Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moqoqo le Moahelani—Moea o Halalelang ke Eng?

Moqoqo le Moahelani—Moea o Halalelang ke Eng?

Moqoqo le Moahelani—Moea o Halalelang ke Eng?

LIPAKI TSA JEHOVA li thabela ho buisana ka Bibele le baahelani ba tsona. Na ho na le potso e itseng ea Bibele eo u eeng u ipotse eona? Na u rata ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, lekhetlong le tlang ha u kopana le Paki, u se ke ua qea-qea ho e botsa. E tla thabela ho tšohla taba eo le uena.

Moqoqo o latelang ke o tloaelehileng oo Paki ea Jehova e ka bang le oona le moahelani oa eona. A re nke hore Paki e bitsoang Katleho e etetse ha ntate ea bitsoang Mokete.

Ha U re Moea o Halalelang, U Bolela’ng?

Mokete: Ke utloetse hore Lipaki Tsa Jehova hase Bakreste. Ha le lumele ho Moea o Halalelang.

Katleho: Pele ho tsohle, taba ea hore ha re Bakreste hase ’nete. Tumelo eo ke nang le eona ho Jesu Kreste ke eona e entseng hore ke tle mona ha hao kajeno. Etsoe ke Eena ea laetseng balateli ba hae hore ba bolele molaetsa oa Bibele. Empa e-re ke u botse, hantle-ntle ha u re moea o halalelang, u bolela’ng?

Mokete: Ha ke bua ka moea o halalelang ke bolela motho oa boraro ho Boraro-bo-bong, e leng mothusi eo Jesu a ileng a tšepisa hore o tla re romela eena. Ke o nka e le oa bohlokoa haholo. Ke batla ho utloa hore moea o halalelang o fela o sebetsa bophelong ba ka.

Katleho: Ke kamoo batho ba bangata ba utloisisang moea o halalelang kateng. Nakong e fetileng ke ile ka ba le monyetla oa ho hlahloba seo Bibele e se rutang tabeng ena. Haeba u na le metsotso e seng mekae, ke kōpa ho u bontša hore na ke ithutile eng.

Mokete: Metsotso e ’maloa eona ke na le eona.

Katleho: E ile eaba ha ke sa itsebisa, ke ’na Katleho. Nka thabela ho tseba hore na uena u mang.

Mokete: Ke ’na Mokete. Ke thabela ho u tseba.

Katleho: Le ’na ke thabela ho u tseba. Kaha ha ke batle ho u jella nako, ke tla bua ka karolo e le ’ngoe feela ea taba ena. U itse moea o halalelang ke mothusi eo Jesu a ileng a re tšepisa eena. Moo ke lumellana le uena. Empa na joale u lumela hore moea oo o halalelang ke motho, ea bileng a lekanang le Molimo?

Mokete: U opile khomo lenaka, etsoe ke rutiloe joalo.

Na Moea o Halalelang ke Motho?

Katleho: A re ke re shebe litemana tsa Bibele tse tla re thusa hore re bone hore na moea o halalelang ke motho kapa che. E ka ’na eaba u tloaelane le litemana tsena. Liketso 2:1-4 e re: “Joale ha letsatsi la mokete oa Pentekonta le ntse le tsoela pele kaofela ba ne ba le hammoho sebakeng se le seng, eaba ka tšohanyetso ho ba le lerata le tsoang leholimong le joaloka la moea o fokang ka sekhahla, ’me la tlala ntlo eohle eo ba neng ba lutse ka hare ho eona. Maleme a kang a mollo a bonahala ho bona ’me a ajoa, ’me ka leng la ’ona la lula holim’a e mong le e mong oa bona, eaba kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng, feela joalokaha moea o ne o etsa hore ba bue.”

Mokete: Temana ena ke e tloaetse.

Katleho: Joale na Ntate Mokete, ho ka etsahala hore motho a tlale mothong e mong?

Mokete: Hase ntho e ka etsahalang.

Katleho: Ha re theohe hanyenyane khaolong eona ena, re shebe temana ea 17. Karolo e qalang ea temana ena e re: “Molimo o re: ‘Matsatsing a ho qetela, ke tla tšollela o mong oa moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong.’” E-re nke ke u botse, na Molimo o ne a ka tšollela batho karolo ea Molimo ea lekanang le eena?

Mokete: Ha ke bone joalo.

Katleho: Johanne Mokolobetsi o ile a sebelisa tlhaloso e fapaneng ha a bua ka ho tlala moea o halalelang. Tlhaloso eo e fumanoa ho Matheu 3:11. Ke kōpa u bale temana ena.

Mokete: “’Na, ke le kolobetsa ka metsi ka lebaka la pako ea lōna; empa ea tlang ka mor’a ka o matla ho mpheta, eo ke sa tšoaneleheng ho mo rōlisa meqathatso. Eo o tla le kolobetsa ka moea o halalelang le ka mollo.”

Katleho: Kea leboha. Na u hlokometse hore Johanne Mokolobetsi o re ho tla etsoa’ng ka moea o halalelang?

Mokete: O bua ka ho kolobetsoa ka moea o halalelang.

Katleho: Ho joalo. Hape hlokomela hore o bua ka ho kolobetsoa ka mollo. Ho hlakile hore mollo hase motho. Na u nahana hore temana ee e buella taba ea hore moea o halalelang ke motho?

Mokete: Che.

Katleho: Hoa hlaka he hore ho latela mangolo ao re a balileng, moea o halalelang hase motho.

Mokete: Ekare ho joalo.

Ke “Mothusi” ka Tsela Efe?

