Letšoao la 666 le Bolela’ng?
Karabo ea Bibele
Ho ea ka buka ea ho qetela ka Bibeleng, letšoao la 666 ke palo, kapa lebitso la sebata se neng se na le lihlooho tse supileng le manaka a leshome se tsoang ka leoatleng. (Tšenolo 13:1, 17, 18) Sebata sena se tšoantšetsa mekhatlo ea lipolotiki ea lefatše lohle, e busang “moloko o mong le o mong le batho ba bang le ba bang le leleme le leng le le leng le sechaba se seng le se seng.” (Tšenolo 13:7) Lebitso 666 le tšoaea mekhatlo ea lipolotiki e hlolehileng ka ho feletseng mahlong a Molimo. Joang?
Hase letšoao feela. Mabitso a tsoang ho Molimo a na le moelelo. Ka mohlala, Molimo o ile a reha motho eo lebitso la hae e neng e le Abrame, e bolelang “Ntate ea Phahameng (ea Tlotlisoang),” hore e be Abrahama, e bolelang “Ntate oa Bongata (oa letšoele),” ha Molimo a ne a tšepisa hore O tla etsa Abrahama hore e be “ntat’a lichaba tse ngata.” (Genese 17:5, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ka ho tšoanang, Molimo o ile a reha sebata 666 e le letšoao le hlalosang seo se ka se etsang.
Palo tšelela e emela ho se phethahale. Hangata lipalo li sebelisoa ho tšoantšetsa ntho e itseng ka Bibeleng. Ka ho tšoanang, palo supa e emela ho fella kapa phetheho. Kaha palo tšelela e haella ka ’ngoe feela hore e etse supa, e ka emela ntho e sa fellang kapa e nang le sekoli mahlong a Molimo ’me e ka amahanngoa le lira tsa Molimo.—1 Likronike 20:6; Daniele 3:1.
E phetoa hararo bakeng sa khatiso. Ka linako tse ling Bibele e hatisa taba ka ho e pheta ka makhetlo a mararo. (Tšenolo 4:8; 8:13) Kahoo lebitso 666 le hatisa ka matla ntlha ea hore Molimo o nka mekhatlo ea batho ea lipolotiki e hlolehile ka ho feletseng. E hlolehile ho tlisa khotso le tšireletseho—e leng lintho tse tla tlisoa ke ’Muso oa Molimo feela.
Letšoao la sebata
Bibele e re batho ba fumana “letšoao la sebata” hobane ba le latela “ka ho hlolloa,” ho isa boholeng ba ho le rapela. (Tšenolo 13:3, 4; 16:2) Ba etsa sena ka ho rapela le ho rorisa linaha tsa habo bona, matšoao a tsona kapa matla a sesole. The Encyclopedia of Religion e re: “Bochaba bo se bo fetohile mofuta o ka sehloohong oa bolumeli mehleng ena.” a
Letšoao la sebata le behoa joang letsohong le letona kapa phatleng ea motho? (Tšenolo 13:16) Mabapi le litaelo tsa hae ho sechaba sa Iseraele, Molimo o ile a re: “Le a tlame e le pontšo matsohong a lōna, ’me e tla ba lebanta le roaloang phatleng pakeng tsa mahlo a lōna.” (Deuteronoma 11:18) Sena se ne se sa bolele hore, Baiseraele ba lokela ho tšoaea matsoho le liphatla tsa bona ka tsela ea sebele, empa se ne se bolela hore mantsoe a Molimo a ne a tla tataisa lintho tsohle tseo ba li etsang le tseo ba li nahanang. Ka ho tšoanang, ho e-na le ho ba ntho ea sebele e kang thatho ea 666, letšoao la sebata le ne le emela batho ba neng ba lumella mekhatlo ea lipolotiki hore e laole bophelo ba bona. Batho ba nang le letšoao la sebata ba ipeha ka lehlakoreng la bahanyetsi ba Molimo.—Tšenolo 14:9, 10; 19:19-21.
a U ka boela ua bala buka ea Nationalism in a Global Era, leqepheng la 134; le ea Nationalism and the Mind: Essays on Modern Culture, leqepheng la 94.