Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | BIBELE E RUTA’NG?

Molimo o Etsa Litokisetso Tsa ho Pholosa Batho

Molimo o Etsa Litokisetso Tsa ho Pholosa Batho

Molimo o ile a tšepisa Abrahama ea neng a tšepahala hore “peō” e tšepisitsoeng e ne e tla ba e mong oa litloholo tsa hae. Ka motho eo a le mong, batho ba “lichaba tsohle” ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso. (Genese 22:18) Hamorao Jakobo, setloholo sa Abrahama, o ile a fallela Egepeta, moo lelapa la hae le ileng la ikatisa ’me ea e-ba sechaba sa Iseraele ea boholo-holo.

Hamorao, Faro oa mohatelli oa Egepeta, o ile a etsa Baiseraele makhoba ho fihlela ha Molimo a khetha moprofeta Moshe, ea ileng a etella sechaba pele ho se ntša naheng eo ka tsela e ileng ea buleha ka mohlolo Leoatleng le Lefubelu. Ka mor’a moo, Molimo o ile a fa Baiseraele melao e neng e tla ba tataisa le ho ba sireletsa, hammoho le Melao e Leshome. E ne e le melao e tobileng mabapi le nyehelo ea tšoarelo ea libe. Molimo o ile a bululela Moshe hore a bolelle Baiseraele hore o ne a tla ba romela moprofeta e mong. Moprofeta eo e ne e tla ba “peō” e tšepisitsoeng.

Lilemo tse fetang makholo a mane hamorao, Molimo o ile a tšepisa Morena Davida hore ea tlang, e leng “peō” e boletsoeng esale pele Edene, o tla busa pusong e tla ba teng ka ho sa feleng. Eo e ne e tla ba Mesia, Mopholosi ea khethiloeng ke Molimo hore a pholose batho le ho etsa hore lefatše e be Paradeise.

A sebelisa Davida le baprofeta ba bang, Molimo o ile a ’na a senola ho eketsehileng ka Mesia. Ba ile ba bolela hore o ne a tla ikokobetsa a be mosa ’me tlas’a puso ea hae tlala, ho hloka toka le lintoa li tla fela. Batho ba tla phelisana ka khotso ba be ba phelisane ka khotso le liphoofolo. Ho kula, bohloko le lefu—e leng lintho tseo ho tloha qalong e neng e sa ka ea e-ba morero oa Molimo—li tla fela ’me batho ba shoeleng ba tla phela hape lefatšeng.

Molimo o ile a bolela esale pele a sebelisa moprofeta Mikea hore Mesia o tla tsoalloa Bethlehema ’me a sebelisa moprofeta Daniele ho bolela hore hamorao o ne a tla bolaoa. Empa Molimo o ne a tla tsosa Mesia bafung ’me a mo khethe hore e be Morena leholimong. Daniele o ile a bona esale pele hore qetellong ’Muso oa Mesia o tla nkela mebuso e meng eohle sebaka. Na Mesia o ile a tla ho latela kamoo ho neng ho profetiloe kateng?

Sena se thehiloe ho Genese, khaolo ea 22-50, le ho Exoda, Deuteronoma, 2 Samuele, Lipesaleme, Esaia, Daniele, Mikea, Zakaria 9:9.