Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba . . . 

Na Lipaki Tsa Jehova li Amohela Phekolo ea Lingaka?

Na Lipaki Tsa Jehova li Amohela Phekolo ea Lingaka?

Jesu o ile a re “batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.” (Matheu 9:12) Ka mantsoe a mang o ne a bolela hore ha ho moo Mangolo a hananang le ho thusoa ke lingaka. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova li amohela meriana le ho phekoloa ke lingaka. Li batla hore li lule li phela hantle le hore li phele nako e teletsana. Ha e le hantle, joaloka Mokreste oa lekholong la pele la lilemo, Luka, Lipaki Tsa Jehova tse ling le tsona ke lingaka.—Bakolose 4:14.

Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova ha li amohele mefuta ea phekolo e hananang le melao-motheo ea Bibele. Ka mohlala, ha li amohele ho tšeloa mali, kaha Bibele e hanana le ho tšeloa mali ka morero oa ho ntlafatsa bophelo. (Genese 9:4; Levitike 17:1-14; Liketso 15:28, 29) Lentsoe la Molimo le boetse le hanana le mekhoa ea ho phekola e sebelisanang le “matla a boselamose,” kapa meea.—Esaia 1:13; Bagalata 5:19-21.

Lingaka tse ngata li fana ka phekolo e sa hananeng le melao ea Bibele. Hangata, phekolo e joalo, eo Lipaki tse ngata li e khethang, ke ea boemo bo phahameng ho feta e hananang le se batloang ke Molimo.

Ke ’nete hore ho na le litsela tse ngata tsa ho phekola. Se ka phekolang motho e mong se ka ’na sa se ke sa sebetsa ho e mong. Ka hona, ho ka ba molemo hore ba batlang ho tseba hore na ba tšoeroe ke eng le ho phekoloa ba fumane maikutlo a ngaka ea bobeli pele ba etsa qeto.—Liproverbia 14:15.

Hase hore Lipaki kaofela li khetha mofuta o le mong oa phekolo. Lentsoe la Molimo le lumella Bakreste hore ba sebelise matsoalo a bona ha seo ba se etsang se se khahlanong le Bibele. (Baroma 14:2-4) Ka hona, motho ka mong o lokela ho hlahloba phekolo leha e le efe eo a e fuoang ’me a tiise hore ha e hanane le letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele.—Bagalata 6:5; Baheberu 5:14.

Paki e lokela ho etsa qeto leha e le efe ka tsela eo mokhanni oa koloi a etsang ka eona ha a ea a lebile mateanong a litsela a phetheselang. Haeba mokhanni hoa hae e le ho latela likoloi tse ka pel’a hae feela ’me a potlaka ha a feta mateanong a litsela, a ka baka kotsi e tšabehang. Mokhanni ea hlokolosi o tla fokotsa lebelo ’me a shebe likoloi tse ling pele a ka feta. Ka ho tšoanang, Lipaki ha li potlakele ho etsa liqeto tabeng ea phekolo kapa ho latela feela maikutlo a batho ba bangata. Ho e-na le hoo, li hlahloba hore na ke mefuta efe ea phekolo e teng ’me li hlahlobe melao-motheo ea Bibele pele li etsa qeto.

Lipaki Tsa Jehova li ananela haholo mosebetsi o boima le boitelo ba lingaka. Li boetse li thabela phekolo e amohelehang eo batho bao ba fanang ka eona.