Se Tlisang Thabo ka Lapeng
Ikaheng Moeeng Joaloka Banyalani
Frederick *: “Ha re qeta ho nyalana, ke ne ke leka ka matla hore ’na le mosali oa ka re ithute Bibele re le hammoho. Ke ne ke ikemiselitse ho etsa bonnete ba hore kelello ea hae ha e lelere ha re ntse re ithuta. Empa Leanne o ne a sitoa ho lula a tsitsitse. Ha ke mo botsa lipotso, o ne a re feela e kapa che. O ne a sa arabe ka tsela eo ke neng ke nahana hore o lokela ho araba ka eona ha re ithuta Bibele.”
Leanne: “Ke ne ke le lilemo li 18 ha ke nyaloa ke Frederick. Re ne re bala Bibele hammoho, empa Frederick o ne a sebelisa nako e ’ngoe le e ’ngoe eo re ithutang ka eona ho ntšoaea liphoso le ho mpolella hore na ke hokae moo ke lokelang ho ntlafatsa joaloka mosali. Ke ile ka nyahama ka ba ka utloa bohloko haholo!”
U NAHANA hore bothata bo ne bo le hokae pakeng tsa Frederick le Leanne? Ba ne ba e-na le sepheo se setle. Ba ne ba rata Molimo. Ka bobeli ba bona ba ne ba bile ba tseba hore ke habohlokoa ho ithuta Bibele ba le hammoho. Empa eona ntho eo e neng e tlameha ho ba momahanya ho bonahala e le eona e ileng ea baka mathata. Ke ’nete hore ba ne ba ithuta hammoho, empa ba ne ba sa khone ho ikaha moeeng joaloka banyalani.
Bomoea ke eng? Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho loanela ho ba le bona? Ba ka ’na ba tobana le mathata afe, hona ba ka a hlōla joang?
Bomoea ke Eng?
Ha Bibele e bua ka lentsoe “bomoea,” e bua ka boikutlo kapa tsela eo motho a etsang lintho ka eona bophelong. (Juda 18, 19) Ka mohlala, mongoli oa Bibele, Pauluse, o ile a totobatsa phapang e teng maikutlong a motho oa moea le motho oa nama. Pauluse o ile a bontša hore ba sekametseng linthong tsa nama ba inahanela feela ka bona ho e-na le ho nahana ka batho ba bang. Ba etsa seo bona ba bonang se lokile, ho e-na le ho leka ho phela ka melao ea Molimo.—1 Bakorinthe 2:14; Bagalata 5:19, 20.
Ka lehlakoreng le leng, ba sekametseng moeeng ba nka melao ea Molimo e le ea bohlokoa. Ba nka Jehova Molimo e le Motsoalle oa bona ’me ba leka ho etsisa botho ba hae. (Baefese 5:1) Ka hona, ke batho ba lerato, ba mosa le ba bonolo ha ba sebelisana le ba bang. (Exoda 34:6) Hape, ba mamela Molimo esita le haeba seo e ne e le seo ba neng ba ke ke ba se khetha. (Pesaleme ea 15:1, 4) Darren, ea lulang Canada, ea seng a e-na le lilemo tse 35 a nyetse, o re: “Kamoo ke utloisisang kateng, motho oa moea kamehla o nahana ka tsela eo lipuo tsa hae le liketso tsa hae li tla ama kamano ea hae le Molimo kateng.” Mosali oa hae, Jane, o re: “Ke nahana hore mosali oa moea ke ea sebetsang ka thata letsatsi le leng le le leng e le hore a be le litšobotsi tsa tholoana ea moea oa Molimo.”—Bagalata 5:22, 23.
’Nete ke hore ha ho hlokahale hore motho a be lenyalong e le hore a loanele ho ba motho oa moea. Ha e le hantle, Bibele e ruta hore motho e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho ithuta ka Molimo le ho mo etsisa.—Liketso 17:26, 27.
Ke Hobane’ng ha le Lokela ho Ikaha Moeeng Joaloka Banyalani?
