Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moshe—O ne a Ikokobelitse

Moshe—O ne a Ikokobelitse

BOIKOKOBETSO KE ENG?

Boikokobetso bo bolela ho se ikhohomose kapa ho se ikakase. Motho ea ikokobelitseng o nka batho ba bang ba mo phahametse. Motho ea ikokobelitseng o boetse oa inyenyefatsa, ho bolelang hore oa hlokomela hore ha a phethahala ’me o tseba mefokolo ea hae.

MOSHE O ILE A BONTŠA BOIKOKOBETSO JOANG?

Moshe ha aa ka a lumella bolaoli boo a neng a bo filoe hore bo mo mathele hloohong. Hangata, ha motho a fumana maemo, ho bonahala kapele hore na o ikokobelitse kapa oa ikhohomosa. Sengoli sa lekholong la bo19 la lilemo, Robert G. Ingersoll, se ile sa re: “Batho ba bangata ba khona ho mamella mathata. Empa u tla tseba hore na motho ke oa mofuta ofe ha a fuoa bolaoli.” Tabeng eo, Moshe o ile a beha mohlala o babatsehang oa boikokobetso. Joang?

Moshe o ile a fuoa matla a maholo a bolaoli, hobane Jehova o ile a mo laela hore e be moeta-pele oa Baiseraele. Leha ho le joalo, matla ao Moshe a ileng a a fuoa ha aa ka a etsa hore a ikhohomose. Ka mohlala, nahana ka tsela eo a ileng a bontša boinyenyefatso ka eona ha a ne a lokela ho araba potso e thata e mabapi le ho aba lefa. (Numere 27:1-11) Potso eo e ne e le boima kaha qeto eo e ne e tla sebelisoa le ho meloko e tlang.

Moshe o ne a tla arabela joang? Na o ne a tla nahana hore kaha ke moeta-pele oa Baiseraele, o na le tokelo ea ho etsa qeto tabeng eo? Na o ne a tla itšetleha ka bokhoni ba hae, tsebo eo a bileng le eona ka lilemo tse ngata kapa kamano e haufi eo a neng a e-na le eona le Jehova?

Mohlomong motho ea ikhohomosang a ka be a ile a etsa joalo. Empa e seng Moshe. Tlaleho ea Bibele e re: “Moshe [a] hlahisa taba . . . ka pel’a Jehova.” (Numere 27:5) Nahana feela! Esita le ka mor’a lilemo tse 40 a etella sechaba sa Iseraele pele, Moshe ha aa ka a itšetleha ka bohlale ba hae empa o ile a itšetleha ka Jehova. Tabeng ena, re bona ka ho hlaka hore ka sebele Moshe e ne e le motho ea ikokobelitseng.

Moshe ha aa ka a nahana hore ke eena feela ea lokelang ho fuoa bolaoli. O ile a thaba ha Jehova a lumella Baiseraele ba bang hore e be baprofeta. (Numere 11:24-29) Ha mohoe oa hae a mo eletsa hore a khethe banna ba neng ba ka mo thusa ho etsa mosebetsi, ka boikokobetso Moshe o ile a amohela keletso eo. (Exoda 18:13-24) Ha a se a tsofetse, le hoja a ne a ntse a le matla ’meleng, Moshe o ile a kōpa Jehova hore a khethe motho ea tla mo hlahlama. Ha Jehova a khetha Joshua, Moshe o ile a tšehetsa mohlankana eo ka hohle-hohle ’me a khothalletsa sechaba hore se latele Joshua ho ea Naheng e Tšepisitsoeng. (Numere 27:15-18; Deuteronoma 31:3-6; 34:7) Ha e le hantle, Moshe o ne a thabela tokelo ea ho etella Baiseraele pele borapeling. Empa ha aa ka a nka bolaoli boo a neng a bo filoe e le ba bohlokoa ho feta thabo ea batho ba bang.

RE ITHUTA’NG?

Ha re batle ho lumella hore bokhoni boo re nang le bona kapa matla a bolaoli ao re a filoeng a re mathele hloohong. Hopola: E le hore Jehova a re sebelise, boikokobetso ke ba bohlokoa ho feta bokhoni ba rōna. (1 Samuele 15:17) Haeba kannete re le batho ba ikokobelitseng, re tla leka ka hohle ho sebelisa keletso ena e bohlale ea Bibele, e reng: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.”—Liproverbia 3:5, 6.

Mohlala oa Moshe o boetse o re ruta hore re se ke ra nka maemo a rōna kapa bolaoli boo re nang le bona e le ba bohlokoa ka ho fetisisa.

Na mohlala oa Moshe oa boikokobetso o ka re tsoela molemo? Ha ho pelaelo hore o ka re tsoela molemo. Ha re bontša boikokobetso ba ’nete, ho ba bonolo hore batho ba bang ba phelisane le rōna le ho re rata. Habohlokoa le ho feta, Jehova Molimo eo le eena a bontšang tšobotsi ena e ntle o tla re rata. (Pesaleme ea 18:35) “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Petrose 5:5) Ruri sena se lokela ho re susumetsa hore re bontše boikokobetso joaloka Moshe!