maleme—Na ho Tsoa ho Molimo?

DEVON o re: “Ho na le ntho eo ke sa e utloisiseng. Beke e ’ngoe le e ’ngoe kerekeng ea ka ho bonahala batho ba bangata ba tlala moea o halalelang ebe ka mohlolo ba bua lipuo tse sa tšoaneng. Ba bang ba bona ke batho ba itšoereng hampe. Ka lehlakoreng le leng, ’na ke leka ho itšoara hantle, empa ho sa tsotellehe hore na ke rapela hangata hakae, ha ho mohla ke fumanang mpho ena ea moea. Ebe ke hobane’ng?”

Gabriel le eena o kena kereke eo ho bonahalang batho ba eona ba fumana moea o halalelang ebe ba bua ka maleme. O re: “Ntho e nkhathatsang ke hore ha ke ntse ke rapela, ba bang ba nkena hanong ba hoelelitse ka puo eo ke sa e utloisiseng, eo le bona ka bobona ba sa e utloisiseng. Ha e le hantle, ha ho ea ruang molemo oa letho ka puo eo. Na mpho ea moea oa Molimo ha ea lokela ho tsoela batho molemo?”

Se boleloang ke Devon le Gabriel se etsa hore batho ba ipotse potso ena ea bohlokoa, Na ka sebele ho bua ka maleme joalokaha ho etsahala likerekeng tse ling kajeno ho tsoa ho Molimo? E le ho araba potso eo, ho molemo hore re hlahlobe mpho ea ho bua ka maleme ka mohlolo e ileng ea fuoa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.

“Ba Qala ho Bua ka Maleme a Fapaneng”

Ka Bibeleng, re bala ka banna le basali ba ileng ba fuoa matla a ho bua lipuo tseo ba neng ba sa ka ba ithuta tsona. Sena se etsahetse ka lekhetlo la pele libekeng tse seng kae ka mor’a lefu la Jesu Kreste, letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E. Letsatsing leo Jerusalema, barutuoa ba ka bang 120 ba Jesu ba ile “ba tlala moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng.” Baeti ba tsoang linaheng tse ling ba ile ba “makala, hobane e mong le e mong o ne a utloa ba bua ka puo ea hae.”—Liketso 1:15; 2:1-6.

Bibele e bua ka balateli ba bang ba pele ba Jesu ba neng ba e-na le matla ana a ikhethang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ne a ka bua maleme a mangata ka mohlolo ka lebaka la matla a moea o halalelang. (Liketso 19:6; 1 Bakorinthe 12:10, 28; 14:18) Empa mpho e joalo ea moea oa Molimo o halalelang e ne e lokela hore ebe e na le morero o utloahalang. Ebe morero oa ho bua ka maleme mehleng ea Bibele e ne e le ofe?

Pontšo ea Hore ba Tšehetsoa ke Molimo

Ha a ngolla Bakreste ba motseng oa Korinthe, bao ba bang ba bona ho bonahalang ba ne ba bua ka maleme, Pauluse o ile a hlalosa hore “maleme a teng bakeng sa pontšo, . . . ho ba sa lumelang.” (1 Bakorinthe 14:22) Ka hona, matla a ho bua ka maleme, hammoho le mehlolo e meng, e ne e le pontšo ho batho hore phutheho eo e neng e sa tsoa thehoa ea Bakreste e ne e amoheloa ke Molimo a bile a e tšehetsa. Limpho tsa mohlolo li ne li tšoana le letšoao la tsela le bontšang ba batlang ’nete hore na ba ka fumana batho bao Molimo a ba khethileng hokae.

Re lokela ho hlokomela hore Bibele ha e bontše hore Jesu kapa baprofeta leha e le bafe ba pele ho mehla ea Bokreste ka mohlolo ba ile ba bua maleme ao ba sa kang ba ithuta ’ona. Ka hona, ho hlakile hore mpho ea ho bua ka maleme eo barutuoa ba Jesu ba neng ba e fuoe e ne e phetha morero o mong hape.