Joale ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho loanela ho ikaha moeeng joaloka lelapa? Ak’u nahane ka mohlala ona: Batho ba babeli ba kopanela serapa ’me ba batla ho lema meroho. E mong o batla ho sunya peō mobung ka nako e itseng ea selemo, athe e mong eena o bona e e-s’o be nako ea ho e jala. E mong o batla ho sebelisa manyolo a mofuta o itseng, athe e mong eena ha a bone seo se hlokahala ho hang, o nka hore lijalo li tla ikhōlela ka botsona ntle le thuso ea manyolo. E mong o batla ho sebetsa serapeng letsatsi le leng le le leng. E mong o raha qhebelele, ha a itšoenye ka ho ea hlaola le ho nosetsa. Boemong bo joalo, serapa se ka ’na sa hlahisa meroho, empa e ke ke ea atleha ka tsela eo e neng e tla ba kateng haeba bobeli ba bona ba ne ba lumellane hore na ba etse eng ba bile ba sebelisana ’moho ho finyella sepheo sa bona.
Monna le mosali ba tšoana hantle le beng bao ba serapa. Haeba e le molekane a le mong feela ea loanelang hore a ikahe moeeng, kamano ea lōna e ka ’na ea ntlafala ho se hokae. (1 Petrose 3:1, 2) Empa e ka ntlafala le ho feta haeba banyalani ka bobeli ba lumela ho phela ka melao ea Molimo ’me ba sebetsa ka thata ho tšehetsana ha ba ntse ba sebeletsa Molimo! Morena Solomone ea bohlale o itse: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong.” Hobane’ng? “Hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.”—Moeklesia 4:9, 10.
Ho ka etsahala hore ebe u labalabela ho ikaha moeeng le molekane oa hao. Empa joalo feela ka serapa, takatso feela tjee e ke ke ea hlahisa litholoana. Nahana ka mathata a mabeli ao u ka thulanang le ’ona le hore na u ka a hlōla joang.
BOTHATA BA 1: Ha re na nako.
Sue, ea sa tsoa nyaloa, o re: “Monna oa ka o ntata mosebetsing ka hora ea bosupa mantsiboea. Ha re fihla lapeng, mosebetsi kaofela o re emetse. Kelello e loantšana le maikutlo; kelello e re bolella hore re lokela ho qeta nako e itseng re ithuta ka Molimo re le hammoho, ebe maikutlo ’ona a re bolella hore ’mele o khathetse ekare re ka o phomotsa.”
Seo e ka bang tharollo: E-ba ea tenyetsehang le ea nang le moea oa tšebelisano. Sue o re: “’Na le monna oa ka re entse qeto ea hore re tsohe hoseng e le hore re bale le ho tšohla karolo e itseng ea Bibele re le hammoho pele re ea mosebetsing. O boetse o nthusa ka mesebetsi e meng ea lapeng e le hore ke fumane nako ea ho ba le eena.” Ba fumane melemo efe ka ho etsa matsapa aa? Monna oa Sue, e leng Ed, o re: “Ke hlokometse hore ha ’na le Sue re tšohla lintho tsa moea hammoho kamehla, re khona ho sebetsana hantle le mathata ao re thulanang le ’ona ebile ha re tšoenyehe ho tlōla.”
Ntle le taba ea ho buisana, ke habohlokoa hore letsatsi le leng le le leng le qete metsotso e itseng le rapela hammoho. Seo se ka thusa joang? Ryan, ea seng a e-na le lilemo tse 16 a nyetse, o re: “Nakong e sa tsoa feta, re ile ra ba le mathata a maholo lenyalong la rōna. Empa re ne re ipha nako ea ho rapela hammoho bosiu bo bong le bo bong, re bolella Molimo lintho tse re tšoenyang. Ke nahana hore ho rapela hammoho ho ile ha re thusa hore re rarolle mathata a rōna ra ba ra boela ra thaba lenyalong la rōna.”
LEKANG HO ETSA TJENA: Behellang ka thōko metsotso e ’maloa mantsiboea a mang le a mang hore le tšohle joaloka banyalani hore na ke lintho life tse ntle tse le hlahetseng letsatsing leo, lintho tseo le ka lebohang Molimo ka tsona. Hape tšohlang mathata ao le thulaneng
le ’ona, ao ka ho khetheha a hlokang hore le kōpe Molimo hore a le thuse ho sebetsana le ’ona. Hlokomela: U se ke ua sebelisa nako ena e le monyetla oa ho tšoaea mohats’a hao liphoso. Ho e-na le hoo, ha le rapela le le hammoho, bolelang lintho tseo bobeli ba lōna le lokelang ho ntlafatsa ho tsona. Letsatsi le hlahlamang, loanelang ho etsa lintho tumellanong le seo le se kōpileng thapelong.BOTHATA BA 2: Ha re tšoane.
