Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta ka Molimo?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta ka Molimo?

Ithute Lentsoe la Molimo

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta ka Molimo?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Ke hobane’ng ha u lokela ho ithuta ka Molimo?

Molimo o na le litaba tse molemo tsa batho bohle. O re bolella tsona ka Bibeleng. Bibele e tšoana le lengolo le tsoang ho Ntate oa Rōna ea lerato ea leholimong.—Bala Jeremia 29:11.

2. Litaba tse molemo ke eng?

Batho ba hloka ’muso o tsamaisang lintho hantle. Ha ho na ’musi oa motho ea kileng a felisa liketso tse mabifi, ho hloka toka, maloetse kapa lefu molemong oa batho. Empa ho na le litaba tse monate. Molimo o tla etsetsa batho ’muso o tsamaisang lintho hantle o tla lokolla batho linthong tsohle tse ba utloisang bohloko.—Bala Daniele 2:44.

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u ithute ka Molimo?

Haufinyane Molimo o tla felisa batho ba etsang hore ba bang ba utloe bohloko lefatšeng. Empa hona joale o ruta batho ba ikokobelitseng ba limilione hore ba thabele bophelo bo molemo, bo thehiloeng leratong. Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, batho ba ithuta ho sebetsana le mathata a bophelo, ba ithuta ho fumana thabo ea sebele le hore na ba ka thabisa Molimo joang.—Bala Sofonia 2:3.

4. Mongoli oa Bibele ke mang?

Bibele e entsoe ka libuka tse 66. Li ngotsoe ke banna ba 40. Tse hlano tse qalang li ngotsoe ke Moshe hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng. Ea ho qetela e ngotsoe ke moapostola Johanne lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng. Empa bangoli ba Bibele ba ne ba ngola mehopolo ea Molimo, eseng ea bona. Ka hona, Molimo ke eena Mongoli oa Bibele.—Bala 2 Timothea 3:16; 2 Petrose 1:21.

Rea tseba hore Bibele e tsoa ho Molimo hobane e profeta lintho tse nepahetseng ka bokamoso. Ha ho motho ea ka etsang joalo. (Esaia 46:9, 10) Hape Bibele e re beha leseling ka botho bo lerato ba Molimo. E na le matla a ho fetola batho hore ba phele ka tsela e molemo. Lintlha tsena li kholisa ba bangata-ngata hore Bibele ke Lentsoe la Molimo.—Bala Joshua 23:14; 1 Bathesalonika 2:13.

5. U ka utloisisa Bibele joang?

Jesu o ne a tsebahala e le mosuoe oa Lentsoe la Molimo. Le hoja batho ba bangata bao a neng a bua le bona ba ne ba tloaelane le Bibele, ba ne ba hloka thuso hore ba e utloisise. E le hore a ba thuse, Jesu o ile a qotsa litemana tsa Bibele ka makhetlo a mangata ’me a hlalosa “se boleloang ke Mangolo.” Sehlooho sena se reng “Ithute Lentsoe la Molimo,” se tla sebelisa mokhoa o tšoanang hore se u thuse.—Bala Luka 24:27, 45.

Ho na le lintho tse ’maloa feela tse thabisang joaloka ho rutoa ke Molimo hore na morero oa bophelo ke ofe. Empa batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba thabela taba ea hore u bala Bibele. U se ke ua nyahama. Monyetla oa hore u thabele bophelo bo sa feleng o itšetlehile ka hore u tsebe Molimo.—Bala Matheu 5:10-12; Johanne 17:3.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 2 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.