Mokhoa oa ho Jala Litaba Tse Molemo

Ha Jesu a sa tsoa qala tšebeletso ea hae, o ile a laela barutuoa ba hae hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho Bajuda feela. (Matheu 10:6; 15:24) Ka lebaka leo, e ne e le seoelo hore barutuoa ba bolele libakeng tseo Bajuda ba neng ba se bangata ho tsona. Empa seo se ne se le haufi le ho fetoha.

Nakoana ka mor’a lefu la hae ka 33 C.E., Jesu ea tsositsoeng o ile a laela balateli ba hae hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” O ile a boela a bolella balateli ba hae hore e ne e tla ba lipaki tsa hae “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Matheu 28:19; Liketso 1:8) Ho bolela litaba tse molemo ho isa tekanyong eo ho ne ho tla hloka hore ho sebelisoe maleme a mangata ntle le la Seheberu.

Leha ho le joalo, boholo ba barutuoa bao ba pele e ne e le batho “ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Liketso 4:13) Joale ba ne ba tla khona joang ho bolela linaheng tse hōle moo ho buuoang lipuo tseo ba neng ba e-s’o ka ba li utloa, le hona ba e-s’o ka ba ithuta tsona? Moea o halalelang ke oona o ileng oa fa ba bang ba baboleli bao ba chesehang matla a mohlolo a hore ba thelle feela ha ba bolela ka lipuo tseo ba neng ba e-s’o ka ba ithuta tsona.

Ka hona, mpho ea ho bua ka maleme e ne e phetha morero o habeli. Oa pele, e ne e le pontšo ea hore ba tšehelitsoe ke Molimo. Oa bobeli, e ne e le mokhoa oa ho thusa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore ba phethe thōmo ea bona ea ho bolela litaba tse molemo bathong ba buang lipuo tse ling. Na ho bua ka maleme likerekeng tse ngata kajeno ho phetha morero oo?

Ho Bua ka Maleme Kajeno—Na ke Pontšo ea Hore ba Tšehetsoa ke Molimo?

Ke hokae motseng oa heno moo u ka behang letšoao le ka ruisang batho ba bangata molemo? Na u ka le beha ka mohahong o monyenyane? Le hanyenyane! Tlaleho ea se etsahetseng ka Pentekonta e re bolella hore “letšoele” la bafeta-ka-tsela le ile la lemoha letšoao la baapostola la ho bua ka maleme ka mohlolo. Ka lebaka leo, letsatsing leo ho ile ha “eketsoa meea e ka bang likete tse tharo” phuthehong ea Bokreste! (Liketso 2:5, 6, 41) Haeba batho kajeno ba re ba bua ka maleme empa ba etsa joalo likerekeng tsa bona, joale e tla ba pontšo joang ho matšoele a batho ba sa lumelang?

Lentsoe la Molimo le bua ka bohlola le “mesebetsi e meng ea nama” e le lintho tse sitisang moea o halalelang hore o sebetse, le bile le re “ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (Bagalata 5:17-21) Haeba u bona batho ba sa itšoarang hantle ba bua ka maleme, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ebe hase ntho e ikhanyetsang—e bileng e lahlang—hore ebe moea o halalelang oa Molimo o fuoa batho ba phehellang ho itšoara ka tsela eo Lentsoe la Molimo le e nyatsang?’ Hoo ho ne ho tla tšoana le ho beha letšoao la tsela le lebisang likoloi tseleng esele.

Ho Bua ka Maleme Kajeno—Na ke Mokhoa oa ho Jala Litaba Tse Molemo?

Ho thoe’ng ka morero o mong o neng o phethoa ke mpho ea ho bua ka maleme lekholong la pele la lilemo? Na ho bua ka maleme likerekeng kajeno ke mokhoa o mong o sebelisoang oa ho bolela litaba tse molemo ho batho ba lipuo tse ling? Hopola hore ba neng ba le teng Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba tsoa linaheng tse ngata ’me ba ile ba utloisisa hantle lipuo tse neng li buuoa ka mohlolo ke barutuoa. Ho fapana le hoo, ba buang ka maleme kajeno hangata ba bua ntho e sa utloahaleng ho motho ea mametseng.

