Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Kosepele ea Judase” ke Eng?

“Kosepele ea Judase” ke Eng?

KA April 2006, likoranta lefatše ka bophara li ile tsa hlahisa taba e ileng ea makatsa batho ea hore sehlopha sa litsebi se lokolla buka ea khale e bitsoang “Kosepele ea Judase.” Lihlooho tseo tsa likoranta li ile tsa re litsebi li hlokomela hore buka ena e etsa hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona ka Judase, moapostola ea ileng a eka Jesu. Litsebi tsena li bolela hore ho latela buka ena, ha e le hantle, Judase e ne e le mohale, moapostola ea neng a utloisisa Jesu ho feta ba bang ’me o ile a fana ka Jesu hore a bolaoe hobane Jesu a ne a mo kōpile hore a etse joalo.

Na buka ee e ka tšeptjoa? Haeba ho joalo, na e senola boitsebiso bo itseng bo neng bo patiloe ka Judase Iskariota, Jesu Kreste, kapa Bakreste ba pele? Na e lokela ho fetola tsela eo re nahanang ka eona ka Bokreste?

HO FUMANOA HA “KOSEPELE EA JUDASE”

Ha ho tsejoe hantle hore na “Kosepele ea Judase” e fumanoe joang. Ho e-na le hore e fumanoe le ho tlalehoa ke baepolli ba lintho tsa khale, buka ena e ile ea hlaha ’marakeng o rekisang lintho tsa khale ho ea bofelong ba selemo sa 1970 kapa maqalong a 1980. Ho bonahala e fumanoe Egepeta ka 1978 ka har’a lebitla la khale, mohlomong ka lehaheng. E ne e le e ’ngoe ea libuka tse ’nè tse neng li le ka har’a codex (mofuta oa libuka tsa boholo-holo) e neng e ngotsoe ka Secopt (puo e qalileng Egepeta ea boholo-holo).

Kaha esale e bolokiloe ka lilemo tse makholo moo tlelaemete e ommeng, Egepeta, codex ena e phuthetsoeng ka letlalo e fumanoe e se e ntse e qala ho senyeha. Litsebi tse ’maloa li ile tsa bontšoa buka ena ka 1983; empa e ne e rekisoa ka theko e phahameng ho tlōla ’me ha ho na motho ea ileng a e reka. E ile ea senyeha le ho feta kaha e ne e sa bolokoa ka tsela e loketseng. Ka 2000 e ile ea rekoa ke mohoebi oa lintho tsa khale ea tsoang Switzerland. Qetellong o ile a e fa litsebi tsa machaba tse ileng tsa tšehetsoa ke Mokhatlo oa Maecenas Foundation for Ancient Art le oa National Geographic ’me li ile tsa fuoa mosebetsi oa ho e lokisa le ho e tsosolosa le hoja karolo e ’ngoe ea eona e ne e se e le litsekana ke ho sohlokeha. Litsebi tsena li ne li tla lokela ho hlahloba hore na buka ena e na le nako  e kae ’me li ne li tla e fetolela le ho hlalosa se ngotsoeng ka hare.

Litsebi li ne li sebelisa Carbon-14, e leng mokhoa oa ho fumana hore na ntho ke ea khale hakae ’me e ile ea bontša hore buka ena e ngotsoe ho tloha ka selemo sa 200 kapa sa 300. Leha ho le joalo, litsebi li hakanya hore buka ea “Kosepele ea Judase” ka Secopt ke phetolelo ea e ngotsoeng ka Segerike ’me eo ke ea khale le ho feta. “Kosepele ea Judase” e ile ea ngoloa neng hona tlas’a maemo afe?

“KOSEPELE EA JUDASE”—KOSEPELE EA BOGNOSTIC

Lekhetlo la pele moo ho buuoang ka buka ena e bitsoang “Kosepele ea Judase” ke libukeng tsa Irenaeus, mobishopo oa Lyons ea phetseng lekholong la bobeli la lilemo mehleng ea Kreste. Bukeng e bitsoang Against Heresies, Irenaeus o ngola ka se seng sa lihlopha tse ngata tseo a hanyetsang lithuto tsa tsona, o re: “Se bolela hore Judase oa lehlabaphio o ne a tseba lintho tsena ka botlalo ebile ke eena feela ea neng a tseba ’nete a ba a phethahatsa sephiri sa ho eka Jesu. Ke eena ea ileng a ferekanya lintho tsohle leholimong le lefatšeng. Se ile sa ngola leshano lena eaba se re ke Kosepele ea Judase.”

