Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?

Na Batho ba Tla Senya Lefatše ka ho Feletseng?

“Moloko oa ea, ’me moloko oa tla; empa lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—MORENA SOLOMONE, LILEMONG TSA BO-1100 *

Mongoli enoa oa mehleng ea boholo-holo o ne a sa utloisise hore na ha lefatše le le teng ka ho sa feleng, ke hobane’ng ha batho ba phela nako e khutšoanyane. Leha ho le joalo, ka lilemo tse likete, ho ’nile ha phela meloko e mengata ea batho lefatšeng empa le tsitsitse ebile le sa ntse le e-na le bokhoni ba ho jara lintho tse phelang.

Ho bile le liphetoho tse ngata lefatšeng ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Ka lilemo tse ka bang 70 feela, ho bile le liphetoho tse ikhethang litabeng tsa lipalangoang, tsa puisano le tsa theknoloji ’me li tlisitse liphetoho tse khōlō moruong. Hona joale batho ba bangata ba phela bophelo boo pele e neng e le toro feela. Ho sa le joalo, palo ea baahi ba lefatše e batla e imenne ka makhetlo a mararo.

Leha ho le joalo, liphetoho tsena li bile le liphello tse bosula. Li sentse tsela ea tlhaho eo lefatše le sebetsang ka eona. Ha e le hantle, borasaense ba bang ba re batho ba sentse lefatše hoo re seng re fihlile boemong bo bitsoang Anthropocene.

Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba tla ‘senya lefatše.’ (Tšenolo 11:18) Batho ba bang ba ipotsa hore na ebe re phela nakong eo. Na batho ba tla ’ne ba tsoele pele ho senya lefatše? Kapa na ba sa tla ke ba emise? Ha e le hantle, na batho ba tla senya lefatše ka ho feletseng?

 NA LE TLA SENNGOA HO EA HO ILE?

Na lefatše le lebile boemong boo le ke keng la lokisoa? Bo-rasaense ba bang ba nahana hore ho ka ba thata ho tseba liphello tsa liphetoho tseo. Kahoo, ba tšoenyehile ka hore boemo ba leholimo bo ka fetoha ka tšohanyetso ’me ba baka tšenyo e khōlō.

Ka mohlala, nahana ka sebaka se leqhoa sa Antarctic Bophirimela. Batho ba bang ba lumela hore haeba ho futhumala ha lefatše ho tsoela pele, ho ka etsahala hore leqhoa lena le qhibilihe ka ho feletseng. Lebaka ke hore ka tlhaho, leqhoa ha le monye mahlaseli a letsatsi. Empa ha leqhoa le ntse le qhibiliha, metsi a ka tlas’a lona a qetella a hlaheletse. Kaha leoatle le lefifi, le monya mocheso o mongata ’me le qhibilihisa leqhoa. Ho ka ’na ha e-ba thata ho thibela tšenyo ena. Ha metsi ana a leoatle a qhibilihileng a ntse a eketseha, sena se ka bakela batho ba limilione tse makholo koluoa.

TŠENYO EA LIRAFSHOA E NTSE E HLOA MEKOALABA

Ho ’nile ha etsoa meralo e fapaneng e le ho leka ho sebetsana le bothata bona bo aparetseng lefatše. O mong oa meralo e tla tsoela pele ka nako e telele ke ntlafatso ea moruo le tšebelisano tabeng ea tikoloho. Ho bile le liphello life?

Ka masoabi, lefatše le maqakabetsing ka lebaka la tšebeliso e mpe ea lirafshoa. Batho ba qeta lirafshoa. Na ho na le se ka etsoang? Rasaense e mong o ile a re: “Ha re tsebe mokhoa o nepahetseng oa ho hlokomela lefatše.” Boemo bona bo lumellana le mantsoe a Bibele a reng: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re tiisetsa hore Molimo e leng eena ’Mōpi, a ke ke a lumella batho hore ba qete lirafshoa ka ho feletseng. Pesaleme ea 115:16 e re: “Lefatše o le file bara ba batho.” Ka sebele lefatše ke ‘mpho e molemo’ e tsoang ho Ntate oa rōna ea leholimong. (Jakobo 1:17) Na re ne re ka lebella hore Molimo a re fe mpho eo re tla e sebelisa ka nakoana? Le ha nyenyane! Seo se bonahala hantle tseleng eo lefatše le entsoeng ka eona.