Ho hlakile hore ho bua ka maleme kajeno ho fapane hōle le mpho ea moea o halalelang e neng e fuoe balateli ba pele ba Jesu. Ha e le hantle, ha ho na tlaleho e ka tšeptjoang ea hore ka mor’a lefu la baapostola, ho ile ha e-ba le motho ea ileng a fumana matla ao a mohlolo. Sena ha se makatse babali ba Bibele. Mabapi le limpho tsa mohlolo, tse akarelletsang ho bua ka maleme, moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele hore li ne li “tla khaotsa.” (1 Bakorinthe 13:8) Joale motho a ka bona joang hore na ke bo-mang ba nang le moea o halalelang kajeno?

Ke Bo-mang ba Fanang ka Bopaki ba Hore ba na le Moea o Halalelang?

Jesu o ne a tseba hantle hore mpho ea ho bua ka maleme e ne e tla fela hang ka mor’a hore phutheho ea Bokreste e thehoe. Nakoana pele a shoa, Jesu o ile a bolela letšoao leo e neng e tla ba la ka ho sa feleng le neng le tla khetholla balateli ba hae ba ’nete. “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Ha e le hantle, lengolong leo ho lona Lentsoe la Molimo le boletseng hore limpho tsa mohlolo li ne li tla fela, ha le tsoela pele le re: “Lerato ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:8.

Lerato ke lona le qalang lethathamong la likarolo kapa litšobotsi tsa ‘tholoana’ ea moea o halalelang oa Molimo. (Bagalata 5:22, 23) Ka hona, ba hlileng ba nang le moea oa Molimo—ba bile ba tšehetsoa ke Molimo—ba bontšana lerato la ’nete. Ho phaella moo, tšobotsi ea boraro ea tholoana ea moea ke khotso. Kahoo, batho bao kajeno ba nang le moea o halalelang ba phelela khotso e le kannete, ba ikemiselitse ho hlōla leeme, khethollo ea morabe le pefo.

Hape hopola boprofeta ba Jesu bo tlalehiloeng ho Liketso 1:8. O ile a bolela hore barutuoa ba hae ba ne ba tla fumana matla a hore e be lipaki tsa hae “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” Hape Jesu o ile a bontša hore mosebetsi ona o ne o tla tsoela pele “ho isa bofelong ba lefatše.” (Matheu 28:20, Bibele ea Sesotho) Ka hona, mosebetsi ona oa ho bolela lefatšeng ka bophara o ne o tla tsoela pele e le letšoao le khethollang ba felang ba fuoe matla ke moea o halalelang.

U nahana joang? Ke sehlopha sefe sa batho seo u bonang ho e-na le bopaki ba hore se na le moea o halalelang kajeno? Ke bo-mang bao lefatšeng lohle ba bonahatsang tholoana ea moea, haholo-holo lerato le khotso hoo ba ka bang ba hlokofatsoa ke mebuso hobane ba hana ho ea ntoeng? (Esaia 2:4) Ke bo-mang ba lekang ho qoba mesebetsi ea nama, e kang bohlola, ba bileng ba tlosang har’a bona batho ba etsang lintho tse joalo ba sa bake? (1 Bakorinthe 5:11-13) Ke bo-mang bao lefatšeng lohle ba bolelang litaba tse molemo tsa hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata a batho?—Matheu 24:14.

Bahatisi ba koranta ena ha ba tsilatsile ho bolela hore Lipaki Tsa Jehova li tšoaneloa ke tlhaloso ena ea Bibele ea batho ba nang le moea o halalelang. Ke hobane’ng ha u sa tloaelane le tsona u tle u iketsetse qeto hore na ba fela ba tšehetsoa ke Molimo kapa che?