Re U Lome Tsebe?
Re U Lome Tsebe?
Na mabitso a ngotsoeng litiisong tsa letsopa tsa boholo-holo a lumellana le a boletsoeng ka Bibeleng?
▪ Mehleng ea boholo-holo, batho ba sebetsanang le litokomane tsa molao ba ne ba li etsa meqolo ebe ba li tlama ka khoele, ba ntan’o beha polokoenyana ea letsopa lefitong, ebe ba e tempa ka tiiso. Ba ne ba sebelisa tiiso e nang le mengolo bakeng sa ho tekena, ho paka kapa ho hlapantša hore litokomane tse itseng ke tsa sebele.
Ka linako tse ling ho ne ho etsoa lesale la tiiso ’me le ne le nkoa e le ntho ea bohlokoa haholo. (Genese 38:18; Esthere 8:8; Jeremia 32:44) Hangata tiiso e ne e e-ba le lebitso la mong’a eona, boemo ba hae hammoho le lebitso la ntate oa hae.
Bafuputsi ba fumane mengolo e mengata-ngata ea litiiso tsa boholo-holo. E meng ea eona e na le mabitso a batho ba boletsoeng ka Bibeleng. Ka mohlala, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mengolo eo ho lumeloang hore e ne e le ea litiiso tsa marena a mabeli a Juda. O mong o na le mantsoe a reng: “Ke ea Akaze [mora oa] Yehotam [Jothame], Morena oa Juda.” O mong oona o re: “Ke ea Ezekiase [mora oa] Akaze, Morena oa Juda.” (2 Marena 16:1, 20) Akaze le Ezekiase ba ile ba busa lekholong la borobeli la lilemo B.C.E.
Litsebi li ’nile tsa hlahloba mengolo e meng e mengata ea litiiso tseo ho lumeloang hore e ne e le tsa batho ba hlahang ka Bibeleng. Har’a bona ke batho ba ngotsoeng mangolong a Jeremia, ba akhang Baruke (mongoli oa Jeremia), Gemaria (“mora oa Shafane”), Jeramiele (“mora oa morena”), Jukale (“mora oa Shelemia”), le Seraia (ngoan’abo Baruke).—Jeremia 32:12; 36:4, 10, 26; 38:1; 51:59.
Linako tse sa tšoaneng tsa letsatsi li khetholloa joang ka Bibeleng?
▪ Mangolo a Seheberu a sebelisa mantsoe a kang “hoseng,” “motšehare,” “har’a motšehare” le “mantsiboea.” (Genese 24:11; Deuteronoma 28:29; 1 Marena 18:26) Baheberu ba ne ba arola bosiu ka mekhahlelo e meraro ea ho lebela eo karolo ka ’ngoe e neng e le lihora tse ’nè, empa hamorao ba ile ba sebelisa mokhoa oa Bagerike le oa Baroma oa mekhahlelo e mene ea ho lebela. Ho bonahala eka Jesu o ne a bua ka mokhoa ona oa ho arola nako ha a ne a re: “Le lule le lebetse, kaha ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng, ebang ke ha e se e le mantsiboea kapa har’a mp’a bosiu kapa ha mokōkō o lla kapa hoseng haholo.” (Mareka 13:35) Mokhahlelo oa ho lebela oa “mantsiboea” o ne o qala ha letsatsi le likela ho fihlela ka hora ea borobong bosiu. Mokhahlelo o latelang o ne o fela har’a mp’a bosiu, oa boraro, e leng oa “ha mokōkō o lla,” o ne o fela hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng. Mokhahlelo oa ho qetela, o neng o ba hoseng haholo, o ne o fela ha letsatsi le chaba. Jesu o ile a tsamaea metsing Leoatleng la Galilea ‘nakong ea tebelo ea bone ea bosiu.’—Matheu 14:23-26.
Mangolong a Segerike a Bakreste, lentsoe “hora” le bolela hora e le ’ngoe ho tse leshome le metso e ’meli tsa motšehare tse qalang ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela. (Johanne 11:9) Kaha nako eo letsatsi le chabang le eo le likelang ka eona Iseraele ea fetoha ho latela linako tsa selemo, ka tloaelo ho ne ho hakanyetsoa nako ea ketsahalo, mohlomong ho thoe feela “hoo e ka bang ka hora ea botšelela.”—Liketso 10:9.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Litiiso tsa letsopa tse nang le lebitso la Ezekiase le Akaze (ka pele) mohlomong LE Baruke (ka morao)
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Back: Courtesy of Israel Museum, Jerusalem
Front: www.BibleLandPictures.com/Alamy
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Sesupa-nako sa mehleng ea puso ea Roma (27 B.C.E.–476 C.E.)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Gerard Degeorge/ The Bridgeman Art Library International