Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | MASHANO A ETSANG HORE MOLIMO A SE KE A RATEHA

Batho ba Thatafalloa ke ho Rata Molimo

Batho ba Thatafalloa ke ho Rata Molimo

“‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele.”Jesu Kreste, 33 C.E. *

Batho ba bang ba fumana ho le thata ho rata Molimo. Ba nka hore Molimo a ke ke a utloisisoa, o hōle le batho kapa o sehlōhō. Hlokomela seo ba bang ba se buang:

  • “Ke ne ke rapela Molimo hore a nthuse empa ka nako e tšoanang, ke ne ke ikutloa eka o hōle hoo thapelo ea ka e ke keng ea fihla ho eena. Ke ne ke sa nahane hore Molimo ke motho ea nang le maikutlo.”—Marco oa Italy.

  • “Le hoja ke ne ke batla ho sebeletsa Molimo e le kannete, o ne a bonahala a le hōle. Ke ne ke nahana hore ke Molimo ea sehlōhō ea batlang feela ho utloisa batho bohloko. Ke ne ke sa lumele hore o na le kutloelo-bohloko.”—Rosa oa Guatemala.

  • “Ha ke sa le ngoana, ke ne ke lumela hore Molimo o ne a batlana le liphoso tsa rōna, a lula a itokiselitse ho re fa kotlo ha re etsa liphoso. Hamorao, ke ile ka mo nka e le motho ea hōle, ea sa atameleheng. Molimo o ne a tšoana le mopresidente ea tsamaisang litaba tsa sechaba—empa ha e le hantle a se na taba le sona.”—Raymonde oa Canada.

U nahana’ng? Na Molimo ha a ratehe? Bakreste ba ’nile ba botsa potso eo ka lilemo tse makholo. Ha e le hantle, ho tloha lilemong tsa bo-500 ho ea ho bo-1500 C.E., batho ba bangata ba neng ba ipitsa Bakreste ba ne ba sa rapele Molimo ea Matla ’Ohle. Hobane’ng? Batho ba ne ba mo tšaba lebekebeke. Rahistori Will Durant o re: “Moetsalibe ea sa reng letho a ka atamela joang teroneng e tšosang le e hōle hakaale?”

Ho tlile joang hore batho ba nke hore Molimo o oa “tšosa ebile o hōle”? Ha e le hantle, ke’ng seo Bibele e se rutang ka Molimo? Na ho ithuta ’nete ka Molimo ho ka u thusa hore u mo rate?