“Kosepele ena ha ea ngoloa mehleng ea Judase ke motho ea ka bolelang hore o ne a hlile a mo tseba”

Irenaeus o ne a ikemiselitse haholo-holo ho hanyetsa lithuto tse fapaneng tsa Bakreste ba Bognostic, ba neng ba ipolela hore ba na le tsebo e khethehileng. Ho ne ho e-na le lihlopha tse ngata tse neng li ipitsa Magnostic ’me sehlopha se seng le se seng se ne se hlalosa “’nete” ka tsela ea sona. Magnostic a ile a ntšetsa pele lithuto tsa ’ona tse neng li thehiloe libukeng tsa tsona ’me li ile tsa ata lilemong tsa bo-200.

Hangata libuka tsena tsa Bognostic li ne li bolela hore baapostola ba neng ba hlaheletse ba Jesu ba ne ba sa utloisise molaetsa oa hae ’me ho ne ho e-na le thuto ea sephiring eo Jesu a neng a e ruta empa e utloisisoa ke ba itseng feela. * Ba bang ba bolumeli bona ba ne ba lumela hore ho phela lefatšeng ho tšoana le ho phela chankaneng. Kahoo “’mōpi molimo” oa Mangolo a Seheberu e ne e le molimo ea tlaasana ha a bapisoa le melimo e phahameng eo ba neng ba lumela ho eona. Ba ne ba lumela hore motho ea nang le “tsebo” ea ’nete o ne a utloisisa “sephiri” seo ’me a utloisisa hore motho o lokela hore a pholohe ’meleng oa hae oa nama.

“Kosepele ea Judase” e thehiloe tumelong eo. Selelekela sa eona se re: “Sena ke sephiri seo Jesu a ileng a se bolella Judase Iskariota ka matsatsi a robeli, a ileng a fihla qetellong matsatsi a mararo pele a keteka Paseka.”

Na buka ee ke eona eo Irenaeus a ileng a ngola ka eona, eo ho thoeng e ne e lahlehile ka lilemo tse makholo? Marvin Meyer, eo e neng e le setho sa sehlopha sa pele se ileng sa hlahloba le ho fetolela buka ena, o re “tlhaloso ea Irenaeus e tšoana hantle le se leng bukeng ena ea Secopt e teng hona joale e bitsoang Gospel of Judas.”

KAMOO JUDASE A HLALOSOANG KATENG KOSEPELENG ENA—KE KHANG HAR’A LITSEBI

Ha u bala “Kosepele ea Judase,” e bontša Jesu a tšeha barutuoa ba hae ka ho phoqa ka lebaka la hore ba hloka tsebo. Empa Judase ke eena feela har’a baapostola ba 12 ea bontšang kutloisiso ea hore na ha e le hantle Jesu e ne e le mang. Kahoo Jesu o bolella eena feela “liphiri tsa ’muso.”

Sehlopha sa pele sa litsebi se ileng sa fetolela buka ena bocha se ile sa susumetsoa ke seo Irenaeus a se buileng. Phetolelong ea bona, Jesu o rata Judase hobane ke eena feela morutuoa ea neng a utloisisa liphiri le ea tla “finyella” “’musong.” Baapostola ba thetsitsoeng ba ne ba tla batla motho ea tla nkela Judase sebaka, empa e ne e tla ba “moea oa bo13” o neng o tla “phahamela [baapostola ba bang]” hobane Jesu o re, “’mele oo ke o apereng u tla o etsa sehlabelo.”

Bangoli ba hloahloa ba kang Bart Ehrman le Elaine Pagels bao hape e leng litsebi tsa Bokreste ba  pele le Bognostic, kapele ba ile ba phatlalatsa seo ba se hlahlobileng le litlhaloso tsa bona ka “Kosepele ea Judase” e neng e tšoana haholo le phetolelo e neng e entsoe ke litsebi tsa pele. Leha ho le joalo, kapele ka mor’a moo, litsebi tse ling tse kang April DeConick le Birger Pearson, li ile tsa ipelaetsa. Tsa bolela hore Mokhatlo oa National Geographic o ile oa potlakela ho phatlalatsa buka ena ea boholo-holo e le hore feela e hlahelle khasong ea litaba. Ho feta moo, li ipelaetsa ka hore ha hoa ka ha lateloa mecha e nepahetseng ea ho hlahlobisisa sengoliloeng seo ’me sehlopha se ne se lokela ho saenela tumellano ntle le bomenemene.