Katleho: Leha ho le joalo, pejana u ile ua bua ka “mothusi.” Ho Johanne 14:26, Jesu o ile a bua ka moea o halalelang e le “mothusi.” A re bale lengolo lena hammoho: “Mothusi, moea o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta lintho tsohle ’me a le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” Ba bang ba nka hore lengolo lena le tšehetsa taba ea hore moea o halalelang ke motho, ea tla thusa batho le ho ba ruta.

Mokete: Eke!, le ’na ke nahana joalo.

Katleho: Empa, na ha u nahane hore Jesu o ne a mpa a sebelisa mokhabo-puo? Hlokomela seo Jesu a se buileng ka bohlale, ho latela Luka 7:35: “Bohlale bo pakoa ke bana bohle ba bona hore bo lokile.” Na u ka re bohlale ke motho, bo bile bo na le bana?

Mokete: Che. Ho hlakile hore ke mokhabo-puo.

Katleho: Ho joalo. Ntlha ea Jesu ke hore bohlale bo bonahala ka liketso. Hangata Bibele e sebelisa mokhabo-puo o bitsoang mothofatso—ka mantsoe a mang, ho buuoa ka ntho e sa pheleng joalokaha eka ea phela. Hangata ha re bua, le rōna re sebelisa mokhabo-puo oo. Ka mohlala, haeba letsatsi le chabile hamonate joaloka hoseng ha kajeno, akere ka tloaelo motho a ka ’na a re, “Ak’u bule lifensetere tseo letsatsi le ke le kene?”

Mokete: E, le ’na ke tloaetse ho cho joalo.

Katleho: Na u tla be u bolela hore letsatsi ke motho ea tlang ha hao joaloka moeti?

Mokete: Che, ho hlakile hore ke mokhabo-puo feela.

Katleho: Ka tsela e tšoanang, ha Jesu a ne a bua ka moea o halalelang e le mothusi, kapa mosuoe, ha u nahane hore e ne e mpa e le mokhabo-puo?

Mokete: Ho bonahala joalo. Joale ebile sena se kopana hantle le mangolo ao u a balileng a buang ka moea o tšolloang le ka batho ba kolobetsoang ka oona. Feela ak’u mpolelle, haeba moea o halalelang hase motho, joale ke eng?

Moea o Halalelang ke Eng?

Katleho: Ho Liketso 1:8, Jesu o re bolella hore na moea o halalelang ke eng. Ke kōpa u e bale.

Mokete: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”

Katleho: Hlokomela hore Jesu o amahanya moea o halalelang le matla. Hape ho latela litemana tseo re li balileng pejana, u nahana hore matla ao a tsoa hokae?

Mokete: A tsoa ho Molimo, e leng Ntate.

Katleho: U nepile. Moea o halalelang ke matla a le mang le ao Molimo a ileng a a sebelisa ha a ne a bōpa bokahohle. Temana ea bobeli ea Bibele e bua ka ’ona. Genese 1:2 e re: “Matla a sebetsang a Molimo a ne a e-ea koana le koana holim’a metsi.” Lentsoe la Seheberu leo mona le fetoletsoeng e le “matla a sebetsang” le boetse le fetoleloa e le “moea.” Ke matla a sa bonahaleng a sebetsang ao ka ’ona Molimo a phethahatsang merero ea hae le ho senola thato ea hae. Ho na le lengolo la ho qetela leo ke ratang hore u nahane ka lona. Ke la Luka 11:13. Ke kōpa hore u le bale.

Mokete: “Haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!”

Katleho: Haeba Ntate ea leholimong o laola moea o halalelang, o bile o o fa ba o kōpang, na u nahana hore moea o halalelang o lekana le Ntate?

Mokete: Che, ntlha e totobetse.

Katleho: E-re ke se ke ka u tšoarella kaha u itse u na le metsotso e ’maloa feela. Empa ke kōpa ho u botsa potso e akaretsang seo re qoqileng ka sona. Ho latela mangolo ao re a balileng, u ka re moea o halalelang ke eng?

Mokete: Ke matla ao Molimo a a sebelisang.

Katleho: Ho joalo. Ha Jesu a ne a bua ka moea o halalelang e le mothusi kapa mosuoe lengolong la Johanne 14:26, o ne a mpa a sebelisa mokhabo-puo o bitsoang mothofatso.

Mokete: Lena e bile leseli le lecha.

Katleho: Ho na le ntho e ’ngoe e re khothatsang haholo mantsoeng a Jesu.

Mokete: Ke efe?

Katleho: Ke hore re kōpe Molimo hore a re fe moea oa hae o halalelang e le hore o re thuse ha re le mathateng. Hape re ka kōpa moea oa hae o halalelang hore o re thuse ho tseba ’nete ka eena.

Mokete: Hoo ho utloahala ho thahasellisa. Ho hlokahala nke ke nahane ka hona.

Katleho: E-re pele ke tsamaea, ke u siee le ntho e ’ngoe hape eo u ka salang u nahana ka eona. Kaha moea o halalelang ke matla a Molimo a sebetsang, joale re tla lumellana hore Molimo a ka a sebelisa ho finyella ntho leha e le efe eo a e ratang.

Mokete: Moo rea lumellana.

Katleho: Joale ke hobane’ng ha a e-s’o sebelise matla ao a hae a se nang moeli hore a felise masisa-pelo le bokhopo boo re bo bonang lefatšeng lohle? Na u se u kile ua ipotsa seo? *

Mokete: Ha e le hantle ke ee ke ipotse.

Katleho: Ho ka ba joang ha nka khutla bekeng e tlang ka nako eona ee ho tla tšohla seo le uena?

Mokete: Nka thabela seo haholo. Ke tla u bona bekeng e tlang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 59 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 11 ea buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.