Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moshe—O ne a E-na le Tumelo

Moshe—O ne a E-na le Tumelo

TUMELO KE ENG?

Joalokaha le boletsoe ka Bibeleng, lentsoe “tumelo” le akarelletsa ho lumela ka tieo ntho e nang le bopaki bo tiileng. Motho ea lumelang ho Molimo o kholisehile hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa Hae.

MOSHE O ILE A BONTŠA TUMELO JOANG?

Moshe o ile a phela ka tsela e bontšang hore o lumela litšepiso tsa Molimo. (Genese 22:15-18) O ne a e-na le monyetla oa ho phela bophelo bo mabothobotho Egepeta, empa o ile a tela bophelo boo, “a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana.” (Baheberu 11:25) Na Moshe o ne nkehile maikutlo ha a etsa qeto eo ’me na o ne a tla ikoahlaea hamorao? Che, hobane Bibele e re Moshe o ile a “tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheberu 11:27) Moshe ha aa ka a ikoahlaela liqeto tseo a ileng a li etsa.

Moshe o ile a loanela ho thusa batho ba bang hore ba be le tumelo e matla. Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala ha Baiseraele ba ne ba bona eka ba qabeletsoe pakeng tsa lebotho la Faro le Leoatle le Lefubelu. Ba tšositsoe ke seo ho neng ho bonahala eka ke tlokotsi e ntseng e atamela, Baiseraele ba ile ba ipiletsa ho Jehova le ho Moshe. Moshe o ne a tla etsa’ng?

E ka ’na eaba Moshe o ne a sa tsebe hore Molimo o ne a le mothating oa ho arola Leoatle le Lefubelu ’me a pholose Baiseraele. Leha ho le joalo, Moshe o ne a kholisehile hore Molimo o tla etsa ho hong ho sireletsa batho ba Hae. Moshe o ne a batla hore Baiseraele ba habo ba be le tumelo e tšoanang. Bibele e re: “Moshe a re ho sechaba: ‘Le se ke la tšoha. Emang le tiile ’me le bone poloko ea Jehova, eo a tla le etsetsa eona kajeno.’” (Exoda 14:13) Na Moshe o ile a khona ho thusa Baiseraele ba habo hore ba be le tumelo e matla? Ho joalo, kaha Bibele ha e bue ka Moshe feela empa e bua le ka Baiseraele bohle, ha e re: “Ka tumelo ba ile ba feta har’a Leoatle le Lefubelu joalokaha eka ke moo ho omileng.” (Baheberu 11:29) Tumelo ea Moshe ha ea ka ea tsoela eena feela molemo empa e ile ea thusa le bohle ba ileng ba bontša tumelo joaloka eena.

RE ITHUTA’NG?

Re ka etsisa Moshe ka hore re phele ka tsela e bontšang hore re lumela litšepiso tsa Molimo. Ka mohlala, Molimo o tšepisa hore o tla re fa lintho tseo re li hlokang haeba ntho e tlang pele bophelong ba rōna e le ho mo sebeletsa. (Matheu 6:33) Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata hore re se ke ra hahamalla maruo hobane ke eona ntho eo batho ba bangata ba amehileng ka eona mehleng ena. Empa re ka kholiseha hore haeba re sa ikimetse ka lintho tse ngata, Jehova o tla re fa lintho tsohle tseo re li hlokang. O re tiisetsa sena: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—Baheberu 13:5.

Le rōna re lokela ho thusa batho ba bang hore ba be le tumelo e matla. Ka mohlala, batsoali ba bohlale baa hlokomela hore ba na le monyetla o moholo oa hore ba thuse bana ba bona ho ba le tumelo ho Molimo. Ha bana ba ntse ba hōla, ba lokela ho rutoa hore Molimo o teng le hore o re behela melao ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ho feta moo, batsoali ba lokela ho etsa hore bana ba utloisise hore ho latela melao ea Molimo ke ntho e molemo ka ho fetisisa. (Esaia 48:17, 18) Batsoali ba fa bana ba bona mpho ea bohlokoa ha ba ba thusa ho ba le tumelo ea hore Molimo “o teng ’me o putsa ba mo batlang e le kannete.”—Baheberu 11:6, Holy Bible—Easy-to-Read Version.