Har’a litsebi tse neng li hlahlobisisa buka ena, ha ho na tse ileng tsa bolela hore e fupere boitsebiso ba histori bo nepahetseng

Le hoja DeConick le Pearson ba ne ba sa sebetse ’moho, ba ile ba fihlela qeto e tšoanang ea hore likarolo tse ling tsa bohlokoa likhechaneng tsa buka eo ea boholo-holo ha lia fetoleloa ka tsela e nepahetseng ea litsebi tsa pele. Ho latela phetolelo e ncha ea DeConick, e bontša hore Jesu o ile a re Judase ke “Modemona oa Bo13” eseng “moea oa bo13.” * Hape Jesu o ile a bolella Judase sefahla-mahlo hore a ke ke a nyolohela “’musong.” Jesu ha aa ka a ‘akarelletsa’ barutuoa ba bang ha a ne a bua le Judase a re: “U tla etsa ntho e mpe ho ba feta kaofela. Kaha ’mele oo ke o apereng u tla o etsa sehlabelo.” Ho ea ka maikutlo a DeConick, “Kosepele ea Judase” ke nketsisane ea Bognostic ba khale, e somang baapostola. Qeto e tiileng eo DeConick le Pearson ba e fihletseng ke hore “Kosepeleng ea Judase,” ho hang Judase hase mohale.

RE KA ITHUTA ENG “KOSEPELENG EA JUDASE”?

Ebang Judase oa kosepele ee o ne a nkoa e le mohale kapa modemona, har’a litsebi tse neng li hlahlobisisa buka ena, ha ho na tse ileng tsa bolela hore e fupere boitsebiso ba histori bo nepahetseng. Bart Ehrman o re: “Hase Kosepele e ngotsoeng ke Judase, leha e le mang ea ipolelang hore ke Judase. . . . Kosepele ena ha ea ngoloa mehleng ea Judase ke motho ea ka bolelang hore o ne a hlile a mo tseba . . . Kahoo, hase buka e ka re fang boitsebiso bo eketsehileng ka seo ha e le hantle se etsahetseng bophelong ba Jesu.”

“Kosepele ea Judase” ke buka ea Bognostic e ngotsoeng lekholong la bobeli la lilemo la mehla ea kajeno, eo qalong e ileng ea ngoloa ka Segerike. Litsebi li ntse li sa nepisise hantle hore na ebe “Kosepele ea Judase” e nchafalitsoeng e tšoana hantle le se neng se boletsoe ke Irenaeus kapa che. Empa “Kosepele ea Judase” e fana feela ka bopaki bo qaqileng le ba bohlokoa nakong ea ha ba ipitsang Bakreste ba ne ba tsekoloha e ba lihlotšoana tse ngata tse hlōlisanang ka lithuto tsa bolumeli. Ho fapana le hore “Kosepele ea Judase” e bontše hore Bibele e fositse, ha e le hantle, e ile ea tiisa bonnete ba litemoso tsa baapostola, tse kang eo Pauluse a e tlalehileng ho Liketso 20:29, 30, ha a re: “Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe . . . har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.”

^ ser. 11 Hangata likosepele tsena li bitsoa ka batho bao ho thoeng ba ne ba e-na le kutloisiso e molemo ea lithuto tsa ’nete tsa Jesu, joaloka tabeng ea “Kosepele ea Thomase” le “Kosepele ea Maria Magdalena.” Ho se ho fumanoe libuka tse joalo tsa boholo-holo tse ka bang tse 30.

^ ser. 18 Litsebi tse ileng tsa amohela hore Judase ke modemona tabeng eo e ngotsoeng—eena eo ho thoeng o utloisisa ka botlalo hore na Jesu ke mang—li ile tsa hlokomela ho tšoana ho tlalehong ea Kosepele ea Bibele kamoo bademona ba neng ba tseba Jesu kateng.—Mareka 3:11; 5:7.