 SEO ’MŌPI A RERANG HO SE ETSA

Genese e re bolella kamoo Molimo a ileng a bōpa lefatše ka hloko kateng. Qalong “lefatše le ne le se na sebōpeho ebile le se na letho ’me lefifi le ne le le holim’a boliba.” Leha ho le joalo, e bua ka tsela e tobileng hore “metsi”, ao re a hlokang e le hore re phele, a ne a le teng lefatšeng. (Genese 1:2) Ka mor’a moo Molimo o ile a re: “Leseli le ke le be teng.” (Genese 1:3) Ho hlakile hore mahlaseli a letsatsi a ile a phunyelletsa sepakapakeng eaba ka lekhetlo la pele lefatše le ba le khanya. Ka mor’a moo, Bibele e bua ka ho etsoa ha maoatle le hore ho ile ha e-ba le sebaka se omileng. (Genese 1:9, 10) Eaba ho hlaha “joang, limela tse behang peō ho ea ka mefuta ea tsona le lifate tse behang litholoana.” (Genese 1:12) Lintho tse hlokahalang e le hore bophelo bo tsoele pele tse kang, photosynthesis le tsona li ile tsa e-ba teng. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a etsa lintho tsee tsohle?

Moprofeta Esaia o ile a re Molimo ke “Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.” (Esaia 45:18) Ho hlakile hore Morero oa Molimo ka lefatše ke hore batho ba lule ho lona ka ho sa feleng.

Ka masoabi, batho ba sentse mpho ena e ntle eo Molimo a re fileng eona. Leha ho le joalo, morero oa ’Mōpi ha o e-s’o fetohe. Monna e mong oa mehleng ea boholo-holo o ile a re: “Molimo hase motho hore a bue mashano, hape hase mora oa moloko oa batho hore a ikoahlaee. Ha a buile na a ke ke a ho etsa?” (Numere 23:19) Ha e le hantle, Molimo a ke ke a lumela hore lefatše le senngoe, ho e-na le hoo, nako ea hore a ‘felise ba senyang lefatše’ e atamela ka potlako.—Tšenolo 11:18.

RE TLA LULA LEFATŠENG KA HO SA FELENG

Thutong e tsebahalang ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5) Hamorao thutong eo, Jesu o ile a bolela hore na lefatše le tla pholosoa joang tšenyehong. O ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e  etsahala leholimong.” Ka sebele, ’Muso oa Molimo o tla phetha morero oa Molimo ka lefatše.—Matheu 6:10.

Ha Molimo a bua ka liphetoho tse hlollang tseo ’Muso o tla li tlisa, o re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšenolo 21:5) Na see se bolela hore Molimo o tla bōpa lefatše le leng? Che, hobane ha ho letho le phoso ka lefatše. Ho e-na le hoo, Molimo o tla felisa batho ba bakileng tšenyo ena, “ba senyang lefatše,” e leng mebuso ea hona joale. Mebuso ena e tla nkeloa sebaka ke “leholimo le lecha le lefatše le lecha,” e leng ’Muso o mocha oa Molimo o leholimong, ’me o tla busa sechaba se secha lefatšeng.—Tšenolo 21:1.

E le ho lokisa tšenyo e entsoeng lefatšeng, Molimo o tla nchafatsa lefatše hore le be le lirafshoa tse lekaneng. Mopesaleme o ile a hlalosa seo Molimo a tla se etsa ka mantsoe ana: “U lebisitse tlhokomelo ea hao lefatšeng, e le hore u ka le fa nala; U le entša haholo.” Kaha boemo ba leholimo bo tla be bo ntlafetse ’me Molimo a hlohonolofalitse lefatše, e tla ba paradeise ’me le behe lijo tse ngata.—Pesaleme ea 65:9-13.

Mofu Mohandas Gandhi eo e neng e le moeta-pele oa bolumeli oa India o ile a re: “Lefatše le na le lihlahisoa tse lekaneng ho khotsofatsa seo motho e mong le e mong a se hlokang eseng seo a se batlang.” ’Muso oa Molimo o tla felisa mohloli oa mathata a lefatše ka hore o fetole lipelo tsa batho. Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore tlas’a puso ea ’Muso, batho ba ‘ke ke ba ntša kotsi leha e le efe kapa ba baka tšenyo leha e le efe’ ho batho ba bang kapa lefatšeng. (Esaia 11:9) Ha e le hantle, kajeno batho ba limilione ba litso tsohle le maemo ’ohle ba se ba ntse ba ithuta melao ea Molimo e phahameng. Ba rutoa hore ba rate Molimo le moahelani, ba be le moea oa ho leboha, ba hlokomele tikoloho, ba baballe lirafshoa le hore ba phele tumellanong le morero oa ’Mōpi ka batho le lefatše. Ba lokisetsoa ho phela lefatšeng la paradeise.—Moeklesia 12:13; Matheu 22:37-39; Bakolose 3:15.

Molimo a ke ke a lumella hore lefatše le letle hakana le senngoe ka ho feletseng

Ha tlaleho ea pōpo e ho Genese e lihela likhala e re: “Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.” (Genese 1:31) Ka sebele, Molimo a ke ke a lumella hore lefatše le letle hakana le senngoe ka ho feletseng. Re tšelisoa ke ho tseba hore bokamoso ba lefatše bo tlhokomelong ea ’Mōpi oa rōna ea lerato e leng Jehova Molimo. O tšepisa hore “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) E se eka u ka ba har’a “ba lokileng” ba tla phela lefatšeng ka ho sa feleng.