Tony o re: “Ha ke motho ea ratang ho bala.” Mosali oa hae Natalie eena o re: “Ke rata ho bala ebile ke rata ho qoqa ka seo ke se balileng. Ka linako tse ling ke bona eka Tony o ikutloa a le mosesaane ha re buisana ka litaba tsa Bibele.”
Seo e ka bang tharollo: Tšehetsa molekane oa hao, u se ke ua hlōlisana le eena kapa ua lulela ho mo ahlola. Thusa mohats’a hao u be u mo babatse moo a etsang hantle. Tony o re: “Ka linako tse ling ke utloa cheseho eo mosali oa ka a nang le eona ka ho tšohla litaba tsa Bibele e se e le ngata haholo, ’me nakong e fetileng ke ne ke e-ba leqe ho tšohla lintho tsa moea le eena. Leha ho le joalo, Natalie o ntšehelitse haholo. Hona joale, re tšohla litaba tsa moea hammoho kamehla, ’me ke hlokometse hore ke ne ke tšaba moru o se nang nkoe. Ke thabela ho buisana le eena ka litaba tsena. Sena se re thusitse hore re phutholohe ho be ho rene khotso pakeng tsa rōna joaloka banyalani.”
Banyalani ba bangata ba fumane hore lenyalo la bona lea ntlafala ha ba behella nako e itseng ka thōko beke le beke e le hore ba bale le ho ithuta Bibele ba le hammoho. Leha ho le joalo, ntlha ea bohlokoa ke ena: Ha le bala, khalemelo leha e le efe eo u e fumanang u e lebise ho uena, eseng ho molekane oa hao. (Bagalata 6:4) Buisanang ka lintho tse ka bakang tsitsipano pakeng tsa lōna ka nako e ’ngoe, eseng ha le ntse le ithuta. Hobane’ng?
Ak’u nahane sena: Haeba u ntse u e-ja le lelapa la hao, na u ne u ka hloekisa leqeba le petlileng le ho le tlamisa bocha nakong eona eo? Le letho! U ne u tla etsa hore bohle ba be pelo e ntšo. Jesu o ile a re ho ithuta ho phetha thato ea Molimo le ho e etsa ho tšoana le ho ja. (Matheu 4:4; Johanne 4:34) Haeba u phetla maqeba a maikutlong nako le nako ha le bula Bibele, u ka etsa hore molekane oa hao a felloe ke thahasello ea lijo tsa moea. Ke ’nete hore le lokela ho buisana ka mathata ha a le teng. Empa buisanang ka seo nakong eo le e behelletseng ka thōko bakeng sa ho etsa seo.—Liproverbia 10:19; 15:23.
LEKA HO ETSA TJENA: Ngola fatše litšobotsi tse peli kapa tse tharo tsa mohats’a hao tseo u li ratang haholo. Lekhetlong le latelang ha le tšohla litaba tsa moea tse amanang le litšobotsi tseo, bolella molekane oa hao hore na u ananela tsela eo a bonahatsang litšobotsi tseo ka eona joang.
U Kotula Seo U se Jetseng
Haeba joaloka lelapa le jala lintho tsa moea, qetellong le tla kotula lenyalo leo ho lona ho renang khotso le thabo. Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo le tiisa hore “leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”—Bagalata 6:7.
Frederick le Leanne ba qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena, ba ile ba ithuta hore molao-motheo ona oa Bibele ke ’nete. Hona joale ba se ba e-na le lilemo tse 45 ba nyalane ’me baa tseba hore mamello e tsoala katleho. Frederick o re: “Ke ne ke tloaetse ho beha mosali oa ka molato oa hore o na le bothata tabeng ea puisano. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ke ile ka hlokomela hore le ’na ke ne ke lokela ho etsa boiteko.” Leanne o re: “Ntho e ileng ea re thusa haholo linakong tse thata ke hore ka bobeli re ne re rata Jehova Molimo. Lilemo tsena kaofela re ne re ithuta hammoho le ho rapela hammoho. Ha ke bona Frederick a etsa boiteko ho ntlafatsa tabeng ea ho bonahatsa litšobotsi tsa Bokreste, ho ba bonolo hore ke mo rate.”
^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.
IPOTSE . . .
-
Re qetetse neng ho rapela re le hammoho?
-
Nka etsa’ng e le ho khothalletsa molekane oa ka hore a lokolohe ha re tšohla litaba tsa moea?